Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Morero oa Jehova Khahlanong le Lichaba
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 35, 36. Phethahatsong ea Esaia 19:23-25, mehleng ea boholo-holo ho ile ha e-ba le kamano efe pakeng tsa Egepeta, Assyria le Iseraele?

      35 Joale moprofeta o bona esale pele boemo bo bong bo hlollang bo fetohileng: “Letsatsing leo ho tla ba le tsela e khōlō e tsoang Egepeta e eang Assyria, ’me Assyria e tla tla Egepeta, le Egepeta e ee Assyria; ’me ka sebele li tla etsa tšebeletso, Egepeta le Assyria. Ka letsatsi leo Iseraele e tla ba ea boraro hammoho le Egepeta le Assyria, e leng, tlhohonolofatso har’a lefatše, kahobane Jehova oa mabotho o tla be a e hlohonolofalitse, a itse: ‘Ho hlohonolofatsoe sechaba sa ka, Egepeta, le mosebetsi oa matsoho a ka, Assyria, le lefa la ka, Iseraele.’” (Esaia 19:23-25) E, ka letsatsi le leng ho tla ba le kamano ea botsoalle pakeng tsa Egepeta le Assyria. Joang?

  • Morero oa Jehova Khahlanong le Lichaba
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 37. Ke joang ba limilione kajeno ba phelang joalokaha eka ho na le tsela e khōlō pakeng tsa “Assyria” le “Egepeta”?

      37 Kajeno, masala a Baiseraele ba moea ba tlotsitsoeng ke “tlhohonolofatso har’a lefatše.” A ntšetsa pele borapeli ba ’nete ’me a phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ho batho ba lichaba tsohle. Tse ling tsa lichaba tsena li tšoana le Assyria, li hlile li ikatetse sesoleng. Lichaba tse ling e batla e le tse nang le mamello haholoanyane, mohlomong joaloka Egepeta—eo ka nako e ’ngoe e kileng ea e-ba “morena oa boroa” boprofeteng ba Daniele. (Daniele 11:5, 8) Batho ba limilione ba tsoang lichabeng tse ikatetseng sesoleng le lichabeng tse batlang li e-na le mamello haholoanyane ba amohetse tsela ea borapeli ba ’nete. Kahoo, batho ba lichaba tsohle ba kopane ho ‘etseng tšebeletso.’ Ha ho na likarohano tsa bochaba har’a bona. Baa ratana, ’me ka sebele ho ka thoe ‘Assyria e tla Egepeta, le Egepeta e ea Assyria.’ Ho joalokaha eka ho na le tsela e khōlō e li kopanyang.—1 Petrose 2:17.

      38. (a) Iseraele e “ba ea boraro hammoho le Egepeta le Assyria” joang? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a re “Ho hlohonolofatsoe sechaba sa ka”?

      38 Leha ho le joalo, Iseraele e “ba ea boraro hammoho le Egepeta le Assyria” joang? Qalong ea ‘nako ea bofelo,’ bongata ba ba neng ba sebeletsa Jehova lefatšeng e ne e le litho tsa “Iseraele ea Molimo.” (Daniele 12:9; Bagalata 6:16) Ho tloha ka bo-1930, bongata bo boholo ba “linku tse ling,” bo nang le tšepo ea lefatšeng bo ’nile ba hlahella. (Johanne 10:16a; Tšenolo 7:9) Bo tsoa lichabeng—bo tšoantšetsoa ke Egepeta le Assyria—bo phallela tlung ea Jehova ea borapeli ’me bo mema ba bang hore ba ikopanye le bona. (Esaia 2:2-4) Bo etsa mosebetsi oa ho bolela o tšoanang le o etsoang ke barab’abo bona ba tlotsitsoeng, bo mamella liteko tse tšoanang, bo bonahatsa ho se sekisetse le botšepehi tse tšoanang, ’me bo jella tafoleng e tšoanang ea moea. Ka sebele, batlotsuoa le “linku tse ling” ke “mohlape o le mong, molisa [o] mong.” (Johanne 10:16b) Na ho na le motho ea ka belaellang hore Jehova o khahlisoa ke mosebetsi oa bona, ha a talima cheseho le mamello ea bona? Ha ho makatse hore ebe o phatlalatsa tlhohonolofatso ea hae ho bona, o re: “Ho hlohonolofatsoe sechaba sa ka”!

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela