Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 7/1 maq. 21-25
  • Mahlohonolo a Bomolimo bakeng sa “ba Hlalefileng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mahlohonolo a Bomolimo bakeng sa “ba Hlalefileng”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nako ea Tsoho
  • Ho Tsohela “Lihlong”
  • ‘Ho Khanya Joaloka Maseli’
  • ‘Ba Tla Khanya ka ho sa Eeng kae’
  • Tsoho e ’Ngoe
  • ‘Tsebo ea ’Nete e Tla Eketseha’
  • Ho Khetholla Barapeli ba ’Nete Nakong ea Bofelo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Batho ba Tla Thusoa Hore ba Etse Lintho Tse Lokileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Mikaele Khosana e Khōlō Oa Ema
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Jehova o Tšepisa Daniele Moputso o Babatsehang
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 7/1 maq. 21-25

Mahlohonolo a Bomolimo bakeng sa “ba Hlalefileng”

“Ba hlalefileng ba tla khanya joale ka khanya ea leholimo, ba khannetseng ba bangata ho lokeng ba khanye joale ka linaleli ka mehla le mehla, ka ho sa eeng kae.”—DANIELE 12:3.

1. Kamor’a ho hlalosa nako ea matšoenyeho holim’a bahlohlelletsi ba ntoa, lengeloi joale le lebisa tlhokomelo ea lona ho eng?

BOPROFETA ba lengeloi ho Daniele bo tlile le rōna ho tloha lekholong la bone la lilemo B.C.E. ho ea ho Harmagedone. Bo bontšitse hore Mikaele o tla tlisa khotso lefatšeng ka tsela e le ’ngoe feela e teng: ka ho timetsa bahlohlelletsi ba ntoa. Hona joale, kamor’a ho hlahloba histori ka mokhoa o tsotehang tjena pele ho nako, lengeloi le profeta a mang a mahlohonolo a enneng ka ho fetisisa a thabeloang ke batho ba Molimo “mehleng ea qetello.”—Daniele 10:14.

Nako ea Tsoho

2. Bafu ba bang ba ile ba “tsoha” joang “mehleng ea qetello”?

2 Lengeloi le bolella Daniele: “Ba bangata ho ba robetseng lerōleng la lefatše ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele lihlong le sekhobo se sa feleng.” (Daniele 12:2) Ka ho hlakileng, ‘mehla ea qetello’ ke nako ea tsoho, ea ho tsosa ba “robetseng lerōleng la lefatše.” Tsoho e ’ngoe e joalo e qalile hang kamor’a hore Jesu e be Morena ka 1914. (Mattheu 24:3) Moapostola Pauluse ha a lebelletse nako eo, o ile a ngola: “Rōna ba tlang ho phela le ho salla ho tla ha Morena, re ke ke ra raka ba robetseng. . . . Ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.” (1 Ba-Thessalonika 4:15, 16; Tšenolo 6:9-11) Ho totobetse joale hore, nakoana kamorao ho 1914 Jesu o ile a tsosetsa bophelong ba moea maholimong bao e leng ba “Iseraele oa Molimo” ba neng ba se ba shoele ba tšepahetse. (Ba-Galata 6:16) Ho bona, ho tsoha e ne e le ho tsohela “bophelo bo sa feleng.”

3, 4. Sehlopha sa bahlanka ba tšepahalang ba Molimo se ile sa ‘shoa’ joang ka 1918?

3 Empa ha ho pelaelo hore mantsoe a lengeloi a akarelletsa tsoho e ’ngoe. Ka lilemo tse ka bang 40 pele ho 1914, sehlotšoana sa Bakreste se ne se ’nile sa lemosa hore selemo seo se ne se tla tšoaea bofelo ba Mehla ea Balichaba joalokaha Jesu a profetile. (Luka 21:24) Bakreste bana ba etsa hore Zion’s Watch Tower Tract Society o ngolisoe ka molao ka 1884, ’me ba phatlalatsa liphello tsa patlisiso ea bona ea Bibele koranteng e neng e bitsoa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence.

4 Ka 1914 ’nete ea molaetsa oa bona e ile ea tiisoa ka matla ha ntoa ea pele ea lefatše e qhoma, ’me “tlokotsi” e profetiloeng ke Jesu e qaleha. (Mattheu 24:7, 8) Leha ho le joalo, lira tsa bona tsa bolumeli li ile tsa sebelisa moea oa ntoa ho ba hlorisa ho fihlela ha, qetellong, ka 1918, mosebetsi oa bona oa ho bolela o emisoa ho hang, ’me bahlanka ba ka sehloohong ba Mokhatlo oa Watch Tower ba kenngoa chankaneng ka leeme. Hona ho ile ha tsosa thabo e khōlō likarolong tse ling. Hape ho ile ha phethahatsa boprofeta bo ngotsoeng bukeng ea Tšenolo: “Etlare hobane li phethe bopaki ba tsona, sebata se nyolohang sekoting se tla li loantša, se li hlōle, se li bolaee.”—Tšenolo 11:7.

5, 6. Phihlelo ea sehlopha sena ka 1919 e ile ea phethahatsa joang boprofeta ba hore “ba bangata ho ba robetseng lerōleng la lefatše ba tla tsoha”?

5 Leha ho le joalo, ho latela boprofeta bona, ba ne ba sa lokela ho ‘shoella’ ruri. “Empa ha ho fetile matsatsi a mararo, ho isa mahareng a letsatsi le leng, moea oa bophelo o tsoang ho Molimo oa kena ho bona; ba ema ka maoto a bona, ’me tšabo e kholo ea oela ba ba bonang. . . . Ba fela ba nyolohela leholimong ka leru, ba ntse ba bonoa ke lira tsa bona.” (Tšenolo 11:11, 12; Ezekiele 37:1-14) Ho hlakile hore tsoho ea bona e ne e le ea tšoantšetso, hobane tsoho ea sebele e isang bophelong ba moea leholimong e ne e ke ke ea bonahala ho lira tsa bona. Ho e-na le hoo, ba ile ba tsosoa boemong bo kang ba lefu ba ho se sebetse ho ea boemong bo hlasimolohileng ba tšebetso e mafolo-folo mahlong a ba neng ba rerile hore ba fele. Ka 1919 baemeli ba Mokhatlo oa Watch Tower ba ile ba lokolloa chankaneng, mosebetsi oa ho bolela oa hlophisoa bocha, ’me lefatše la bona qaleho ea phutuho e kholohali ea bopaki ba ’Muso historing.—Mattheu 24:14.

6 Ka kutloisiso ena ea tšoantšetso, ‘ba bangata ho ba robetseng lerōleng la lefatše ba ile ba tsoha.’ Joale, ho tloha ka 1919, sehlotšoana seo se tsositsoeng sa Liithuti tsa Bibele sa qala ho batla le ho bokella masala a baena ba Jesu e le hore palo e feletseng ea ba 144 000 e ka tiisoa. (Mattheu 24:31; Tšenolo 7:1-3) Ha batho ka bomong ba ntse ba arabela, ba ineela ho Molimo ka Kreste ’me ba fetoha litho tsa mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova lefatšeng. Ba amohetse neo e sa lefelloeng ea moea o halalelang, ba boleloa ba lokile motheong oa tumelo ea bona sehlabelong sa topollo sa Jesu ’me ba nkeloa ka lapeng e le bara ba Molimo ka tsela ea moea.—Ba-Roma 8:16; Ba-Galata 2:17; 3:8.

7. Bakeng sa ba bangata ho bana, hona ho tla ipaka e le ho tsohela “bophelo bo sa feleng” joang?

7 Ba bang ba bona ba tšepahalang ho isa qetellong ea bophelo ba bona ba lefatšeng ba lebelletse ka tieo ho ba libakeng tsa bona leholimong pel’a Jesu Kreste. (1 Ba-Korinthe 15:50-53) Kahoo, ho tsoha ha bona ka moea ke ho isang bophelong bo sa feleng. Ha ba sa ntsane ba phela lefatšeng, khotso e teng har’a bona le hoja ba phela lefatšeng le loanang. (Ba-Roma 14:19) Empa habohlokoa haholoanyane, ba thabela khotso le Jehova Molimo ka boeena, “khotso ea Molimo e fetisang kutloisiso eohle.”—Ba-Filippi 4:7.

Ho Tsohela “Lihlong”

8, 9. Ke ka tsela efe tsoho ena ea moea e ka bang ho tsohela “lihlong le sekhobo se sa feleng”?

8 E be joale ke hobane’ng ha ba bang ba ‘tsohela lihlong le sekhobo se sa feleng’? ’Nete ke hore, hase bohle ba amohetseng memo ea ho ba karolo ea sehlopha seo sa ’Muso ba lulang ba tšepahetse. Ba bang ba lumella tumelo ea bona hore e fokole ’me ba sitoa ho mamella. (Ba-Heberu 2:1) Ba ’maloa ba bile ba fetoha bakoenehi ’me ba tlamehe hore ba tlosoe phuthehong ea Bokreste. (Mattheu 13:41, 42) Ba joalo ba hlalosoa ke Jesu e le ‘mohlanka eo ea khopo’ eo Morena oa hae a mo otlang ka ho mo “pomahanya likoto,” le ho mo nea kabelo e le ’ngoe le baikaketsi. “Ke moo lillo li tla ba teng le litsikitlano tsa meno.”—Mattheu 24:48-51; Ba-Efese 4:18; 5:6-8.

9 Ke bomalimabe bo bokaakang ho amohela tokelo e phahameng ka ho fetisisa e kileng ea neoa batho ba sa phethahalang e be joale ua e nyelisa! Ho ba etsang ka tsela ena, moapostola Pauluse o itse: “Ba seng ba kile ba bonesetsoa, ba lekileng neo ea leholimo, ba filoeng kabelo Moeeng o Halalelang, ba latsoitseng lentsoe le monate la Molimo, le matla a bophelo bo tlang ho tla, bao ha ba ka oa, ha ho kamoo ba ka boelang ba nchafatsoa hore ba boele ba bake, hobane ba boela ba ithakhisetsa Mor’a Molimo, ba mo etsetsa nyeliso.” (Ba-Heberu 6:4-6) Ka tsela ena, ho tsoha ha bona ho fetoha ho tsohela “lihlong le sekhobo se sa feleng.” Ha ba sa na tebello e ’ngoe ea bophelo bo sa feleng.

‘Ho Khanya Joaloka Maseli’

10. “Ba hlalefileng” ke bafe, hona ba “khanya joale ka maseli” joang?

10 Empa bakeng sa ba lulang ba tšepahetse, boprofeta bo re: “Empa ba hlalefileng ba tla khanya joale ka khanya ea leholimo, ba khannetseng ba bangata ho lokeng ba khanye joale ka linaleli ka mehla le mehla, ka ho sa eeng kae.” (Daniele 12:3) Ho hlakile hore “ba hlalefileng” ke litho tse tšepahalang tsa masala a phutheho e tlotsitsoeng ea Bokreste, a ‘tletseng tsebo e nepahetseng ea thato ea oona, ka bohlale bohle, le kelello eohle ea Moea.’ A matlafalitsoe ke Jehova, a ‘mamella nthong tsohle ka matla a oona a khanyang, ho ba le mamello nthong tsohle le sebete se selelele ka thabo; a ntse a leboha Ntate ea a entseng ba loketsoeng ke ho ba le kabelo lefeng la bahalaleli leseling.’ (Ba-Kolosse 1:9, 11, 12) Leha ho le joalo, haesale ho tloha ka 1919 le hoja “lefifi le koahetse lefatše, botšo bo apesitse lichaba,” a ’nile a ‘khanya joaloka ka mahlaseli’ har’a batho. (Esaia 60:2; Ba-Filippi 2:15; Mattheu 5:14-16) A “khanya joale ka letsatsi ’musong oa Ntat’a ona.”—Mattheu 13:43.

11. Ke ka tsela efe “ba hlalefileng” ba ipakileng hore ke “ba khannetseng ba bangata ho lokeng”?

11 A ipaka joang hore ke “ba khannetseng ba bangata ho lokeng”? (Daniele 12:3) Liteboho li lebisoa bopaking ba oona bo tšepahalang, ba ho qetela ba Iseraele oa moea ba bokelletsoe ’me ba boletsoe ba lokile bakeng sa bophelo maholimong. Ho phaella moo, bongata bo boholo ba batho ba “linku tse ling” bo iponahalitse, bo khobokana leseling le tsoang ho Jehova le khanyang ho ‘sechaba sa habo Daniele.’ (Johanne 10:16; Zakaria 8:23) ‘Linku tsena tse ling’ li ikopantse ka boithatelo le masala mosebetsing oa oona oa ho ‘bolela litaba tse molemo.’ (Mattheu 24:14; Esaia 61:5, 6) Le tsona, li lumela maling a tšolotsoeng a Jesu Kreste, e le hore li ka boleloa li lokile ho thabela botsoalle le Molimo. (Tšenolo 7:9-15; bapisa Jakobo 2:23.) Haeba li tšepahala ho isa qetellong, mabitso a tsona a tla ’ne a fumanoe “a ngotsoe bukeng.” Kahoo, li ka lebella ho pholoha nako e mahlonoko ka ho fetisisa ea tlokotsi e kileng ea oela lichaba.—Daniele 12:1; Mattheu 24:13, 21, 22.

‘Ba Tla Khanya ka ho sa Eeng kae’

12, 13. (a) “Ba hlalefileng” ba khona ho “khanya joang ka . . . ho sa eeng kae”? (b)’ Ba tla ipaka e le ba “khannetseng ba bangata ho lokeng” joang, ka tsela e ’ngoe?

12 Lengeloi le ile la bolella Daniele: “Ba hlalefileng ba tla khanya joale ka khanya ea leholimo, . . . joale ka linaleli ka mehla le mehla, ka ho sa eeng kae.” (Daniele 12:3) Batlotsuoa ba ka khanya ka ho sa eeng kae joang, kaha e mong le e mong o tla qetella a shoele? Ka hore ba ’ne ba ‘khanye’ le kamorao ho lefu. Jesu ha a ba hlalosa boemong ba bona ba leholimo, oa re bolella bukeng ea Tšenolo: “Se leng hona teng ke terone ea Molimo le ea Konyana, ’me bahlanka ba oona ba tla o sebeletsa; ba tla bona sefahleho sa oona, ’me lebitso la oona le tla ngoloa liphatleng tsa bona. Bosiu ha bo sa tla hlola bo e-ba teng, ’me ha ba sa hloka leseli la lebone, leha e le la letsatsi; hobane Morena Molimo o tla ba bonesa, ’me ba tla busa ka mehla le mehla.”—Tšenolo 22:3-5.

13 E, bana ba tsositsoeng ba tla busa joaloka marena e ka linaleli maholimong, “ka mehla le mehla.” Khanya ea bona ea moea e tla tlisetsa batho mahlohonolo a maholo. (Tšenolo 14:13) Ha e ba hlalosa joaloka “Jerusalema e Mocha,” buka ea Tšenolo ea tlaleha: “Motse ha o na ho bonesoa ke letsatsi le khoeli; hobane o bonesoa ke khanya ea Molimo, ’me Konyana ke lebone la oona. Lichaba li tla tsamaea leseling la oona, ’me marena a lefatše a tla tlisa teng khanya le hlompho ea ’ona.” (Tšenolo 21:2, 9, 23, 24) Ba tsositsoeng ba tla thusa ho sebeliseng melemo ea sehlabelo sa topollo “ho folisa ba-lichaba.” (Tšenolo 22:2) Etlare qetellong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ha Jesu le ba 144 000 bao e leng marena le baprista le eena ba khutliselitse batho ba tšepahalang phethehong, ka sebele ba tla be ba tlisitse “ba bangata ho lokeng.” Kamorao ho teko ea ho qetela ka nako eo, batho ba khutliselitsoeng phethehong ba tla thea mokhatlo o phethahetseng oa batho o phelang lefatšeng la paradeise ka mehla le mehla. (Tšenolo 20:7-10; Pesaleme ea 37:29) Ka tsela ena, liphello tse bonahalang tsa khanya ea leholimo ea ‘sechaba sa habo Daniele’ le tsona li tla tšoarella “ka mehla le mehla, ka ho sa eeng kae.”

Tsoho e ’Ngoe

14. Boprofeta “ba bangata ho ba robetseng lerōleng la lefatše ba tla tsoha” bo tla akarelletsa le bo-mang hape?

14 Kahoo, mantsoe a lengeloi a re fetisetsa ka ’nģ’ane ho mehla ea ho “ema” ha Mikaele le “nako ea matšoenyeho” eo ho seng e kileng ea tšoana le eona ho ea kena hantle tsamaisong e ncha ea lintho. Ho feta moo, mahlohonolo a fetisoang ka bana ba khanyang “joale ka linaleli” a ke ke a lekanyetsoa ho ba pholohang “nako ea matšoenyeho.” Jesu, ha e sa ntsane e le motho lefatšeng, o itse: “Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.” (Johanne 5:28, 29) Mantsoe ana a supa tsohong ea sebele ea batho ba shoeleng, ’me ha ho pelaelo hore tsoho ena, le eona, ke phethahatso e tsoelang pele ea mantsoe a lengeloi: “Ba bangata ho ba robetseng lerōleng la lefatše ba tla tsoha.”—Daniele 12:2.

15. Bakeng sa ba tsositsoeng ka nako eo, ke joang ho tlang ho ipaka e le ho tsohela “bophelo bo sa feleng”?

15 Har’a ba tla akarelletsoa tsohong ena e khethehileng e tla ba Daniele ka boeena. Lengeloi le ile la mo bolella: “Empa uena, u ikele bofelong ba hao, hobane u tla phomola [robala lefung], ’me u tla tsohela lefa la hao qetellong ea matsatsi.” (Daniele 12:13) Ba tšoanang le Daniele ba tsosoang ka nako eo le ba arabelang tšebeletsong ea Jesu le ea baena ba hae e tsoang leholimong, ba tla tsosetsoa bothong bo phethahetseng. Ha ba feta teko ea ho qetela, mabitso a bona a tla ngoloa ka mehla bukeng ea bophelo. (Tšenolo 20:5) Le ho bona, tsoho e tla ba e isang ‘bophelong bo sa feleng.’

16. Ke bakeng sa bo-mang moo ho tsohela tsamaisong e ncha ea lintho ho tla ipaka e le “sekhobo se sa feleng”?

16 Leha ho le joalo, hase bohle ba tla arabela. Ha ho pelaelo hore ba bang ba tla leka ho khutlisa mekhoa e ileng ea amoha motho khotso ka nako e telele hakana. Ba joalo ba na le temoso e ntle e tsoang ka Bibeleng: “Ha e le ba boi, le ba sa lumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang melimo, le mahata kaofela, kabelo ea bona e ka letšeng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobeli.” (Tšenolo 21:8) ‘Lefu lena la bobeli’ ke kahlolo e tobileng e tsoang ho Jehova eo ho seng tsoho ho eona. Ke ho lebaloa ka ho sa feleng le ha ka mehla le mehla. Ba tsosoang ba ipakang ba sa ananele ba tla hlokofatsoa ke lefu lena la bobeli; kahoo, ho tsoha ha bona e tla ba ho tsohela “lihlong le sekhobo se sa feleng.”—Daniele 12:2.

‘Tsebo ea ’Nete e Tla Eketseha’

17. Re tseba joang hore boprofeta ba morena oa leboea le morena oa boroa bo ile ba ngoloa haholo-holo molemong oa rōna kajeno?

17 Lengeloi joale le fana ka mantsoe a keletso ho Daniele: “Uena Daniele, u koahele taba tseo, u manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ea bofelo; ba bangata ba tla e bala [ba fuputse ka ho eona], ’me tsebo [ea ’nete] e tla eketseha.” (Daniele 12:4) Mantsoe ana a hapa tlhokomelo ea rōna. Le hoja boprofeta ba lengeloi mabapi le marena ana a mabeli bo qalile ho phethahala lilemong tse fetileng tse ka bang 2 300, ho a utloisisa ho butsoe haholo-holo ‘nakong ena ea bofelo,’ haholo-holo ho tloha ka 1919. Mehleng ena, ‘ba bangata ba bala ka ho fuputsa’ ka Bibeleng, ’me tsebo ea ’nete e eketsehile ka sebele. Ena ke nako eo ka eona Jehova a fileng ba hlalefileng tsebo.

18. (a) Ke likarolo life tse ka sehloohong tsa boprofeta tse phethahalang hona joale kapa tse tla tloha li phethahala? (b) Hoo ho re nea boikutlo bofe bo leka-lekaneng?

18 ’Nete ea hore litšobotsi tse ngata tsa boprofeta li ile tsa phethahala makholo-kholo a lilemo khale e sebeletsa ho tiisa tumelo ea rōna likarolong tsa boprofeta tseo e leng hona li tla etsahala. (Joshua 23:14) Lefatše kajeno le tsekollana ntoeng e pakeng tsa morena oa leboea le morena oa boroa, joalokaha lengeloi le profetile. Ho feta moo, boprofeta bo bile bo hlokomelisa ka linako tse kotsi haholoanyane tse tlang. Ka hona re thusoa hore re tsitse ’me re qobe ho hulanyetsoa koana le koana ke mashano a morena leha e le ofe ho ana a mabeli. Ena ke nako ea ho tiisa tšepo ea rōna ho Jehova. Le ka mohla u se lebale hore “Mikaele, khosana . . . e kholo” o ‘emetse’ sechaba sa Molimo. Poloko feela e tiileng ea rōna e tla ka ho ikokobetsa tlas’a ’Muso oa Molimo o tlas’a Kreste Jesu.—Liketso 4:12; Ba-Filippi 2:9-11.

19. Mantsoe a lengeloi ho Daniele ke a bohlokoa bofe bakeng sa e mong le e mong oa rōna?

19 Ka baka leo, lula haufi le “ba hlalefileng,” ba ‘khanyang joale ka khanya ea leholimo.’ Lula u le mafolo-folo ho sebeletseng ’muso oa Molimo. (1 Ba-Korinthe 15:58; Ba-Roma 15:5, 6) Tebisa lerato la hao la ’nete ea Lentsoe la Molimo, ’me u nke khotso e teng leha e le hona joale mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo e le ea bohlokoa haholo. (Pesaleme ea 119:165; Ba-Efese 4:1-3; Ba-Filippi 2:1-5) Joale, ha Mikaele a “ema” ho robakanya lira tsa Jehova, e se eka u ka phonyoha hammoho le batho bohle ba Molimo bao mabitso a bona a “fumanoang a ngotsoe bukeng.”

Na U Ka Arabela?

◻ Ke ka tsela efe ho bileng le ho tsoha ha ‘ba bangata ho ba robetseng lerōleng’?

◻ Ke joang ‘ho tsoha’ hona ho ka fetohang “ho tsohela lihlong”?

◻ “Ba hlalefileng” ba khanya joaloka linaleli le ho tlisa ba bangata ho lokeng joang?

◻ Ho tla ba le phethahatso efe ea kamoso ea ho tsoha ha “ba robetseng lerōleng”?

◻ Daniele 12:4 e phethahatsoa joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho tloha ka 1919 ba hlalefileng ba ’nile ba khantša ’nete e phelisang

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

foto ea NASA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela