Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Sebetsa le Molebeli
    Molula-Qhooa—2000 | January 1
    • 6. Molebeli oa Jehova oa boprofeta o ile a bolela litaba life tse molemo, ’me li ile tsa phethahala neng?

      6 Eo e bile tlhōlo e kaakang ea bolumeli ba bohata! Leha ho le joalo, ho phahama ha Babylona e ne e le ha nakoana. Lilemo tse ka bang 200 pele ho ketsahalo ena, Jehova o ile a laela: “E-ea, beha molebeli hore a bolele seo a se bonang.” Molebeli eo o ne a tlameha ho phatlalatsa litaba life? “E oele! Babylona e oele, ’me litšoantšo tsohle tse betliloeng tsa melimo ea eona o li robile a li lahlela fatše!” (Esaia 21:6, 9, NW) Ka sebele, ka 539 B.C.E., polelo ena ea boprofeta e ile ea phethahala. Babylona e matla e ile ea oa, ’me kapele batho ba selekane sa Molimo ba ile ba khona ho khutlela naheng ea habo bona.

  • Ho Sebetsa le Molebeli
    Molula-Qhooa—2000 | January 1
    • 13.(a)Molebeli oa Jehova o ’nile a bolela molaetsa ofe? (b) Ho ka boleloa joang hore Babylona e Moholo o oele?

      13 Molebeli eo o ile a bona eng? Molebeli oa Jehova, sehlopha sa lipaki tsa hae, o ile a boela a phatlalatsa: “E oele! Babylona e oele, ’me litšoantšo tsohle tse betliloeng tsa melimo ea eona [Jehova] o li robile a li lahlela fatše!” (Esaia 21:9, NW) Nakong ena ea ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ke Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e lihiloeng boemong ba eona bo phahameng ba bolaoli. (Jeremia 50:1-3; Tšenolo 14:8) Ha ho makatse hore ebe seo ka nako eo ho neng ho thoe ke Ntoa e Khōlō, e ile ea qala Bokreste-’mōtoaneng, moo baruti ka mahlakoreng a mabeli ba ileng ba rotetsa ntoa ka ho khothalletsa bahlankana ho ea ntoeng. Ke mahlabisa-lihlong a makaakang! Ka 1919, Babylona e Moholo e ile ea sitoa ho thibela Liithuti tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo, hore li tlohe boemong ba tsona ba ho se pake le ho qalisa letšolo la ho paka le ntseng le tsoela pele lefatšeng ka bophara. (Matheu 24:14) Seo se ile sa tšoaea ho oa ha Babylona e Moholo, hantle feela joalokaha ho lokolloa ha Iseraele lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. ho ile ha tšoaea ho oa ha Babylona ea boholo-holo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela