Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/10 maq. 26-28
  • Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 2

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 2
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Histori e ka Tšeptjoang
  • Boprofeta bo ka Tšeptjoang
  • Tšepiso eo U ka e Tšepang
  • Part 2—Assyria E Sehlōhō—’Muso oa Bobeli o Moholo oa Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • ’Muso o Lebetsoeng o Hlabisitseng Bahlahlobisisi ba Bibele Lihlong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na U ne U Tseba?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Le se ke la Tšoha Moassyria
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 12/10 maq. 26-28

Buka eo U ka e Tšepang​—Karolo ea 2

Assyria Historing ea Bibele

Sehlooho sena ke sa bobeli letotong la tse supileng tse hlahang makasineng ea “Tsoha!” tse tšohlang mebuso e supileng e matla ea lefatše eo ho buuoang ka eona historing ea Bibele. Sepheo sa sona ke ho bontša hore Bibele e ka tšeptjoa le hore e bululetsoe ke Molimo ’me molaetsa oa eona o fana ka tšepo ea hore mahlomola a bakiloeng ke puso e mpe ea batho a tla fela.

HA HO ne ho buuoa ka Assyria, mohlomong batho ba Bochabela bo Hare ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba tšoha haholo. Ho latela buka ea Bibele ea Jonase, ha Molimo a ne a fa moprofeta eo kabelo ea ho ea bolela molaetsa oa kahlolo motse-moholo oa Assyria, e leng Ninive, o ile a balehela hosele! (Jonase 1:1-3) Mohlomong e ne e le ka lebaka la tsela e tšosang eo Baassyria ba neng ba tumme ka eona.

Histori e ka Tšeptjoang

Moprofeta oa Bibele ea bitsoang Nahume o ile a re Ninive ke “selao sa litau” le “motse oa tšollo ea mali.” O ile a phaella ka ho re: “Phofu ha e tlohe! Ho na le molumo oa sephali le molumo oa ho kotomana ha lebili, le pere e koatolang le koloi e tlōlang. Monna oa pere ea palameng, le lelakabe la sabole, le lehalima la lerumo, le letšoele la ba bolailoeng, le bongata bo boholo ba litopo; ’me ha ho na moo litopo li fellang teng. Ba ntse ba khoptjoa har’a litopo tsa bona.” (Nahume 2:11; 3:1-3) Na histori ea lefatše e tšehetsa tsela eo Bibele e hlalosang Assyria ea boholo-holo ka eona?

Buka e bitsoang Light From the Ancient Past e re Assyria “e ne e e-na le lebotho le sehlōhō le neng le tsebahala ka ho tšosa lira tsa lona.” Mantsoe a latelang ke a morena e mong oa Assyria ea bitsoang Ashurnasirpal II, ea ileng a ithorisa ha a bua ka tsela eo a tšoarang bahanyetsi ba hae ka eona:

“Ke ile ka haha tšiea hekeng ea motse oa hae, ka ebola letlalo la banna bohle ba morena ba fetohetseng puso, ’me ka koahela tšiea eo ka letlalo la bona; ba bang ka ba hlohlela ka har’a tšiea eo, ba bang ka ba khokhothela thupeng, . . . ka poma maoto le matsoho a ba boholong, a babusi ba neng ba neng ba fetohetse puso. . . . Ka chesa batšoaruoa ba bangata mollong, ’me ba bang ba bangata ka ba tšoara ba ntse ba phela.” Ha baepolli ba lintho tsa khale ba epa matlong a borena a Assyria ba ile ba fumana marako a khabisitsoeng ka litšoantšo tse bontšang tsela e tšosang eo batlamuoa ba neng ba tšoaroa ka eona.

Ka 740 B.C.E., Assyria e ile ea hapa Samaria, e leng motse-moholo oa ’muso o ka leboea oa Iseraele ’me ea isa batho ba eona botlamuoeng. Lilemo tse robeli hamorao, Assyria e ile ea futuhela Juda.a (2 Marena 18:13) Morena Sankeribe oa Assyria o ile a laela Morena Ezekiase oa Juda hore a ntše sethabathaba sa litalenta tse 30 tsa khauta le litalenta tse 300 tsa silevera. Tlaleho ea Bibele e bontša hore sethabathaba sena se ile sa lefshoa. Leha ho le joalo, Sankeribe o ile a tsitlella hore motse-moholo oa Juda, e leng Jerusalema, le oona o inehele ka ho feletseng ho eena.—2 Marena 18:9-17, 28-31.

Ninive, baepolli ba lintho tsa khale ba fumane tlaleho ea liketsahalo tse tšoanang le tse buang ka Sankeribe. Mantsoeng a ngotsoeng letlapeng la letsopa le nang le mahlakore a tšeletseng, morena eo oa Assyria o ithorisa ka ho re: “Ha e le Ezekiase, Mojuda, ha aa ka a ikokobelletsa joko ea ka, ke ile ka thibella metse ea hae e 46 e matla, e nang le liqhobosheane le metsana e haufi le eona e mengata ’me ka e hapa . . . Eena [Ezekiase] ka mo etsa motšoaruoa Jerusalema, sebakeng sa hae sa borena, joaloka nonyana e koaletsoeng.” Sankeribe a ntan’o bolela hore Ezekiase o ile a mo romela “litalenta tse 30 tsa khauta, tse 800 tsa silevera, majoe a bohlokoa, . . . (le) matlotlo a mefuta eohle a bohlokoa,” kahoo a feteletsa palo ea litalenta tsa silevera tseo a ileng a li fumana.

Leha ho le joalo, hlokomela hore Sankeribe ha a re o ile a hapa Jerusalema. Ha e le hantle, ha a re letho mabapi le kamoo lebotho la hae le ileng la hlōloa habohloko kateng ha Molimo a ne a kenella. Ho ea ka Bibele, lengeloi la Molimo le ile la bolaea masole a 185 000 a Assyria ka bosiu bo le bong. (2 Marena 19:35, 36) Setsebi Jack Finegan o re: “Ha ho shejoa tsela eo marena a Assyria a neng a ithorisa ka eona litlalehong tse ngotsoeng, ho hang ho ne ho ke ke ha lebelloa hore Sankeribe a tlalehe ho hlōloa ho joalo.”

Boprofeta bo ka Tšeptjoang

Lilemo tse ka bang lekholo pele ’Muso oa Assyria o oa, Esaia o ile a phatlalatsa hore Jehova Molimo o tla ahlola bahlōli bao ba ikhohomosang ka lebaka la ho nyelisa batho ba hae. Jehova o ile a re: “Ke tla ahlola litaba bakeng sa litholoana tsa nyeliso ea pelo ea morena oa Assyria le boikhantšo ba ho iphahamisa ha mahlo a hae.” (Esaia 10:12) Ho feta moo, moprofeta oa Molimo ea bitsoang Nahume o ile a bolela esale pele hore Ninive e ne e tla tlatlapuoa, liheke tsa eona li buleloe ba lireng ’me balebeli ba balehe. (Nahume 2:8, 9; 3:7, 13, 17, 19) Moprofeta e mong oa Bibele ea bitsoang Sofonia o ile a ngola hore motse oo e ne e tla ba “lesupi.”—Sofonia 2:13-15.

Boprofeta boo ba ho timetsoa ha Assyria bo ile ba phethahala ka 632 B.C.E. Seo se ile sa etsahala ha Ninive e ne e hlōloa ke mabotho a ikopantseng a Bababylona le Bamede ’me ’Muso oa Assyria o putlama ka tsela e hlabisang lihlong. Tlaleho ea histori ea Babylona e hlalosang ketsahalo eo, e re bahlōli bao “ba ile ba ikhapela lintho tse ngata tsa bohlokoa motseng le tempeleng” ’me ba fetola Ninive “thotobolo ea lesupi.” Kajeno lesupi leo e neng e kile ea e-ba Ninive ho lona le bonahala ka litutulu tse lebōpong le ka bochabela ho Nōka ea Tigris, tse bapileng le motse oa Mosul, Iraq.

Ho timetsoa ha Assyria ho ile ha boela ha tlatsetsa ho phethahaleng ha boprofeta bo bong ba Bibele. Pejana ka 740 B.C.E., Assyria e ile ea isa batho ba ’muso oa meloko e leshome botlamuoeng. Hoo e ka bang nakong eo Assyria e etsang sena, moprofeta oa Molimo, Esaia, o ile a bolela esale pele hore Jehova o ne a tla ‘roba Moassyria,’ a “mo hatakele,” ’me a khutlisetse Baiseraele naheng ea habo bona. Esaia o ile a ngola a re: “Masala a batho ba hae ba setseng Assyria . . . , [Molimo] o tla [a] bokella.” Seo ke sona se ileng sa etsahala—lilemo tse ka bang makholo a mabeli hamorao!—Esaia 11:11, 12; 14:25.

Tšepiso eo U ka e Tšepang

Nako e telele pele Ninive e oa, ha marena a eona a ntse a thothometsa ba lireng, Esaia o ile a bolela esale pele ka ho tla ha ’musi e mong ea fapaneng haholo le ao. O ile a ngola, a re: “Re tsoaletsoe ngoana, re filoe mora; ’me puso ea bohosana e tla ba lehetleng la hae. O tla rehoa lebitso la . . . Khosana ea Khotso. Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso, teroneng ea Davida le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata le ho o tšehetsa ka toka le ka ho loka, ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.”—Esaia 9:6, 7.

Puso ea “Khosana ea Khotso,” e leng Jesu Kreste, e tla busa lefatšeng lohle. Pesaleme ea 72:7, 8 e re: “Matsatsing a hae ea lokileng o tla atleha, khotso e tla ba ngata ho fihlela khoeli e se e le sieo. O tla ba le bafo ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng le ho tloha Nōkeng [ea Eufrate] ho ea lipheletsong tsa lefatše.”

Jehova Molimo o tla sebelisa ‘Khosana ena ea Khotso,’ ho phethahatsa tšepiso e ho Pesaleme ea 46:8, 9, e reng: “Tloong, le bone mesebetsi ea Jehova, kamoo a entseng liketsahalo tse makatsang lefatšeng. O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo; o chesa likoloi mollong.”

E le selelekela sa ho phethahala ha boprofeta bona ba Bibele, Lipaki Tsa Jehova li tšoara lenaneo la thuto ea Bibele le rutang batho litsela tsa khotso, joalokaha Jesu a ile a etsa. Ha e le hantle, hase batho empa ke Molimo ea tla phethahatsa boprofeta ba Bibele bo tlalehiloeng ho Esaia 2:4, bo reng: “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” Ho fapana le seo, kajeno lefatše le babusi ba lona ba sebelisa lidolara tse libilione tse likete ka selemo sesoleng!

Histori e nepahetseng le boprofeta bo bontša hore Bibele ke buka e ikhethang, e leng se bontšang batho ba batlang ’nete ka tieo hore ha e le hantle, ke buka eo re ka e tšepang. Sehloohong se latelang letotong lena la lihlooho, ho tla tšohloa Babylona ea boholo-holo, e leng motse-moholo oa ’muso oa boraro o moholo historing ea Bibele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka mor’a puso ea Morena Solomone, sechaba sa Iseraele se nang le meloko e 12 se ile sa arohana. Moloko oa Juda le oa Benjamine e ile ea theha ’muso o ka boroa; ’me e meng e leshome ea theha ’muso o ka leboea. Jerusalema e ne e le motse-moholo oa ’muso o ka boroa, ha Samaria eona e ne e le motse-moholo oa ’muso o ka leboea.

[’Mapa o leqepheng la 26]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

’MUSO OA ASSYRIA

MEDIA

ASSYRIA

Khorsabad

Ninive

Kala

Asshure

Babylona

Tigris

Eufrate

Leoatle la Mediterranean (Leoatle le Leholo)

Samaria

Jerusalema

EGEPETA

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lipoho tsa litonanahali tse nang le mapheo le hlooho ea motho li ne li lebela matlo a marena a Assyria

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Letlapa le ngotsoeng boithoriso ba Sankeribe ha a ne a hlasela Juda

[Setšoantšo se leqepheng la 26, 27]

Setšoantšo sa lejoe se bontšang batšoaruoa ba eboloa letlalo ba ntse ba phela

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 27]

Page 26, top, time line: Egyptian wall relief and bust of Nero: Photograph taken by courtesy of the British Museum; Persian wall relief: Musée du Louvre, Paris; bottom, winged bull and page 27, both images: Photograph taken by courtesy of the British Museum

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela