-
“Kahlolo e Etsoang ho Latela Lipatlisiso”—Na ke Thuto e Thehiloeng Bibeleng?Molula-Qhooa—1997 | July 15
-
-
Temana ea sehlooho e bontšitsoeng bakeng sa ho tšehetsa thuto ena ke Daniele 8:14. E baleha tjena: “O ile a re ho ’na, Ho fihlela matsatsi a e-ba likete tse peli le makholo a mararo; ebe sehalalelo sea hloekisoa.” (King James Version) Ka lebaka la polelo “ebe sehalalelo sea hloekisoa,” Masabatha a mangata a amahanya temana ena le Levitike khaolo ea 16. E hlalosa ho hloekisoa ha sehalalelo ke moprista ea phahameng oa Mojuda Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe. Hape a amahanya mantsoe a Daniele le Baheberu khaolo ea 9, e hlalosang Jesu e le Moprista ea Phahameng e Moholoanyane leholimong. Setsebi se seng sa le-SDA se bolela hore monahano ona o thehiloe mokhoeng oa “ho paka taba ka litemana.” Motho o fumana “lentsoe le itseng le kang sehalalelo ho Dan. 8:14, lentsoe lona leo ho Lev. 16, lentsoe lona leo hape ho Baheb. 7, 8, 9” ’me o etsa qeto “ea hore litemana tsena kaofela li bua ka ntho e le ’ngoe.”
Masabatha a nahana ka tsela ena: Ka kamoreng ea tempele e bitsoang Sehalalelo, letsatsi le letsatsi baprista ba Iseraele ea boholo-holo ba ne ba etsa tšebeletso e neng e fella ka tšoarelo ea libe. Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe, moprista ea phahameng o ne a etsa tšebeletso ea selemo le selemo ka har’a Se Halalelang ka ho Fetisisa (kamore ea tempele e ka hare-hare) e neng e fella ka ho hlakoloa ha libe. A etsa qeto ea hore tšebeletso ea Kreste ea boprista leholimong e na le likarolo tse peli. Karolo ea pele e ile ea qala ka nyolohelo ea hae lekholong la pele la lilemo, ea fela ka 1844, ’me ea fella ka tšoarelo ea libe. Ea bobeli, kapa “karolo ea kahlolo,” e ile ea qala ka la 22 October, 1844, e ntse e tsoela pele, ’me e tla fella ka ho hlakoloa ha libe. See se finyelloa joang?
Ho tloha ka 1844, ho boleloa hore Jesu o etsa lipatlisiso litlalehong tsa bophelo tsa bohle ba ipolelang hore ke balumeli (o qala ka tsa ba shoeleng, ho latele tsa ba phelang) ho lekanyetsa hore na ba tšoaneloa ke bophelo bo sa feleng. Tlhahlobo ena ke “kahlolo e etsoang ho latela lipatlisiso.” Ka mor’a hore batho ba ahloloe ka tsela ena, libe tsa ba fetang tlhahlobo ena ka katleho li hlakoloa libukeng tsa litlaleho. Empa, Ellen White o ile a hlalosa hore ba sa feteng tlhahlobo ena ka katleho ‘mabitso a bona a tla hlakoloa bukeng ea bophelo.’ Kahoo, “qetello ea bohle e tla be e reriloe bakeng sa bophelo kapa lefu.” Mothating oo sehalalelo sa leholimo se hloekisitsoe ’me Daniele 8:14 e phethahalitsoe. Ke seo Masabatha a se rutang. Empa sengoliloeng sa SDA se bitsoang Adventist Review sea lumela: “Polelo kahlolo e etsoang ho latela lipatlisiso ha e fumanehe ka Bibeleng.”
Kamano ea Mantsoe ea Haella
Thuto ena e tšoentse Masabatha a mang. Moshebelli e mong o re: “Histori e bontša hore baeta-pele ba tšepahalang lithong tsa rōna ba ile ba ferekana ha ba ntse ba nahana ka thuto ea rōna ea neano ea kahlolo e etsoang ho latela lipatlisiso.” O eketsa ka hore lilemong tsa morao tjena ho ferekana ho ile ha fetoha pelaelo ha litsebi li ne li qala ho “belaella litšiea tse ngata tsa tlhaloso ea rōna e tloaelehileng ea thuto ea rōna mabapi le ho hloekisoa ha sehalalelo.” A re hlahlobeng tse peli tsa tsona hona joale.
