Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Joale le Sechaba sa Molimo”
    Molula-Qhooa—2014 | November 15
    • 17, 18. (a) Batho ba Jehova ba tla fuoa litaelo life ha Gogo a ba hlasela? (b) Re lokela ho etsa’ng haeba re batla hore Jehova a re sireletse?

      17 Ha Gogo a qala ho hlasela, Jehova o tla re ho bahlanka ba hae: “E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare, ’me u koale mamati ka mor’a hao. Ipate ka motsotsoana ho fihlela nyatso e feta.” (Esa. 26:20) Ka nako eo, Jehova o tla re fa litaelo tse tla re pholosa, ’me mohlomong ‘likamore tse ka hare’ e tla ba liphutheho tsa habo rōna.

      18 Haeba re batla hore Jehova a re sireletse matšoenyehong a maholo, ho hlokahala hore re lumele hore Jehova o na le sechaba lefatšeng se hlophisitsoeng ka liphutheho. Re lokela ho tsoela pele ho se tšehetsa ’me re lule haufi le liphutheho tsa habo rōna. E se eka re ka etsisa mopesaleme ka lipelo tsohle tsa rōna ra re: “Poloko ke ea Jehova. Tlhohonolofatso ea hao e holim’a batho ba hao.”—Pes. 3:8.

  • “Joale le Sechaba sa Molimo”
    Molula-Qhooa—2014 | November 15
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela