Khotso—Ntho ea Sebele
HASE ba bangata ba neng ba tla tšoaea phoso lipakaneng tse susumetsang boiteko ba Machaba a Kopaneng ba ho tiisa hore khotso e ba teng. “The World Book Encyclopedia” e re: “‘A re Teeng Lisabole e be Mehoma’ ke kamoo ho bolelang pakane ea Machaba a Kopaneng ea khotso ea lefatše,” ’me ea phaella, “Machaba a Kopaneng a na le lipakane tse peli tsa sehlooho: khotso le tlhompho ea botho.”
Mongolo o ka tlas’a setšoantšo se bontšitsoeng mona o hlapollotse mantsoe a boprofeta ba Bibele bo ho Esaia khaolo 2, temana 4. Ho latela phetolelo ea mehleng ea kajeno, a baleha tjena:
“’Me ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona e be mehoma le marumo a bona e be lisekele.” (“NW”)
Mantsoe ana a khahlehang ka sebele a ne a lokela ho susumelletsa linaha tseo e leng litho tsa mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ho tiisa hore khotso le ho lahla lihlomo li ba teng. Empa ka masoabi, ho tloha ho theoeng ha oona bofelong ba ntoa ea bobeli ea lefatše ka 1945, histori ea Machaba a Kopaneng e ’nile ea senola se fapaneng le seo. Hobane’ng? Hantle-ntle lebaka ke hore mantsoe a ka holimo a qotsitsoeng ho Esaia a ke ke a nkoa a le mang, joalokaha a ’nile a nkoa joalo ke mebuso ea batho. Taba e potolohileng mantsoe ao ke ea bohlokoa ka ho fetisisa. Hlokomela hore na hobane’ng.
Molaetsa oa Esaia
Esaia e ne e le moprofeta. O bua ka pono e khanyang ea kutloano le khotso bakeng sa batho ba merabe eohle. Hore pono ena e be ntho ea sebele, ho hlokahala hore batho ba etse ho hong. Hofe? Nahana ka se boleloang ke litemana tsa 2 le 3 kamoo li amanang ka teng le temana 4.
“[2] Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. [3] Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona; hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema. [4] Jehova o tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa [“lisabole,” NW] mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”
Pele, re tlameha ho lumela hore ’Mōpi oa rōna, Jehova, o na le tokelo ea ho re rupela ‘ka litsela tsa hae,’ tseo, joalokaha Esaia a tlalehile hamorao, ‘li phahametseng litsela tsa rōna.’ (Esaia 55:9) Batho ba bangata, haholo-holo baeta-pele ba lefatše ba inkang e le ba bohlokoa, ba fumana ena e le ntho e thata ho e lumela. Ke litsela tsa bona feela tse nepahetseng mahlong a bona. Ho ntse ho le joalo, ’nete ea hore litsela tsa bona ha lia lebisa khotsong ea lefatše le ho lahloeng ha lihlomo ka sebele e bontša lefeela la ho tsoela pele ho phehella tsela e joalo.
Taba ea bobeli, hlokomela takatso e hlokahalang e matla ea batho ea ho ipapisa le melao ea Molimo: “Re tsamaee litseleng tsa oona.” Ke feela motheong oo lisabole li tla teoa hore e be mehoma ’me marumo e be lisekele lefatšeng ka kakaretso. Pakane e joalo e laba-labeloang e ka finyelloa joang?
Thupelo ea Molimo
Batho ba bangata ba na le Bibele, buka e tšoereng litaelo tsa Jehova Molimo, empa ho hlokahala ho hongata ho feta ho ba le eona feela. Esaia o re molao oa Jehova le mantsoe a hae li tsoa “Jerusalema.” Hoo ho bolela eng? Mehleng ea Esaia, motse ono e ne e le hona moo matla a borena a hlahang teng moo Baiseraele bohle ba tšepahalang ba neng ba talimile teng. (Esaia 60:14) Hamorao, mehleng ea baapostola ba Jesu Kreste, Jerusalema e ne e sa ntsane e le setsi seo ho talimiloeng ho sona bakeng sa litaelo tse hlahang ho sehlopha se busang sa Bakreste motseng oo.—Liketso 15:2; 16:4.
Ho thoe’ng kajeno? Hlokomela hore pele a fana ka molaetsa oa hae Esaia o etsa selelekela ka polelo “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo.” Liphetolelo tse ling li re: “Matsatsing a ho qetela.” (New International Version) Ka mehla ho fanoa ka bopaki maqepheng a makasine ona ho tiisa hore re ’nile ra phela matsatsing a ho qetela a taolo ena e teng ea lefatše ho tloha ka 1914. Kahoo, re lokela ho lebella ho bona eng, ho latela litemana 3 le 4?
Letšoele le leholo la batho ba seng ba sa ithute ho loana le ba seng ba ntse ba teile ‘lisabole tsa bona ho ba mehoma.’ ’Me ruri rea ba bona! Banna, basali, le bana ba merabe eohle ba ka holimo haholo ho limillione tse tharo le halofo linaheng tse fetang 200 ba kopane hammoho ka kutloano, ba phela hammoho ka khotso ’me ba bolella baahisani ba bona molaetsa oa Bibele oa khotso. Lefatšeng ka bophara ba tsejoa e le Lipaki tsa Jehova.
Ba na le Sehlopha se Busang sa mehleng ea kajeno sa banna ba hōlileng ba Bakreste ba tsoang likarolong tse fapa-fapaneng tsa lefatše ba lebelang ka mokhoa o hlokahalang mesebetsi ea lefatše ka bophara ea batho ba Molimo. Banna bana, joaloka baapostola le banna ba hōlileng ba Jerusalema lekholong la pele la lilemo, ke litho tse tlotsitsoeng tsa sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale se khethiloeng ke Jesu ho hlokomela lithahasello tsohle tsa hae tsa ’Muso mona lefatšeng. Histori e pakile hore ba ka tšepeloa ho latela tsamaiso ea moea o halalelang le hore ha ba itšetlehe ka bohlale ba batho ha ba ruta mohlape oa Molimo litsela tsa khotso ea ’nete.—Mattheu 24:45-47; 1 Petrose 5:1-4.
Borapeli ba ’Nete
Ho ameha ho fetang tsebo feela e ka hloohong kapa esita le eona takatso ea ho phela ka litaelo tsa Molimo ntlheng ea ho phela khotsong. Boinehelo le borapeli bo tlohang pelong ba ’Mōpi oa rōna, Jehova, boa hlokahala, joalokaha Esaia a boetse a hlakisa hoo.
Moprofeta o bolela hore “thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba” ’me “e okamele maralla.” Mehleng ea boholo-holo, lithaba tse ling le maralla li ne li sebeletsa e le libaka tsa borapeli ba melimo ea litšoantšo le lihalalelo tsa melimo ea bohata. Ha Morena Davida a tlisa Areka e halalelang tenteng eo a neng a e hlomme Thabeng ea Sione (Jerusalema), limithara tse ka bang 760 ka holim’a leoatle, ka ho hlakileng o ile a nka bohato boo ka tataiso ea Molimo. Hamorao, ha tempele e khōlō ea Jehova e hahoa Thabeng ea Moria, lentsoe “Sione” le ile la akarelletsa sebaka sa tempele, kahoo tempele e ile ea e-ba bophahamong bo ka holimo ho ba libaka tse ling tsa bahedene tse e potolohileng. Jerusalema ka boeona e ne e boetse e bitsoa ‘thaba e halalelang’ ea hae; ka hona borapeli ba Jehova bo ile ba lula bo le sebakeng se phahamisitsoeng.—Esaia 8:18; 66:20.
Kahoo kajeno, borapeli ba Jehova Molimo bo phahamisitsoe joaloka thaba ea tšoantšetso. Ho tuma ha bona ho ka bonoa ke bohle, kaha bo entse ho hong hoo ho seng bolumeli bo bong bo kileng ba khona ho ho etsa. Ke eng hona hoo? Bo kopantse barapeli bohle ba Jehova, bao ka thabo ba teileng lisabole tsa bona ho ba mehoma ’me ba se ba sa hlole ba ithuta ho loana. Mekoallo ea lichaba le ea merabe ha e sa ba arola. Ba phela e le batho ba kopaneng, mokhatlo oa baena, le hoja ba qhalakane ho pholletsa le lichaba tsa lefatše.—Pesaleme ea 33:12.
Nako ea Khetho
See sohle se u ama joang? Mantsoe a moprofeta e mong oa Moheberu ke a loketseng ka ho fetisisa: “Matšoele, matšoele a ka phuleng ea khetho, hobane letsatsi la Jehova le atametse ka phuleng ea khetho.” (Joele 3:14, NW) Ke nako e potlakileng bakeng sa batho bohle ea ho etsa qeto, hore na ba ithuta litsela tsa khotso ea ’nete e tsoang ho Molimo kapa ba tsoela pele ho tšehetsa bophelo bo khothalletsang libetsa boo haufinyane bo tla fela.
Jesu o ile a bolela esale pele hore mosebetsi o moholo oa boboleli o ne o tla phethoa mehleng ea rōna. Boboleli boo bo mabapi le “litaba tse molemo” tsa hore ’Muso oa Molimo o tla tlisetsa lichaba tse tsekollotsoeng ke ntoa khotso. (Mattheu 24:14, NW) Selemong se fetileng lithuto tsa mahae tsa Bibele tsa ka mehla tse ka holimo haholo ho limillione tse tharo li ile tsa khannoa ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle. Tse ling tsa lithuto tsena tsa beke le beke li ile tsa khanneloa batho ka bomong, empa tse ngata li ile tsa tšoaroa le lihlopha tsa malapa. Mono bana ba limillione ba fuoa tšepo e tiileng bakeng sa bokamoso ba bona, ’me batsoali ba bona ba fumana tiiso ea hore lintoa, tse kang tseo ba li boneng ka mahlo kapa mohlomong ba ba ba kenella ho tsona, e ke ke ea e-ba karolo ea lefatše le lecha le entsoeng ke Jehova Molimo.
Leo e tla ba lefatše la ho tšepana le khotso tse kaakang! Ho ke ke ha hlokahala hore batho ba tšoenyehe ka ho lahla lihlomo, kaha libetsa tsa ntoa e tla be e le lintho tsa nako e fetileng. ’Me re lebisa liteboho tsohle ho Jehova, “Molimo o fanang ka khotso,” eo ka lerato a re rupelang hona joale hore re ka itokisetsa ho phela bophelo ka mokhoa o felletseng tlas’a ’Muso oa hae oa ho loka.—Ba-Roma 15:33, NW.