Tšiea ea pele: Daniele khaolo ea 8 e amahanngoa le Levitike khaolo ea 16. Motheo ona o fokolisoa ke mathata a mabeli a ka sehloohong—puo le litemana tse potolohileng taba. Taba ea pele, nahana ka puo. Masabatha a lumela hore ‘sehalalelo se hloekisitsoeng’ ho Daniele khaolo ea 8 ke phethahatso ea ‘sehalalelo se hloekisitsoeng’ sa Levitike khaolo ea 16. Qeto ena ea hore ha lintho tse peli li lumellana lintlheng tse itseng mohlomong li tla lumellana le ho tse ling e ile ea bonahala e amoheleha ho fihlela bafetoleli ba hlokomela hore ho “hloekisoa” ho King James Version ke phetolelo e fosahetseng ea leetsi la Seheberu tsa·dhaqʹ (le bolelang “ho loka”) le sebelisitsoeng ho Daniele 8:14. Moprofesa oa thuto ea bolumeli Anthony A. Hoekema oa bontša: “Ke bomalimabe hore ebe lentsoe lena le ile la fetoleloa e le hloekisoa, kaha leetsi la Seheberu leo ka tloaelo le fetoleloang e le hloekisoa [ta·herʹ] ha lea sebelisoa ho hang mona.”a Le sebelisitsoe ho Levitike khaolo ea 16 moo King James Version e fetolelang libōpeho tsa ta·herʹ e le “hloekisa” le “hloeka.” (Levitike 16:19, 30, NW) Kahoo, ke ka nepo Dr. Hoekema a etsang qeto ena: “Haeba Daniele o ne a batla ho bua ka mofuta oa ho hloekisa o neng o etsoa Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe, a ka be a sebelisitse taheer [ta·herʹ] ho e-na le tsadaq [tsa·dhaqʹ].” Empa, tsa·dhaqʹ ha e fumanoe ho Levitike, ’me ta·herʹ ha e fumanoe ho Daniele. Kamano ea mantsoe ea haella.
Litemana Tse Potolohileng Taba li Senola Eng?
Joale nahana ka litemana tse potolohileng taba. Masabatha a utloisisa hore Daniele 8:14 e “arohile litemaneng tse e potolohileng,” ha e amane le litemana tse e etellang pele. Empa na u ba le maikutlo ao ha u bala Daniele 8:9-14 (NW) lebokoseng le kenyelelitsoeng leo sehlooho sa lona se reng “Litemana Tse Potolohileng Daniele 8:14”? Temana ea 9 e khetholla mohlaseli, lenaka le lenyenyane. Temana ea 10-12 e senola hore mohlaseli enoa o tla hlasela sehalalelo. Temana ea 13 ea botsa, ‘Tlhaselo ee e tla tsoela pele halelele hakae?’ ’Me temana ea 14 ea araba: “Ho fihlela matsatsi a e-ba likete tse peli le makholo a mararo; ’me ka sebele sebaka se halalelang se tla behoa boemong ba sona bo nepahetseng.” Ho hlakile hore temana ea 13 e botsa potso e arajoang temaneng ea 14. Moruti oa thuto ea bolumeli Desmond Ford o re: “Ho arola Dan. 8:14 mohoong ona [“Ka nako e kae?” temaneng ea 13] ke ho fana ka tlhaloso e hlokang se e tšehetsang.”b
Ke hobane’ng ha Masabatha a arola temana ea 14 litemaneng tse e potolohileng? Ho qoba qeto e tlotlollang. Litemana tse potolohileng li fana ka sesosa sa ho silafala ha sehalalelo, ho boletsoeng temaneng ea 14, e le mesebetsi ea lenaka le lenyenyane. Leha ho le joalo, thuto ea bolumeli ea “kahlolo e etsoang ho latela lipatlisiso” e fana ka sesosa sa ho silafala ha sehalalelo e le mesebetsi ea Kreste. Ho boleloa hore o fetiselitse libe tsa balumeli sehalalelong sa leholimo. Ka hona, ho etsahala’ng haeba Masabatha a amohela ka bobeli thuto ena ea bolumeli le litemana tse potolohileng taba? Dr. Raymond F. Cottrell, eo e leng Mosabatha le ea neng a sebetsa hammoho le bahlophisi ba SDA Bible Commentary, oa ngola: “Ha re etsa eka re lumela hore tlhaloso ea SDA e hlahloba Daniele 8:14 ho latela litemana tse e potolohileng joale hoo e ne e tla ba ho tsebahatsa lenaka le lenyenyane e le Kreste.” Dr. Cottrell o lumela ka botšepehi: “Re ke ke ra lumellanya litemana tse potolohileng le tlhaloso ea Masabatha.” Ka lebaka leo, mabapi le “kahlolo e etsoang ho latela lipatlisiso,” Kereke ea Sabatha e ile ea tlameha ho etsa khetho—ho amohela thuto ea bolumeli kapa ho lumela litemana tse potolohileng Daniele 8:14. Ka bomalimabe, e ile ea amohela thuto ea bolumeli ’me ea lahla taba e potolohileng. Dr. Cottrell o re ha ho makatse hore ebe liithuti tsa Bibele tse nang le tsebo li beha Masabatha molato bakeng sa “ho kenyelletsa ka har’a Lengolo” se ke keng sa “fumanoa Lengolong”!
Ka 1967, Dr. Cottrell o ile a lokisetsa thuto ea sekolo sa sabatha mabapi le Daniele, e ileng ea romeloa likerekeng tsa SDA lefatšeng ka bophara. E ne e ruta hore Daniele 8:14 ka sebele e amana le litemana tse e potolohileng le hore “ho hloekisa” hase ha balumeli. Hoa hlokomeleha hore thuto ena ha e re letho ka “kahlolo e etsoang ho latela lipatlisiso.”
Likarabo Tse Babatsehang
Masabatha a elelloa hakae hore tšiea ee e fokola haholo hore e ka tšehetsa thuto ea “kahlolo e etsoang ho latela lipatlisiso”? Dr. Cottrell o ile a botsa baruti ba 27 ba Sabatha ba thuto ea bolumeli ba etellang pele, ‘Le ka fana ka mabaka afe a puo kapa a litemana tse potolohileng taba bakeng sa kamano pakeng tsa Daniele khaolo ea 8 le Levitike khaolo ea 16?’ Ba ile ba arabela joang?
“Bana ba mashome a mabeli a metso e supileng kaofela ba ile ba tiisa hore ha ho na mabaka a puo le a litemana tse potolohileng taba a ho sebelisa Dan. 8:14 tabeng ea letsatsi la ho koaheloa ha libe le tšoantšetsoang ke la boholo-holo le kahlolo e etsoang ho latela lipatlisiso.” O ile a ba botsa, ‘Na le na le mabaka leha e le afe a mang a ho amahanya lintho tsee?’ Boholo ba litsebi tsa Masabatha bo ile ba bolela hore ha bo na mabaka a mang, tse hlano li ile tsa araba ka hore li ile tsa amahanya lintho tsena hobane Ellen White a ile a li amahanya, ’me tse peli li ile tsa bolela hore li thehile thuto ena “ketsahalong ea tšohanyetso e molemo ka tsela e neng e sa lebelloa” phetolelong. Moruti oa thuto ea bolumeli Ford o re: “Liqeto tse joalo tse etsoang ke litsebi tsa rōna tse molemohali tsa thuto ea rōna ka sebele li tiisa hore thuto ea rōna ea neano mabapi le Dan. 8:14 ha e na mabaka.”
Na Buka ea Baheberu e na le Thuso Leha e le Efe Thutong Ee?
Tšiea ea bobeli: Daniele 8:14 e amahanngoa le Baheberu khaolo ea 9. Moruti oa thuto ea bolumeli Ford o re: “Libuka tsa rōna tsa pele kaofela li sebelisa Baheb. 9 haholo ha li hlalosa Dan. 8:14.” Kamano ena e simolohile ka mor’a “Masoabi a Maholo” ka 1844. Ha a batla tataiso, Momillere Hiram Edson o ile a akhela Bibele ea hae tafoleng e le hore e ka phetleha. Phello e bile efe? E ile ea phetleha ho Baheberu khaolo ea 8 le ea 9. Ford o re: “Ke eng e neng e ka ba e loketseng haholoanyane le e neng e ka ba ea tšoantšetso haholoanyane tabeng ea polelo ea Masabatha ea hore likhaolo tsena li tšoere senotlolo sa moelelo oa 1844 le Dan. 8:14!”
Dr. Ford, bukeng ea hae ea Daniel 8:14, the Day of Atonement, and the Investigative Judgment, oa eketsa: “Polelo eo ke ea bohlokoahali ho Masabatha. Ke ho Baheb. 9 feela . . . moo ho ka fumanoang tlhaloso e qaqileng ea moelelo oa . . . thuto ea sehalalelo eo e leng ea bohlokoa hakana ho rōna.” E, Baheberu khaolo ea 9 ke khaolo e ka “Testamenteng e Ncha” e hlalosang moelelo oa boprofeta oa Levitike khaolo ea 16. Empa Masabatha le ’ona a bolela hore Daniele 8:14 ke temana e ka “Testamenteng ea Khale” e etsang joalo. Haeba lipolelo tsena ka bobeli ke ’nete, e tlameha ebe ho boetse ho na le kamano pakeng tsa Baheberu khaolo ea 9 le Daniele khaolo ea 8.
Desmond Ford oa hlokomela: “Lintho tse itseng li totobala kapele ha motho a bala Baheb. 9. Ha ho na moo ho buuoang ka buka ea Daniele ka ho totobetseng, ’me ka sebele ha ho na moo ho buuoang ka Dan. 8:14. . . . Khaolong ena kaofela ke moo Lev. 16 e sebetsang.” O re: “Thuto ea rōna ea sehalalelo e ke ke ea fumanoa bukeng e le ’ngoe feela ea Testamente e Ncha e tšohlang moelelo oa litšebeletso tsa sehalalelo. Sena se hlokometsoe ke bangoli ba tsebahalang haholo ba Masabatha ho pota lefatše.” Ka hona, he, tšiea ea bobeli le eona e fokola haholo hore e ka tšehetsa thuto e belaetsang.
Leha ho le joalo, qeto ena ha e ncha. Dr. Cottrell o re, ka lilemo tse ngata “litsebi tsa Bibele tsa kereke li ’nile tsa elelloa ka ho feletseng mathata ao tlhaloso ea rōna ea neano ea Daniele 8:14 le Baheberu 9 e thulanang le ’ona.” Lilemong tse ka bang 80 tse fetileng, Mosabatha ea nang le tšusumetso E. J. Waggoner o ile a ngola: “Thuto ea Masabatha mabapi le sehalalelo, ka ‘Kahlolo e Etsoang ho Latela Lipatlisiso’ ea eona . . . , e batla e le ho latola ho koaheloa ha libe.” (Confession of Faith) Lilemong tse fetileng tse fetang 30, mathata a joalo a ile a hlahisoa Phuthehong e Akaretsang, e leng baeta-pele ba Kereke ea SDA.
Mathata le Tšitiso
Phutheho e Akaretsang e ile ea khetha “Komiti ea Mathata a Leng Bukeng ea Daniele.” E ne e lokela ho etsa tlaleho ea kamoo ho ka rarolloang mathata a tobaneng le Daniele 8:14. Litho tse 14 tsa komiti ena li ile tsa hlahloba taba ena ka lilemo tse hlano empa tsa hlōleha ho ba ntsoe-leng tharollong. Ka 1980, setho sa komiti Cottrell se ile sa bolela hore bongata ba litho tsa komiti bo ne bo ikutloa hore tlhaloso ea Masabatha ea Daniele 8:14 e ne e ka “tiisoa ka ho khotsofatsang” ka letoto la “likhakanyo” le hore mathata “a lokela ho lebaloa.” O ile a eketsa: “Hopola hore lebitso la komiti ena e ne e le Komiti ea Mathata a Leng Bukeng ea Daniele, ’me bongata bo ne bo etsa tlhahiso ea hore re lebale mathata ’me re se bue letho ka ’ona.” Seo se ka be se ile sa tšoana le “ho lumela hore re ne re se na likarabo.” Ka hona ba seng bakae ba ile ba hana ho tšehetsa pono ea bongata, ’me ha hoa ka ha e-ba le tlaleho e ngotsoeng ka molao. Mathata a thuto a ile a sala a sa rarolloa.
Ha a bua ka tšitiso ena, Dr. Cottrell o re: “Khang ea Daniele 8:14 e sa ntse e tsoela pele hobane ho fihlela mona, re ’nile ra se ke ra ikemisetsa ho talimana le ’nete ea hore ho na le bothata ba sebele ba tlhaloso. Khang eo e ke ke ea fela hafeela re ntse re etsa eka ha ho bothata, hafeela ka bomong le ka sehlopha re ntse re tsitlallela hore ka bofofu re amohele maikutlo ao re bileng le ’ona pele re tseba taba.”—Spectrum, koranta e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Adventist Forums.
Dr. Cottrell o phehella Masabatha hore a etse “tlhahlobo e ’ngoe e hlokolosi ea likhakanyo tsa motheo le melao-motheo ea tlhaloso eo re thehileng tlhaloso ea rōna ea sena ho eona—bakeng sa Melao-motheo le Mekhoa ea Masabatha—eo e leng karolo ea bohlokoahali ea Lengolo.” Re khothalletsa Masabatha ho hlahloba thuto ea “kahlolo e etsoang ho latela lipatlisiso” ho bona hore na litšiea tsa eona li thehiloe ka ho tiea Bibeleng kapa li thehiloe lehlabatheng le sa tsitsang la lineano.c Moapostola Pauluse ka bohlale o ile a phehella: “Nepisisang lintho tsohle; le tšoarelle ka tieo ho se setle.”—1 Bathesalonika 5:21.
-
-
“Kahlolo e Etsoang ho Latela Lipatlisiso”—Na ke Thuto e Thehiloeng Bibeleng?Molula-Qhooa—1997 | July 15
-
-
Litemana Tse Potolohileng Daniele 8:14
DANIELE 8:9 “’Me ka ho le leng la ’ona ho ile ha tsoa lenaka le leng, le lenyenyane, ’me le ile la tsoela pele ho hōla haholo ho ella boroa le ho ella bochaba-tsatsi le ho ella Mokhabisong. 10 ’Me le ile la tsoela pele ho hōla ho pholletsa ho ea fihla lebothong la maholimo, e le hore le ka etsa hore ba bang ba lebotho lena le linaleli tse ling ba oele lefatšeng, ’me le ile la tsoela pele ho ba hatakela. 11 ’Me ho pholletsa ho ea fihla ho Khosana ea lebotho la ikhohomosa haholo, ’me karolo e hlaheletseng ea kamehla ea tlosoa, ’me sebaka se tiisitsoeng sa sehalalelo sa hae sa heletsoa. 12 ’Me ho ile ha nehelanoa ka lebotho, hammoho le karolo e hlaheletseng ea kamehla, ka lebaka la tšito; ’me le ile la tsoela pele ho lahlela ’nete lefatšeng, ’me le ile la nka bohato ’me la atleha.
“13 ’Me ke ile ka qala ho utloa mohalaleli e mong a bua, ’me mohalaleli e mong o ile a tsoela pele ho re ho ea itseng ea neng a bua: ‘Pono ee e tla ba karolo e hlaheletseng ea kamehla ka nako e kae le tšito e bakang lesupi, ho etsa hore sebaka se halalelang le lintho tsa lebotho li hatakeloe?’ 14 Ka hona o ile a re ho ’na: ‘Ho fihlela matsatsi a e-ba likete tse peli le makholo a mararo; ’me ka sebele sebaka se halalelang se tla behoa boemong ba sona bo nepahetseng.’”—New World Translation of the Holy Scriptures.
-