Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Khotso—Ntho ea Sebele
    Molula-Qhooa—1989 | December 15
    • “[2] Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. [3] Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona; hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema. [4] Jehova o tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa [“lisabole,” NW] mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”

      Pele, re tlameha ho lumela hore ’Mōpi oa rōna, Jehova, o na le tokelo ea ho re rupela ‘ka litsela tsa hae,’ tseo, joalokaha Esaia a tlalehile hamorao, ‘li phahametseng litsela tsa rōna.’ (Esaia 55:9) Batho ba bangata, haholo-holo baeta-pele ba lefatše ba inkang e le ba bohlokoa, ba fumana ena e le ntho e thata ho e lumela. Ke litsela tsa bona feela tse nepahetseng mahlong a bona. Ho ntse ho le joalo, ’nete ea hore litsela tsa bona ha lia lebisa khotsong ea lefatše le ho lahloeng ha lihlomo ka sebele e bontša lefeela la ho tsoela pele ho phehella tsela e joalo.

      Taba ea bobeli, hlokomela takatso e hlokahalang e matla ea batho ea ho ipapisa le melao ea Molimo: “Re tsamaee litseleng tsa oona.” Ke feela motheong oo lisabole li tla teoa hore e be mehoma ’me marumo e be lisekele lefatšeng ka kakaretso. Pakane e joalo e laba-labeloang e ka finyelloa joang?

      Thupelo ea Molimo

      Batho ba bangata ba na le Bibele, buka e tšoereng litaelo tsa Jehova Molimo, empa ho hlokahala ho hongata ho feta ho ba le eona feela. Esaia o re molao oa Jehova le mantsoe a hae li tsoa “Jerusalema.” Hoo ho bolela eng? Mehleng ea Esaia, motse ono e ne e le hona moo matla a borena a hlahang teng moo Baiseraele bohle ba tšepahalang ba neng ba talimile teng. (Esaia 60:14) Hamorao, mehleng ea baapostola ba Jesu Kreste, Jerusalema e ne e sa ntsane e le setsi seo ho talimiloeng ho sona bakeng sa litaelo tse hlahang ho sehlopha se busang sa Bakreste motseng oo.—Liketso 15:2; 16:4.

  • Khotso—Ntho ea Sebele
    Molula-Qhooa—1989 | December 15
    • Moprofeta o bolela hore “thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba” ’me “e okamele maralla.” Mehleng ea boholo-holo, lithaba tse ling le maralla li ne li sebeletsa e le libaka tsa borapeli ba melimo ea litšoantšo le lihalalelo tsa melimo ea bohata. Ha Morena Davida a tlisa Areka e halalelang tenteng eo a neng a e hlomme Thabeng ea Sione (Jerusalema), limithara tse ka bang 760 ka holim’a leoatle, ka ho hlakileng o ile a nka bohato boo ka tataiso ea Molimo. Hamorao, ha tempele e khōlō ea Jehova e hahoa Thabeng ea Moria, lentsoe “Sione” le ile la akarelletsa sebaka sa tempele, kahoo tempele e ile ea e-ba bophahamong bo ka holimo ho ba libaka tse ling tsa bahedene tse e potolohileng. Jerusalema ka boeona e ne e boetse e bitsoa ‘thaba e halalelang’ ea hae; ka hona borapeli ba Jehova bo ile ba lula bo le sebakeng se phahamisitsoeng.—Esaia 8:18; 66:20.

      Kahoo kajeno, borapeli ba Jehova Molimo bo phahamisitsoe joaloka thaba ea tšoantšetso. Ho tuma ha bona ho ka bonoa ke bohle, kaha bo entse ho hong hoo ho seng bolumeli bo bong bo kileng ba khona ho ho etsa. Ke eng hona hoo? Bo kopantse barapeli bohle ba Jehova, bao ka thabo ba teileng lisabole tsa bona ho ba mehoma ’me ba se ba sa hlole ba ithuta ho loana. Mekoallo ea lichaba le ea merabe ha e sa ba arola. Ba phela e le batho ba kopaneng, mokhatlo oa baena, le hoja ba qhalakane ho pholletsa le lichaba tsa lefatše.—Pesaleme ea 33:12.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela