Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lula U Lebeletse Jehova
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 17, 18. Jehova o fana ka tataiso joang, esita le linakong tse thata?

      17 Ha Esaia a ntse a tsoela pele ka puo ea hae, o hopotsa bamameli ba hae hore ho tla tla mahlomola. Batho ba tla fumana “bohobe ka sebōpeho sa mahlomola le metsi ka sebōpeho sa khatello.” (Esaia 30:20a) Mahlomola le khatello tseo ba tlang ho li utloa ha ba ntse ba thibeletsoe li tla tšoana le bohobe le metsi. Leha ho le joalo, Jehova o ikemiselitse ho pholosa ba lipelo li lokileng. “Morupeli oa lōna e Moholo ha a sa tla hlola a ipata, ’me mahlo a lōna a tla bona Morupeli oa lōna e Moholo. Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona,’ esere la ea ka ho le letona kapa la ea ka ho le letšehali.”—Esaia 30:20b, 21.b

      18 Jehova ke ‘Morupeli e Moholo.’ Ha ho ea lekanang le eena ka ho ba tichere. Leha ho le joalo, ke joang batho ba ka mo ‘bonang’ le ho mo “utloa”? Jehova o itšenola ka baprofeta ba hae, bao mantsoe a bona a tlalehiloeng ka Bibeleng. (Amose 3:6, 7) Kajeno, ha barapeli ba tšepahalang ba bala Bibele, ho ba joalokaha eka lentsoe la Molimo le kang la ntate le ba bolella tsela eo ba lokelang ho tsamaea ka eona ’me le ba phehella hore ba lokise tsela ea bona ea boitšoaro e le hore ba tsamaee ho eona. Mokreste e mong le e mong o lokela ho mamela ka hloko ha Jehova a bua a sebelisa maqephe a Bibele le likhatiso tse thehiloeng Bibeleng tse hlahisoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) E se eka e mong le e mong a ka ikitlaeletsa ho bala Bibele, kaha hoo ho ‘bolela bophelo ho eena.’—Deuteronoma 32:46, 47; Esaia 48:17.

  • Lula U Lebeletse Jehova
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • b Ka Bibeleng ke hona mona feela moo Jehova a bitsoang ‘Morupeli e Moholo.’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela