Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “U ba Bolelle Lentsoe Lena”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
    • ‘JEHOVA O ILE A AMA MOLOMO OA KA’

      3. Molimo o ile a etsa’ng ho Jeremia ha a ne a qala mosebetsi oa hae, hona Jeremia o ile a ikutloa joang ka seo?

      3 Hopola hore ha Jeremia a ne a qala ho etsa mosebetsi oa hae oa boprofeta, o ile a utloa mantsoe a reng: “U lokela ho ea ho bohle bao ke tla u romela ho bona; ’me u lokela ho bua ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke tla u laela eona. U se ke ua tšosoa ke lifahleho tsa bona, etsoe ‘ke na le uena ho u lopolla,’ ho bolela Jehova.” (Jer. 1:7, 8) Ka mor’a moo, Molimo o ile a etsa ntho eo Jeremia a neng a sa e lebella. Jeremia o re: “Eaba Jehova o otlolla letsoho ’me o etsa hore le ame molomo oa ka. Joale Jehova a re ho ’na: ‘Bona! ke kentse mantsoe a ka molomong oa hao. Bona, letsatsing lena ke u behile [“romile,” NW].’” (Jer. 1:9, 10) Ho tloha ka nako eo, Jeremia o ne a tseba hore o ne a buella Molimo ea Matla ’Ohle.a Kaha O ne a mo tšehelitse ka hohle-hohle, cheseho ea Jeremia bakeng sa tšebeletso e halalelang e ile ea eketseha.—Esa. 6:5-8.

      4. U ka pheta mehlala efe ea batho ba chesehelang boboleli ka tsela e ikhethang?

      4 Kajeno Jehova ha a ame bahlanka ba hae ka tsela ea sebele. Leha ho le joalo, o sebelisa moea oa hae ho etsa hore ba be le takatso e matla ea hore ba bolele litaba tse molemo. Bongata ba bona ba bontša cheseho e ikhethang. Ka mohlala, nahana ka Maruja oa Spain. Ho se ho fetile lilemo tse fetang 40 a holofetse maoto le matsoho. Ho thata hore a bolele litaba tse molemo ka ntlo le ntlo, kahoo o sebelisa litsela tse ling e le hore a lule a le mafolofolo mosebetsing oa boboleli. Tsela e ’ngoe eo a e sebelisang ke ho ngola mangolo. Maruja o bitsetsa morali oa hae mantsoe, ebe eena oa a ngola. Maruja le morali oa hae ba ile ba etsa boiteko bo khethehileng ka nako e etsang khoeli, ba romela mangolo a fetang 150, ’me ba kenya pampitšana ka enfelopong e ’ngoe le e ’ngoe. Ka lebaka la boiteko ba bona, litaba tse molemo li ile tsa fihla malapeng a mangata motsaneng o haufi. Maruja o ile a re ho morali oa hae, “Haeba le leng la mangolo a rōna le ka fihla ho motho ea nang le pelo e ntle, Jehova o tla re hlohonolofatsa e le hore re fumane thuto ea Bibele.” Moholo oa sebakeng seo o re, “Ke leboha Jehova hore ebe ho na le baralib’abo rōna ba tšoanang le Maruja, ba rutang ba bang hore lintho tseo ehlileng e leng tsa bohlokoa, ba li nke e le tsa bohlokoa.”

  • “U ba Bolelle Lentsoe Lena”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
    • a Joaloka mohlaleng ona, Jehova o ne a laela mangeloi khafetsa hore a mo emele joalokaha eka ke Eena ea neng a bua.—Baahl. 13:15, 22; Bagal. 3:19.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela