Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Senoloa Nako ea ho Tla ha Mesia
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • 25 Le hoja sebe le lefu li ile tsa tsoela pele ho hlorisa batho, ho tlosoa ha Jesu ka lefu le ho tsohela ha hae bophelong ba leholimo ho ile ha phethahatsa boprofeta. Ho ile ha ‘felisa tlōlo le sebe, ha koahela phoso ’me ha tlisa ho loka.’ Molimo o ne a tlositse selekane sa Molao, se neng se pepesitse Bajuda le ho ba ahlola hore ke baetsalibe. (Baroma 5:12, 19, 20; Bagalata 3:13, 19; Baefese 2:15; Bakolose 2:13, 14) Joale libe tsa bafosi ba bakileng li ne li ka hlakoloa, le likahlolo tseo ba li filoeng li ne li ka qheloa. Ka sehlabelo sa poelano sa Mesia, ba bontšang tumelo ba ne ba ka khona ho boelana le Molimo. Ba ne ba ka lebella ho amohela mpho ea Molimo ea “bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu.”—Baroma 3:21-26; 6:22, 23; 1 Johanne 2:1, 2.

  • Ho Senoloa Nako ea ho Tla ha Mesia
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
    • 27. Ke “Sehalalelo sa Lihalalelo” sefe se ileng sa tlotsoa, hona joang?

      27 Boprofeta bo ile ba boela ba bolela esale pele ka ho tlotsoa ha “Sehalalelo sa Lihalalelo.” Sena ha se bolele ho tlotsoa ha Sehalalelisiso, kapa kamore e ka hare-hare ea tempele ea Jerusalema. Mona, polelo “Sehalalelo sa Lihalalelo,” e bolela sehalalelo sa leholimo sa Molimo. Moo, Jesu o ile a hlahisa bohlokoa ba sehlabelo sa ’mele oa hae oa nama ho Ntat’ae. Sehlabelo seo se ile sa tlotsa, kapa sa khetha ntho ea sebele ea moea ea leholimo e neng e emeloa ke Sehalalelisiso sa tabernakele ea lefatšeng le sa tempele e ileng ea e-ba teng ka mor’a moo.—Baheberu 9:11, 12.

      BOPROFETA BO TIISITSOENG KE MOLIMO

      28. Ho ne ho boleloa’ng ka “ho beha tiiso ponong le ho moprofeta”?

      28 Boprofeta bo amanang le Mesia bo boletsoeng ke lengeloi Gabriele bo ile ba boela ba bua ka “ho beha tiiso ponong le ho moprofeta.” Sena se ne se bolela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e boletsoeng esale pele mabapi le Mesia—sohle seo a se finyeletseng ka sehlabelo sa hae, tsoho le ho hlaha leholimong, hammoho le lintho tse ling tse etsahalang bekeng ea bo70—e ne e tla hatisoa tiiso ea hore e tšehetsoa ke Molimo, e ne e tla ba ea ’nete hape e be e ka tšeptjoang. Pono ena e ne e tla tiisoa, ho etsoe hore e felle ho Mesia feela. E ne e tla phethahala ho eena esita le mosebetsing oa Molimo ka eena. Ke feela mabapi le Mesia ea boletsoeng esale pele moo re neng re ka fumana tlhaloso e nepahetseng ea pono ena. Ha ho letho le leng le neng le tla manolla seo e se bolelang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela