Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lula U Lebeletse Jehova
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 13. Baeta-pele ba Juda ba tšepile eng, hona na tšepo e joalo e loketse?

      13 Joale Esaia oa qaqisa: “Eaba le re: ‘Che, empa re tla baleha re palame lipere!’ Ke ka lebaka leo le tlang ho baleha. ‘Re tla kalla lipere tse lebelo!’ Ke ka lebaka leo ba le lelekisang ba tlang ho ba lebelo.” (Esaia 30:16) Bajuda ba nahana hore ke lipere tse lebelo, ho fapana le Jehova, tse tla etsa hore ba bolokehe. (Deuteronoma 17:16; Liproverbia 21:31) Leha ho le joalo, moprofeta o hanyetsa seo ka ho re tšepo ea bona e tla ba lelea kahobane lira tsa bona li tla ba tsometsa. Esita le bongata ha bo na ho ba thusa. “Ba sekete ba tla thothomela ka lebaka la khalemelo e matla ea a le mong; ka lebaka la khalemelo e matla ea ba bahlano le tla baleha.” (Esaia 30:17a) Mabotho a Juda a tla tšosoa le ho balehisoa ke mohoo oa ba seng bakae feela ba lireng.a Qetellong, ke masala feela a tla sala, a tla sala a le mang, “joaloka palo tlhōrōng ea thaba le joaloka pontšo leralleng.” (Esaia 30:17b) Tumellanong le boprofeta, ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E., ke masala feela a ileng a phonyoha.—Jeremia 25:8-11.

  • Lula U Lebeletse Jehova
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • a Hlokomela hore hoja Juda e ne e ile ea tšepahala, ho ka be ho etsahetse ho fapaneng le hoo.—Levitike 26:7, 8.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela