Khaolo ea Leshome le Metso e Mene
U ka Rua Molemo Selekaneng se Secha
1. Jeremia o ile a phetha mosebetsi ofe o neng o le mekha e ’meli?
JEHOVA o ile a fa Jeremia mosebetsi o mekha e ’meli. Karolo e ’ngoe ea oona e ne e le hore a “fothole le ho heletsa le ho timetsa le ho qhaqha.” Karolo e ’ngoe e ne e le ea hore a ‘hahe le ho hloma.’ Jeremia o ile a phetha karolo ea pele ea oona ka ho pepesa bokhopo ba Bajuda ba neng ba ikhohomosa, a phatlalatsa kahlolo eo Molimo a neng a tla ba ahlola ka eona hammoho le Babylona. Leha ho le joalo, boprofeta ba Jeremia bo ne bo boetse bo fana ka tšepo ea bokamoso. O ile a profeta hore ho ne ho tla hahoa seo Molimo a neng a rerile hore se hahoe ’me ho hlongoe seo A neng a rerile hore se hlongoe. Ka mohlala, Jeremia o ne a phethahatsa karolo ea bobeli ea mosebetsi oa hae ha a ne a bua ka taba ea ho khutlisetsoa ha Bajuda naheng ea habo bona.—Jer. 1:10; 30:17, 18.
2. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a ahlola batho ba hae, hona o ile a ba ahlola ka tekanyo e kae?
2 Hore ebe Jeremia o ile a phatlalatsa molaetsa oa tsosoloso ho ne ho sa bolele hore Molimo o ne a tla lumella batho ba hae hore ba etse borata kapa a bebofatse toka ea hae. Ho e-na le hoo, o ne a tla ahlola Bajuda bao ba neng ba sa laolehe. (Bala Jeremia 16:17, 18.) Mehleng ea Jeremia, ke batho ba seng bakae ba Jerusalema ba neng ba ‘etsa toka’ kapa ba ‘batla botšepehi,’ ’me ho ne ho fihlile moo Jehova a neng a feletsoe ke mamello. O ile a re: “Ke khathetse ke ho ikutloa ke soabile.” (Jer. 5:1; 15:6, 7) Bajuda bao ba ne ‘ba khutletse liphosong tsa baholo-holo ba bona, ba pele, ba neng ba hanne ho mamela’ mantsoe a Jehova. Ho feta moo, ba ne ba halefisa Molimo ka kamano ea bofebe eo ba neng ba e-na le eona le melimo ea bohata. (Jer. 11:10; 34:18) Jehova o ne a tla khalemela batho ba hae, a be a ba shape, “ka tekanyo e loketseng.” Ka lebaka leo, batho ba bang ba ne ba ka ’na ba hlaphoheloa ebe ba khutlela ho eena.—Jer. 30:11; 46:28.
3. Ke hobane’ng ha u lokela ho hlahloba boprofeta bo buang ka selekane se secha?
3 Molimo o ile a sebelisa Jeremia hore a profete ntho e neng e tla ba le melemo e meholo le ea nako e telele—e leng selekane se secha. Ha re hlahloba libuka tsa boprofeta tseo Jeremia a li ngotseng, re ba le lebaka le utloahalang la hore re tsepamise likelello karolong ena e thabisang: e leng selekane se secha. Se ne se tla nka sebaka sa selekane se neng se entsoe le Baiseraele ka mor’a Phallo, e leng seo Moshe e neng e le mokena-lipakeng oa sona. (Bala Jeremia 31:31, 32.) Ha Jesu Kreste a ne a theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, o ile a bua ka selekane sena se secha, kahoo ha ho pelaelo hore re lokela ho se thahasella. (Luka 22:20) Moapostola Pauluse o ile a bua ka selekane sena ha a ne a ngolla Baheberu. O ile a qotsa boprofeta ba Jeremia ’me a hatisa bohlokoa ba selekane se secha. (Baheb. 8:7-9) Empa, hantle-ntle selekane se secha ke’ng? Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore se be teng? Ke bo-mang ba amehang ho sona, hona u ka rua molemo joang ho sona? A re boneng.
LEBAKA LA HORE EBE HO ENTSOE SELEKANE SE SECHA
4. Selekane sa Molao se ile sa finyella’ng?
4 E le hore re utloisise selekane se secha, re tlameha hore pele re utloisise morero oa selekane sa pele, e leng selekane sa Molao. Se ne se tla finyella merero e ’maloa e tsotehang molemong oa sechaba se neng se letetse Peō e tšepisitsoeng, eo batho ba bangata ba neng ba tla itlhohonolofatsa ka eona. (Gen. 22:17, 18) Ha Baiseraele ba ne ba amohela selekane sa Molao, ba ile ba fetoha “thepa ea [Molimo] e khethehileng.” Tlas’a selekane seo, moloko oa Levi ke oona o neng o tla hlahisetsa sechaba baprista. Ha Jehova a ne a etsa selekane seo pakeng tsa hae le sechaba sa Iseraele Thabeng ea Sinai, o ile a bua ka “’muso oa baprista le sechaba se halalelang” empa a se ke a bolela hore na se ne se tla ba teng neng kapa ka tsela efe. (Ex. 19:5-8) Ho fihlela seo se etsahala, selekane seo se ile sa bontša hore Baiseraele ba ne ba ke ke ba boloka Molao ka ho phethahetseng. Kahoo o ile oa bonahatsa libe tsa bona. Ka lebaka leo, tlas’a Molao, Baiseraele ba ne ba lokela ho nyehela mahlabelo kamehla bakeng sa ho koahela libe tsa bona. Empa, ho hlakile hore ho ne ho hlokahala ho fetang hoo, e leng sehlabelo se phethahetseng seo ho neng ho ke ke ha hlokahala hore se phetoe. Ka sebele, ho ne ho hlile ho hlokahala hore batho ba tšoareloe sebe ka ho sa feleng.—Bagal. 3:19-22.
5. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a profeta hore ho ne ho tla ba le selekane se secha?
5 Ka lebaka leo, re se re ntse re bona hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a re Jeremia a profete hore ho ne ho tla ba le selekane se seng, e leng selekane se secha, empa selekane sa Molao se ne se ntse se sebetsa. Ka lebaka la lerato la hae le mosa oa hae, Jehova o ne a batla hore thuso ea ka ho sa feleng e se ke ea fumanoa ke sechaba se le seng feela. Molimo o ile a sebelisa Jeremia hore a bue sena mabapi le ba neng ba tla ba selekaneng sena sa nakong e tlang: “Ke tla tšoarela liphoso tsa bona, ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.” (Jer. 31:34) Le hoja tšepiso eo e ile ea etsoa mehleng ea Jeremia, e etsa hore batho bohle ba be le tšepo e tsotehang. Joang?
6, 7. (a) Batho ba bang ba ikutloa joang ka libe tsa bona? (b) Ke hobane’ng ha u ka khothala ha u nahana ka selekane se secha?
6 Re sa ntse re sa phethahala ’me hangata rea hlokomela hore ha rea phethahala. Sena se bonahetse ho mora e mong oabo rōna ea neng a leka ho loantša bothata bo boholo boo a neng a e-na le bona. O re: “Ha ke ne ke oela hape mokhoeng ona, ke ne ke utloa bohloko haholo. Ke ne ke nahana hore nke ke ka hlola ke lokisa seo ke neng ke se entse. Ke ne ke thatafalloa ke ho rapela. Ke ne ke qala ka ho re: ‘Jehova, ha ke tsebe hore na u tla utloa thapelo ena kapa che, empa . . .’” Batho ba bang ba oetseng bothateng hape kapa ba entseng sebe ba ’nile ba ikutloa joalokaha eka “leru” le ne le thibela lithapelo tsa bona hore li se ke tsa fihla ho Molimo. (Lillo 3:44) Ba bang ba ’nile ba tšoenngoa ke liphoso tseo ba li entseng nakong e fetileng, esita le ka mor’a hore ho fete lilemo seo se etsahetse. Esita le Bakreste ba behang mohlala o motle ba ka ’na ba bua lintho tseo ba ka ikoahlaelang tsona hamorao.—Jak. 3:5-10.
7 Ha ho le ea mong oa rōna ea lokelang ho ikutloa joalokaha eka a ke ke a oela boitšoarong bo sa lokang. (1 Bakor. 10:12) Esita le moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore o ne a etsa liphoso. (Bala Baroma 7:21-25.) Ntlheng ena, re lokela ho hopola selekane se secha. Molimo o ile a tšepisa hore karolo e ’ngoe e ka sehloohong ea selekane se secha e ne e tla ba hore o ne a ke ke a hlola a hopola libe. Ke molemo o ikhethang hakaakang! Ruri e tlameha ebe Jeremia o ile a hlolloa haholo ha a ne a profeta seo, ’me le rōna re ka hlolloa joaloka eena ha re ntse re ithuta haholoanyane ka selekane se secha re bile re bona kamoo se ka re ruisang molemo kateng.
Ke hobane’ng ha Molimo a ile a theha selekane se secha?
SELEKANE SE SECHA KE’NG?
8, 9. Jehova o ile a tela eng e le hore batho ba tšoareloe libe?
8 Ha u ntse u tseba Jehova haholoanyane, u hlokomela haholoanyane hore na o tšoara batho ba sa phethahalang ka mosa le ka mohau hakae. (Pes. 103:13, 14) Ha Jeremia a ne a profeta hore ho ne ho tla ba le selekane se secha, o ile a totobatsa hore Jehova o ne a tla “tšoarela liphoso tsa bona” ’me a se ke a hlola a hopola libe tsa bona. (Jer. 31:34) E tlameha ebe Jeremia o ile a ipotsa hore na Molimo o ne a tla ba tšoarela joang. Bonyane o ne a utloisisa hore ha Molimo a ne a bua ka selekane se secha, o ne a bolela hore ho ne ho tla ba le tumellano pakeng tsa Hae le batho. Ka tsela e itseng, Jehova o ne a tla sebelisa selekane seo ho finyella seo a neng a bululetse Jeremia hore a se bolele, ho akarelletsa le taba ea tšoarelo. Lintlha tse ling li ne li tla lokela ho emela hore Molimo a senole morero oa hae haholoanyane, ho akarelletsa le taba ea hore na Mesia o ne a tla etsa’ng.
9 Mohlomong u kile ua bona batsoali ba tefisang bana ba bona, ba sa ba laeeng. Na u ne u ka lebella hore Jehova a be joalo? Le hanyenyane! Sena se hlakisoa ke tsela eo selekane se secha se ileng sa qala ho sebetsa ka eona. Ho e-na le ho hlakola libe feela tjee, Molimo o ile a iphaphatha ka hloko le toka ea hae ka ho rala motheo oa molao bakeng sa ho tšoarela libe, a etsa joalo le hoja ho ne ho hlokahala hore a itele haholo. U ka utloisisa taba ena hantle ha u ka hlahloba seo Pauluse a se ngotseng ha a ne a tšohla selekane se secha. (Bala Baheberu 9:15, 22, 28.) Pauluse o ile a bua ka ‘ho lokolloa ka thekollo’ eaba o re, “ntle le hore mali a tšolohe ha ho tšoarelo e bang teng.” Tabeng ea selekane se secha, o ne o sa bue ka mali a sehlabelo a lipoho kapa lipōli tse neng li bolaoa tlas’a Molao. Che, selekane se secha se ile sa thakholoa ka mali a Jesu. Motheong oa sehlabelo seo se phethahetseng, Jehova o ne a ka ‘tšoarela liphoso le libe’ ka ho sa feleng. (Lik. 2:38; 3:19) Empa ke bo-mang ba neng ba tla ba selekaneng see se secha ba be ba tšoareloe? E ne e ke ke ea e-ba sechaba sa Bajuda. Jesu o ile a re Molimo o ne a tla lahla Bajuda, ba neng ba nyehela mahlabelo a liphoofolo tlas’a Molao, ’me O ne a tla ea sechabeng se seng. (Mat. 21:43; Lik. 3:13-15) Sechaba seo e ile ea e-ba “Iseraele ea Molimo,” eo litho tsa eona e leng Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang. Ka mantsoe a mang, selekane sa Molao se ne se le pakeng tsa Molimo le Baiseraele ba tlhaho, athe selekane se secha se pakeng tsa Jehova Molimo le Iseraele ea moea, ’me Jesu ke Mokena-lipakeng oa sona.—Bagal. 6:16; Bar. 9:6.
10. (a) “Lehlōmela” la Davida ke mang? (b) “Lehlōmela” leo le ka ruisa batho molemo joang?
10 Jeremia o ile a hlalosa hore Ea neng a tla tla, e leng Mesia, ke “lehlōmela” la Davida. Hoo ho loketse. Esita le nakong eo Jeremia e sa ntseng e le moprofeta, sefate sa lesika la borena la Davida se ile sa rengoa. Leha ho le joalo, kutu ea sona e ne e sa shoa. Ka nako e loketseng, Jesu o ile a tsoaloa lesikeng la Morena Davida. O ne a ka bitsoa “Jehova ke ho Loka ha Rōna,” e leng ho neng ho hatisa kamoo Molimo a amehileng ka botebo kateng ka ho loka. (Bala Jeremia 23:5, 6.) Jehova o ile a lumella Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši hore a utloisoe bohloko lefatšeng a be a shoe. Joale Jehova—tumellanong le toka—o ne a ka sebelisa bohlokoa ba sehlabelo sa thekollo sa “lehlōmela” la Davida e le motheo oa ho tšoarela libe. (Jer. 33:15) Sena se ile sa betlela batho ba bang tsela ea hore ho boleloe hore “ba lokile bakeng sa bophelo” ba be ba tlotsoe ka moea o halalelang, ’me e be karolo ea selekane se secha. Ntho e ’ngoe e bontšang hore Molimo o amehile ka ho loka ke hore batho ba bang ba seng selekaneng seo ka ho toba, ba ka rua molemo ho sona ’me ba hlile ba rua molemo ho sona, joalokaha re tla bona.—Bar. 5:18.
11. (a) Molao oa selekane se secha o ngotsoe ho eng? (b) Ke hobane’ng ha “linku tse ling” li thahasella molao oa selekane se secha?
11 Na u ka rata ho tseba lintho tse ling tse khethollang selekane se secha? Phapang e ’ngoe e khōlō pakeng tsa sona le selekane sa Molao oa Moshe ke hore na lilekane tsena li ne li ngotsoe ho eng. (Bala Jeremia 31:33.) Melao e Leshome ea selekane sa Molao e ne e ngotsoe matlapeng a lejoe, a ileng a qetella a le sieo. Ho fapana le hoo, Jeremia o ile a profeta hore molao oa selekane se secha o ne o tla ngoloa lipelong tsa batho, ’me o ne o tla lula o le teng. Bakreste ba tlotsitsoeng bao e leng karolo ea selekane se secha, ba ananela molao ona e le kannete. Re ka re’ng ka ba seng selekaneng se secha ka ho toba, e leng “linku tse ling,” bao tšepo ea bona e leng ho phela ka ho sa feleng lefatšeng? (Joh. 10:16) Le bona ba thabela molao oa Molimo. Ka tsela e itseng, ba tšoana le bajaki ba Iseraele, ba neng ba amohela Molao oa Moshe ba bile ba rua molemo ho oona.—Lev. 24:22; Num. 15:15.
12, 13. (a) Molao oa selekane se secha ke ofe? (b) ‘Molaong oa Kreste,’ ke hobane’ng ha u ke ke ua ikutloa eka u qobelloa hore u sebeletse Molimo?
12 U ne u ka araba joang ha u ne u ka botsoa, ‘Molao oo o ngotsoeng lipelong tsa Bakreste ba tlotsitsoeng ke ofe?’ Molao ona o boetse o bitsoa “molao oa Kreste.” O ile oa fuoa Baiseraele ba moea pele, e leng bona ba selekaneng se secha. (Bagal. 6:2; Bar. 2:28, 29) “Molao oa Kreste” o ka akaretsoa ka lentsoe le le leng: lerato. (Mat. 22:36-39) Batlotsuoa ba etsa joang hore molao oo o ngoloe lipelong tsa bona? Litsela tse peli tse ka sehloohong ke ka hore ba ithute Lentsoe la Molimo ba be ba rapele Jehova. Ka lebaka leo, likarolo tseo tsa borapeli ba ’nete e lokela ho ba karolo ea kamehla ea bophelo ba Bakreste bohle ba ’nete, ho akarelletsa le ba seng selekaneng se secha empa ba batla ho rua molemo ho sona.
13 “Molao oa Kreste” o bitsoa ‘molao o phethahetseng oa tokoloho’ le “molao oa batho ba lokolohileng.” (Jak. 1:25; 2:12) Ba bangata ba ile ba tsoalloa Molaong oa Moshe, empa ha ho motho ea tsoalloang selekaneng se secha kapa molaong oa Kreste. Batho ba mamelang molao oa Kreste ha ba sebeletse Molimo hobane ba qobelloa. Ho e-na le hoo, ba thabela ho tseba hore molao oa Molimo o ka ngoloa lipelong le hore kajeno batho ba ka fumana melemo ea ka ho sa feleng ea selekane seo Jeremia a se boletseng esale pele.
Molimo o ile a etsa hore ho be le tšoarelo ea libe joang ka selekane se secha? U ka ithuta molao o ngotsoeng lipelong joang?
BA RUANG MOLEMO SELEKANENG SE SECHA
14. Ke bo-mang bao ho hlakileng hore ba rua molemo selekaneng se secha?
14 Ha batho ba bang ba ne ba ithuta hore batho ba 144- 000 ke bona ba selekaneng se secha, mohlomong ba ne ba nahana hore ke bona feela ba ruang molemo ho sona. Ho ka etsahala hore ebe ba ne ba nahana joalo hobane ke batlotsuoa feela ba lokelang ho ja litšoantšetso Sehopotsong sa selemo le selemo sa lefu la Kreste, moo veine e tšoantšetsang “mali a selekane.” (Mar. 14:24) Leha ho le joalo, u hopole hore batho ba selekaneng se secha ba tla ba hammoho le Jesu e le “peō” ea Abrahama, eo lichaba tsohle li tla hlohonolofatsoa ka eona. (Bagal. 3:8, 9, 29; Gen. 12:3) Ka tsela e itseng, Jehova o tla sebelisa selekane se secha ho phethahatsa tšepiso ea hae ea ho hlohonolofatsa batho bohle ka “peō” ea Abrahama.
15. Ho profetiloe hore batlotsuoa ba tla phetha karolo efe?
15 Jesu Kreste, e leng karolo e ka sehloohong ea peō ea Abrahama, o sebeletsa e le Moprista ea Phahameng, ’me o fane ka sehlabelo se phethahetseng se etsang hore ho be le tšoarelo ea liphoso le libe. (Bala Baheberu 2:17, 18.) Leha ho le joalo, khale koana Molimo o ile a profeta hore ho ne ho tla ba le “’muso oa baprista le sechaba se halalelang.” (Ex. 19:6) Iseraeleng ea tlhaho, baprista ba ne ba tsoa molokong o mong ’me marena a ne a tsoa molokong osele. Kahoo, sechaba see se tšepisitsoeng sa marena le baprista se ne se tla ba teng joang? Moapostola Petrose o ile a ngola lengolo la hae la pele a le ngolla ba neng ba halalelitsoe ka moea. (1 Pet. 1:1, 2) O ile a bolela hore bao ke “baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng.” (1 Pet. 2:9) Ka lebaka leo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba leng selekaneng se secha ba tla sebeletsa e le baprista ba tlaasana. Nahana feela hore na seo se bolela’ng! Letsatsi le letsatsi re loantšana le tšusumetso ea sebe, se sa ntsaneng se “busa e le morena.” Ba sebeletsang e le baprista ba tlaasana ba tla be ba etsahalletsoe ke se tšoanang. (Bar. 5:21) Ba tla be ba tseba hore na ke ntho e joang ho etsa liphoso le ho loantša letsoalo le molato. Kahoo, bona hammoho le Kreste, ba tla khona ho re utloela bohloko ha re ntse re loanela ho hlōla mekhoa ea boetsalibe.
16. Tšenolo 7:9, 14 e ka khothatsa “bongata bo boholo” joang?
16 Ho Tšenolo 7:9, 14, “bongata bo boholo” bo bonoa “bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu,” e leng se bontšang hore bo hloekile mahlong a Molimo. Hona joale bongata boo bo boholo bo nang le tšepo ea ho pholoha ‘matšoenyeho a maholo,’ bo ntse bo bokelloa. Kahoo, esita le hona joale bo ka ba le boemo bo hloekileng ka tsela e itseng mahlong a Molimo. Ho boleloa hore bo lokile e le metsoalle ea Jehova. (Bar. 4:2, 3; Jak. 2:23) Ke molemo o mokaakang oo bo tla o rua! Haeba u karolo ea bongata bo boholo, u ka kholiseha hore Molimo o ikemiselitse ho u thusa ha u ntse u loanela ho lula u hloekile mahlong a hae.
17. Ke ka tsela efe Jehova a sa hloleng a “hopola” libe?
17 Ho etsahala’ng ka libe tsa batho bao Molimo a ba amohelang? Joalokaha ho bontšitsoe pejana, Jehova o ile a re ka Jeremia: “Ke tla tšoarela liphoso tsa bona, ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.” (Jer. 31:34) Molimo o etsetsa batlotsuoa sena ka sehlabelo sa Jesu. Ka tsela e tšoanang, Molimo a ka tšoarela libe tsa bongata bo boholo motheong oa ‘mali ’ona ao a selekane.’ Ha Jeremia a ne a re Molimo o ne a ke ke a hlola a “hopola” libe tsa bona, hoo ha ho bolele hore O ne a tla lebala thuoe! ebe ha a khone ho hopola libe tseo ho hang. Ho e-na le hoo, ho bontša hore hang ha Jehova a se a fane ka taeo leha e le efe e hlokahalang ’me a tšoaretse moetsalibe ea bakileng, Molimo o lahlela sebe seo sa nakong e fetileng ka mor’a Hae. Nahana ka libe tseo Morena Davida a ileng a li etsa tabeng ea Bathe-sheba le Uria. Davida o ile a fumana taeo ’me a kotula litholoana tsa libe tsa hae. (2 Sam. 11:4, 15, 27; 12:9-14; Esa. 38:17) Empa Molimo ha aa ka a lula a jarisa Davida molato oa libe tseo tsa hae. (Bala 2 Likronike 7:17, 18.) Joalokaha ho bontšitsoe selekaneng se secha, hang ha Jehova a tšoaretse libe motheong oa sehlabelo sa Jesu, ha A sa tla hlola a li hopola.—Ezek. 18:21, 22.
18, 19. Re ka ithuta’ng selekaneng se secha mabapi le ho tšoarela batho?
18 Ka lebaka leo, selekane se secha se totobatsa tsela e tsotehang eo Jehova a sebelisanang ka eona le batho ba baetsalibe, e leng batlotsuoa ba selekaneng se secha le batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. U ka kholiseha hore hang ha Jehova a se a tšoaretse libe tsa hao, a ke ke a li tsosa hape. Kahoo, e mong le e mong oa rōna a ka ithuta ho hong tšepisong ea Molimo ea selekane se secha. Ipotse, ‘Na ke leka ho etsisa Jehova ka hore ke se ke ka tsosa litšito tsa batho ba bang, e leng tseo ke itseng ke se ke li tšoaretse?’ (Mat. 6:14, 15) Taba ena e sebetsa litšitong tse nyenyane hammoho le ho tse khōlō haholo, joalokaha molekane oa Mokreste a etsa sebe sa bofebe. Haeba molekane ea se nang molato a lumela ho tšoarela mofebi ea bakileng, na e ke ke ea e-ba ho loketseng hore a se ke a ‘hlola a hopola sebe seo’? Ke ’nete hore ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo hore re lebale litšito, empa ke tsela e ’ngoe eo re ka etsisang Jehova ka eona.a
19 Taba ena eo re ithutang eona selekaneng se secha, re ka boela ra e sebelisa tabeng ea motho ea neng a khaotsoe eaba oa baka ’me o khutlisetsoa ka phuthehong. U lokela ho etsa’ng haeba motho eo a ne a u senyelitse kapa a u sentse lebitso ka tsela e itseng? Joale o se a khutliselitsoe ka phuthehong. Seo re se balang ho Jeremia 31:34 se tla susumetsa tsela eo re nahanang ka eona le eo re etsang lintho ka eona joang? Na re tla tšoarela mofosi ’me re se ke ra lula re tsosa phoso eo? (2 Bakor. 2:6-8) Ka sebele, bohle ba ananelang selekane se secha ba lokela ho leka ho etsa seo bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi.
Joalokaha ho bontšitsoe selekaneng se secha, u ka sebelisa taba eo u ithutang eona mabapi le ho tšoarela batho joang?
LITLHOHONOLOFATSO TSA SELEKANE SE SECHA TSA HONA JOALE LE TSA NAKONG E TLANG
20. Tsela eo u nkang lintho ka eona e fapane joang le ea ba bangata ba neng ba phela mehleng ea Jeremia?
20 Ha e le hantle, mehleng ea Jeremia Bajuda ba bangata ba ne ba re: “Jehova a ke ke a etsa se molemo, ’me a ke ke a etsa se sebe.” (Sof. 1:12) Le hoja ho ne ho e-na le seo ba neng ba se tseba mabapi le hore na Jehova ke mang le hore na o joang, ba ne ba nka hore o ne a ke ke a nka khato; ebile o ne a ke ke a lebella hore ba boloke melao ea hae. Leha ho le joalo, uena ua tseba hore Molimo o hlokomela ntho e ’ngoe le e ’ngoe. U tšaba Molimo ebile ua mo hlompha ’me ho hang ha u batle ho etsa se sebe. (Jer. 16:17) Ka nako e tšoanang, ua tseba hore Jehova ke Ntate ea molemo. O hlokomela liketso tsa rōna tse ntle, ebang batho ba bang baa li bona kapa che.—2 Likron. 16:9.
21, 22. Ke hobane’ng ha ho se ho sa hlokahale hore ho thoe ho uena: ‘Tseba Jehova’?
21 Karolo ea bohlokoa ea selekane se secha ke ena: “Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona, ke o ngole lipelong tsa bona. Ke tla ba Molimo oa bona, . . . Ha ba sa tla hlola ba ruta e mong le e mong motsoalle oa hae le e mong le e mong mor’abo, ba re, ‘Tsebang Jehova!’ etsoe ba tla ntseba kaofela.” (Jer. 31:33, 34) Batlotsuoa ba lefatšeng kajeno ba bontšitse hore molao oa Molimo o ngotsoe ka hare ho bona. Ba rata linnete tsa oona, ho e-na le ho tšepa lithuto tsa motho leha e le ofe. Ho feta moo, ka thabo ba ’nile ba fa bongata bo boholo tsebo ea Bibele. Kahoo, bana ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng le bona ba se ba tseba Jehova ebile baa mo rata. Ka boithatelo ba ikokobelletsa tataiso ea hae ’me ba tšepa litšepiso tsa hae. Mohlomong ho ka buuoa se tšoanang ka uena. U mo tseba hantle ’me u na le kamano e haufi le eena. Oo ke molemo o moholo hakaakang!
22 U ’nile ua khona joang ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova? Ha ho pelaelo hore u hopola liketsahalo tseo ho tsona u ileng ua ikutloa hore o arabetse lithapelo tsa hao. Ka lebaka la liketsahalo tseo, u ile ua ba le kananelo e tebileng haholoanyane ea hore na ke Molimo oa mofuta ofe. E ka ’na eaba u hlokometse thuso ea hae ha u hopola lengolo le u thusitseng hore u mamelle tsietsi e itseng. Ananela liketsahalo tse joalo. Ha u ntse u ithuta Lentsoe la hae, tsebo eo u mo tsebang ka eona e tla lula e eketseha—e leng molemo o sa khaotseng.
23. Ho tseba Jehova ho ka u thusa joang hore u se ke ua lula u e-na le letsoalo le molato ho sa hlokahale?
23 Empa ho na le tlhohonolofatso e ’ngoe e amanang le selekane se secha eo re ka e fumanang hona joale. Ho tseba hore Jehova o tšoarela batho tumellanong le selekane seo, ho ka re thusa hore re se ke ra lula re e-na le letsoalo le molato. Ka mohlala, ba bang ba ileng ba ntša mpa pele ba tseba molao oa Molimo, ba ka ’na ba ikutloa ba le molato ba bile ba soabile hobane ka boomo ba ile ba bolaea motho ea neng a ntse a hōla. Ba bang ba ikutloa joalo hobane ba ile ba bolaea batho ntoeng. Sehlabelo sa thekollo sa Jesu—seo e leng mokokotlo oa selekane se secha—se etsa hore batho ba bakileng e le kannete ba tšoareloe. Ka lebaka leo, na ha rea lokela ho kholiseha hore haeba Jehova a re tšoaretse libe, o nka hore taba eo e felile? Ha ho hlokahale hore re lule re nahana ka libe tseo Jehova a re tšoaretseng tsona ka ho feletseng.
24. Tlaleho ea Jeremia 31:20 e ka u khothatsa joang?
24 Re fumana bopaki bo hlakileng ba kamoo Molimo a tšoarelang kateng ho Jeremia 31:20. (E bale.) Lilemo tse mashome pele ho mehla ea Jeremia, Jehova o ile a otla ’muso o ka leboea oa Iseraele oa meloko e leshome (o neng o emeloa ke Efraime, e leng moloko o neng o le ka sehloohong) ka lebaka la borapeli ba ’ona ba litšoantšo. Ba ile ba isoa kholehong. Leha ho le joalo, Molimo o ne a rata sechaba seo haholo ’me o ile a se bontša lerato le mofuthu. O ile a ’na a se rata joaloka “ngoana ea tšoaroang ka lerato.” Ha a ne a nahana ka sona, mala a hae a ne a ‘lubeha,’ ho bolelang hore o ne a ameha maikutlo ka ho teba. Tlaleho ena e hlahang moo ho buuoang ka selekane se secha, e bontša kamoo Jehova a leng mosa kateng ho batho ba bakelang boitšoaro ba bona bo bobe ba nakong e fetileng.
25. Ke hobane’ng ha u lokela ho leboha Jehova ka selekane se secha?
25 Tšepiso ea Jehova ea hore o tla tšoarela libe ka selekane se secha e tla phethahala ka ho feletseng qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Jesu Kreste, hammoho le baprista ba tlaasana ba 144 000, ba tla be ba khutliselitse batho ba tšepahalang phethehong. Ka mor’a teko ea ho qetela, batho e tla be e le litho tse feletseng tsa lelapa la Jehova la bokahohleng. (Bala Baroma 8:19-22.) Ka lilemo tse makholo, batho bohle ba ’nile ba bobola ka lebaka la moroalo oa sebe. Leha ho le joalo, ka nako eo batho bao Jehova a ba bōpileng ba tla ba le “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo,” e leng ho lokoloha sebeng le lefung. Ka hona, kholiseha hore ka tokisetso e lerato ea selekane se secha, u ka fumana melemo e khaphatsehang. U ka rua molemo hona joale le ka ho sa feleng ka “lehlōmela” la Davida u be u thabele “ho loka naheng.”—Jer. 33:15.
U ka rua molemo joang selekaneng se secha hona joale le nakong e tlang?
a Boikemisetso ba Molimo ba hore a tšoarele bo ile ba bonahala ho seo Hosea a ileng a se etsa ka Gomere. Sheba litlhaloso tse buang ka Hosea 2:14-16 bukeng ea Lula U Hopola Letsatsi la Jehova, leqepheng la 128-130.