-
Jehova O Fana Ka Tšepo MesarelongMolula-Qhooa—1988 | September 1
-
-
Jehova o etsa ntho e lokileng ha a otla bafosi. Ha Jerusalema ka boeona e bua e lumela sena. E botsa hore na ho na le mesarelo leha e le efe e tšoanang le bohloko boo Molimo o e tliselitseng bona. O ile oa romela mollo o sentseng tempele. Libe tsa motse tsa fetoha joko, ’me mali a phalla joaloka lero ha Molimo o hatakela “sehatelo” sa eona. Sione e ile ea akha matsoho ka ho sareloa le ka thapeli empa ea hloka motšelisi, ’me Jehova o ne a etsa ntho e lokileng ha a otla Jerusalema ea lerabele. E se eka a ka otla ka mokhoa o bohloko joalo lira tsa eona tse nyakaletseng.—1:12-22.
-
-
Jehova O Fana Ka Tšepo MesarelongMolula-Qhooa—1988 | September 1
-
-
◻ 1:15 (NW)—‘Jehova o ne a hataketse sehatelo sa veine sa moroetsana, morali oa Juda,’ hobane o ne a ile a laela le ho lumella se ileng sa etsahala. “Moroetsana, morali oa Juda” e ne e le Jerusalema, eo ho neng ho nahanoa hore e tšoana le mosali ea hloekileng. Ha Bababylona ba ripitla motse-moholo oo oa Juda ka 607 B.C.E., ho ile ha e-ba le tšollo ea mali e khōlō, e tšoanang le ha ho tlhotloa lero la morara sehatelong. Jehova o tla bona hore Bokreste-’mōtoana, bo tšoantšelitsoeng ka Jerusalema, bo ripitloa ka ho tšoanang.
-