Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Seo re ka Ithutang Sona ka ho se Tšepahale
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 10 Esaia o hlalosa boemo bo tsoelang pele: “Likhohlo tsa hao tse khethehileng ka ho fetisisa li tla tlala likoloi tsa ntoa, ’me ruri lipere tsa ntoa li tla ema hekeng, ’me e mong o tla tlosa lesira la Juda.” (Esaia 22:7, 8a) Likoloi le lipere li tlala hohle khohlong e ka ntle ho motse oa Jerusalema ’me li itokisetsa ho hlasela liheke tsa motse. “Lesira la Juda” le tlosoang ke eng? Mohlomong ke heke ea motse, eo ho senngoa ha eona e leng letšoao la tlokotsi ho basireletsi.c Ha lesira lena la tšireletso le se le tlositsoe, motse o pepesehetse bahlaseli ba oona.

  • Seo re ka Ithutang Sona ka ho se Tšepahale
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 11 Joale Esaia o lebisa tlhokomelo boitekong ba batho ba ho itšireletsa. Ntho ea pele eo ba e nahanang—ke libetsa! “Letsatsing leo u tla ema ka nģ’a pokello ea lihlomo tsa ntlo ea moru, ’me ka sebele le tla bona makhalo a Motse oa Davida, etsoe a tla ba mangata. Le tla bokella metsi a letamo le ka tlaase.” (Esaia 22:8b, 9) Libetsa li bolokoa pokellong ea lihlomo tsa ntlo ea moru. Pokello ena ea lihlomo e ile ea hahuoa ke Solomone. Kaha e ne e hahuoe ka likedare tse tsoang Lebanone, e ile ea tsebahala ka hore ke “Ntlo ea Moru oa Lebanone.” (1 Marena 7:2-5) Ho hlahlojoa mapetso a marakong. Ho bokelloa metsi—e leng khato ea bohlokoa ea ho itšireletsa. Batho ba hloka metsi hore ba phele. Ka ntle ho oona, motse o ke ke oa ema. Leha ho le joalo, hlokomela hore ha ho thoe letho ka hore ba talima ho Jehova bakeng sa topollo. Ho e-na le hoo, ba tšepa mehloli ea bona ea tšehetso. E se eka le ka mohla re ke ke ra etsa phoso eo!—Pesaleme ea 127:1.

  • Seo re ka Ithutang Sona ka ho se Tšepahale
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • c Ka lehlakoreng le leng, “lesira la Juda” le ka ’na la bolela ntho e ’ngoe e sireletsang motse, joaloka liqhobosheane tseo ho bolokoang libetsa ho tsona le tseo masole a lulang ho tsona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela