Ea Lipaki Tsa Jehova-Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1998
K A MOKHOA o bontšang ho potlaka ho hoholo, moprofeta Joele o ile a bolela esale pele ka ho tla ha letsatsi la Jehova. ’Me o ile a khetholla senotlolo se isang pholohong ha a ne a ngola: “Ho tla bolokeha e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova.”—Joele 1:15; 2:1, 28-32, NW.
Letsatsi le joalo la Jehova le ile la tlela Jerusalema ka 607 B.C.E. E ne e le nako eo Jehova a lihang kahlolo ka eona. O ne a ile a lemosa baahi ba Juda le ba Jerusalema lilemo tse ngata esale pele hore ba ne ba tobane le ho ikarabella ho tebileng bakeng sa ho mo hlompholla. Ba ne ba tseba lebitso la hae ’me ba le sebelisa, empa ha baa ka ba kōpa tataiso ho Jehova ka tieo. Ba ne ba hlile ba sa lumele hore Jehova o ne a tla ba bitsa hore ba ikarabelle bakeng sa seo ba neng ba se etsa. (Neh. 9:26; Sof. 1:4-6, 12) Ho bona, hore ba ipiletse ho Jehova letsatsing la tsieleho e ne e tla ba sesomo, ’me Jehova o boletse hore o ne a ke ke a mamela. (Jer. 11:10, 11) Empa ha Jerusalema e ne e timetsoa, barati ba ho loka ba kang Jeremia, Baruke, Ebede-meleke, le bara ba Jonadabe ba ile ba bolokoa kahobane ba ne ba batla ka tieo ho etsa se nepahetseng le se thabisang Molimo.
Moapostola Petrose o ile a hlalosa hore boprofeta ba Joele bo ile ba boela ba phethahala lekholong la pele la lilemo. A tataisoa ke moea o halalelang, Petrose o ile a bontša hore se etsahetseng ka Pentekonta ea 33 C.E. e ne e le ho phethahala ha seo Joele a neng a se ngotse ka ho tšolloa ha moea oa Molimo pele ho tla letsatsi la Jehova. Letsatsi leo la Jehova le ile la tla ka khalefo e senyang holim’a Jerusalema ka 70 C.E. (Lik. 2:16-21) Leha ho le joalo, lilemo tse ka bang 14 pele ho moo, moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste Roma ’me a qotsa ho Joele 2:32. (NW) (Baroma 10:13) Hobane’ng? Ho hatisa ho hloka leeme ha Molimo ho Bajuda le Bagerike. Joalokaha moprofeta a ne a ngotse, pholoho e ne e tla fumanoa ke “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova.” Empa ke hobane’ng ha Bakreste ba Roma ho ne ho hlokahala hore ba lemosoe ka timetso e neng e tla oela Jerusalema e hōle? E le hore ba ne ba ka lula ba le ka ntle ho sebaka se kotsi. Batho leha e le bafe ba ileng ba ea moketeng oa Paseka ea Sejuda Jerusalema ka 70 C.E. ba ile ba qabelloa ha tlokotsi e oela motse oo. Empa hoo e ka bang lilemo tse ’nè pele ho moo, ba ileng ba mamela lentsoe la Molimo ka Mora oa hae ba ne ba tsoile motseng oo o timetseng.—Luka 21:20-22.
Letsatsi la Jehova le tlang ho ba le phello e khōlō ho feta la pele hona joale le larile ka pele ho rōna. Ho lihuoa ha kahlolo ea Jehova ho tla fihla likhutlong tsohle tsa lefatše. Empa e mong le e mong a ka pholoha—ho sa tsotellehe hore na ke oa sechaba sefe, morabe ofe, kapa puo efe—eo ka ho ba le tumelo e feletseng a ipiletsang lebitsong la Jehova ’me a bontša tumelo sehlabelong se koahelang libe sa Mora oa hae, Jesu Kreste. (Tšen. 7:9, 10) Leha ho le joalo, Baroma 10:14 ea botsa: “Ba tla ipiletsa joang ho eo ba sa behang tumelo ho eena? Hape, ba tla beha tumelo joang ho eo ba e-s’o utloele ka eena?” Lipaki tsa Jehova li hlokomela ho potlaka ha ho fa e mong le e mong monyetla oo.
Selemong se fetileng sa tšebeletso, ho tloha ka September 1996 ho fihlela ka August 1997, Lipaki tsa Jehova li fane ka bopaki bo hlollang ka Jehova, Mora oa hae le ’Muso oa Bomesia. Li ile tsa tlaleha bopaki ba phatlalatsa linaheng, lihlopheng tsa lihlekehleke le libakeng tse 232. Tlaleho e bontša hore lihora tse fetang limilione tse sekete, ha e le hantle tse 1179 735 841, li nehetsoe tšebeletsong ena! Ka karolelano, ho ile ha khannoa lithuto tsa Bibele tsa mahae tse 4552 589, ’me tlhōrō e ncha ea batho ba 375 923 e ile ea kolobetsoa e le tšoantšetso ea boinehelo ba bona ho Jehova.
Bopaki bona ba lefatše ka bophara ke bo hlollang ka ho khethehileng ha re hlokomela hore na ke bo-mang ba kopanelang ho bona. Ba tsoa lichabeng tsohle, merabeng eohle—ba bua lipuo tse makholo-kholo. Ba bangata ba loana le mathata a tebileng a moruo, joalokaha ho etsa batho ba ba potolohileng ba lefatše. Ba likete-kete ba linaheng tse harasoantsoeng ke ntoa. Ba bangata ba pakang ka botšepehi, ba loana le bokuli bo tebileng. Ho sa tsotellehe liketsahalo tse sithabetsang tse etsahetseng Rwanda, mono Lipaki, ka ntle ho bo-pula-maliboho, ka karolelano li qeta lihora tse fetang tse 20 ka khoeli tšebeletsong ea tšimo. Nakong ea moferefere Albania, bahoeletsi ba ile ba etsa bonnete ba hore ba paka esale hoseng ha ho batla ho khutsitse—pele ho thunyana ho ka qala.
Ka karolelano, khoeli e ’ngoe le ’ngoe lefatšeng ka bophara, ba 5353 078 ba ile ba kopanela mosebetsing oa ho phatlalatsa ’Muso. Tlhōrō e ncha ea ba 5599 931 e ile ea kopanela tšebeletsong ea tšimo ka nako e ’ngoe selemong. Ena e akarelletsa lebotho le leholo la bo-pula-maliboho—ba 706 270, ka karolelano khoeli le khoeli. Ena ke e fetang e kileng ea e-ba teng pele. Ke eng e tlatselitseng ho eona?
Karabelo e Chesehang Memong e Khethehileng
Mathoasong a 1997 ho ile ha tsoa khoeletso e reng: “Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang. . . .” Ka Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, ho ile ha fanoa ka litlhahiso tse sebetsang mabapi le hore na motho a ka etsa kemiso ka nako ea hae joang ho ho etsa. Khothatso e mofuthu e ile ea fanoa hore ho kopaneloe khoeli e le ’ngoe kapa tse eketsehileng likhoeling tsa ho tloha ka March ho ea ho May. Lekala ka leng le ile la ipehela pakane ea lona. Ka mohlala, ba 100 000 bakeng sa United States, ba 20 000 bakeng sa Philippines, ba 10-000 bakeng sa Rephabliki ea Korea, ba 2000 bakeng sa New Zealand, ba 350 bakeng sa Liberia.
Karabelo e bile efe? Bopaki bo babatsehang ba hore bahlanka ba Jehova kannete ‘ba ithaopa ka mafolofolo,’ joalokaha ho boletsoe esale pele ho Pesaleme ea 110:3. (NW) Ka March, Guadeloupe e ile ea feta pakane ea eona ea bo-pula-maliboho ba thusang ka karolo ea 43 lekholong; Ecuador, ka karolo ea 73 lekholong. Puerto Rico, e nang le ba 4173, e bile le ba fetang palo e lebeletsoeng habeli. Ho sa tsotellehe maemo a thata a moruo Ukraine, ha ho ntšoa khoeletso eo moo bakeng sa bo-pula-maliboho ba thusang ba 5000, ho ile ha ngolisa ba 10 365. United States, lipalo tse kopaneng bakeng sa likhoeli tse tharo tsa phutuho li ile tsa bontša bo-pula-maliboho ba thusang ba 251 880; palo ena e ne e emela karolo ea 130 lekholong ho feta selemong se fetileng ka nako e tšoanang.
Ho ile ha etsoa boiteko bo eketsehileng ba ho kopanela phutuhong ena e khethehileng. Liphello e ile ea e-ba life? Lekala le Liberia le ile la tlaleha: “Mosebetsi o hlile oa qala ho tsoela pele ka phutuho e khethehileng ea March. Ke sehlabelo se seholo ho sebeletsa u le pula-maliboho ea thusang naheng ena e harasoantsoeng ke ntoa, moo ba bang ba bara le barali babo rōna ba lahlehetsoeng ke matlotlo ’ohle a bona a lintho tse bonahalang ka makhetlo a mararo a sa tšoaneng. Ho ba bangata, ho lokisetsa feela lijo tsa motheo tsa lelapa letsatsi le letsatsi, mohlomong e le beisene ea ‘oli ea palema le ea reisi’ kapa koro e ‘haitsoeng,’ ke eona ntho e ka sehloohong eo ba amehileng ka eona. Ho ne ho bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala hore re tla finyella pakane ea rōna ea bo-pula-maliboho ba thusang ba 350, bao e neng e ka ba karolo ea 25 lekholong ea palo ea karolelano ea bahoeletsi selemong se fetileng. Leha ho le joalo, ka ho tšepa Jehova, barab’abo rōna ba ile ba arabela hantle, ’me tlhōrō e fetang tsohle ea ba 496 e ile ea kopanela mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang ka March! Re e-na le bo-pula-maliboho ba kamehla ba 150 le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 29, karolo e feletseng ea 42 lekholong ea bahoeletsi bohle ba tlalehileng ka March e ile ea kopanela mofuteng o mong oa tšebeletso ea bopula-maliboho!”
Ho thoe’ng ka libaka tseo tšimo ea tsona e neng e se e ntse e akaretsoa beke le beke kapa esita le hangata ho feta moo? Motseng o mong o haufi le lekala Colombia, monna e mong o ile a bolella pula-maliboho: “Ha ke kholoe. Ha ke il’o palama bese Faca, ba ile ba nkatamela. Letsatsi lohle esale ba mphumana—ka beseng, hohle. Hona joale ke 8:00 bosiu, ’me u sa ntse u bolela.” Hobane’ng? Hobane Lipaki tsa Jehova li batla ho thusa batho ho kena tseleng ea bophelo. Hape li batla ho lokoloha maling a ba hanang monyetla oo.—Ezek. 3:19; Lik. 20:26, 27.
Leha ho le joalo, March e ne e le khoeli eo ho neng ho tšoeroe Sehopotso sa lefu la Kreste ka eona. Ke ka tsela efe e molemo re neng re ka bontša kananelo bakeng sa seo le se bolelang haese ka ho kopanela haholoanyane mosebetsing oo Mora oa Molimo a o tšepetseng balateli ba hae!—Mat. 28:19, 20; Lik. 1:8.
“Le ’ne le Etse Sena”
Lefu le tsoho tsa Jesu Kreste li bile le tšusumetso e matla bophelong ba Mokreste e mong le e mong oa ’nete. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella . . . O ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.” (2 Bakor. 5:14, 15) Letsatsing la ho qetela la bophelo ba hae e le motho oa nama, Jesu Kreste o ile a theha sehopotso sa lefu la hae. Selemo se seng le se seng balateli ba hae ba tlotsitsoeng ka moea ba ne ba lokela ho keteka lefu la hae la sehlabelo. Ka la 23 March, 1997, ba ile ba etsa seo ba utloa taelo ea Jesu. (1 Bakor. 11:25) Ba bang ba limilione ba ile ba bokana le bona e le bashebelli. Kakaretso ea ba bileng teng lefatšeng ka bophara e bile ba 14 322 226, ba fetang milione ho feta ka 1996. E bile bopaki bo babatsehang hakaakang ba mohau le tlhohonolofatso ea Jehova!
Libakeng tse ngata, Lipaki tsa Jehova ka sebele li ne li cheseha ka ho mema ba bang hore li be teng le tsona Sehopotsong. Togo, bahoeletsi ba 19 motseng oa Game Seva ba bile le thabo ea ho bona ba 820 ba le teng. Bahoeletsi ba 209 ba etsang phuthehong e Aksu, Kazakstan, ba ile ba amohela ba 1080 bakeng sa ketsahalo ena e khethehileng. Ekpe, Benin, bahoeletsi ba 56 ka sebele ba ne ba maketse ba bile ba thabile ha ba 1351 ba e-ba teng bakeng sa ketsahalo ena. Sehlopha sa bahoeletsi ba bane feela ba Gbapa, Liberia, se ile sa etela batho khafetsa ka March ho ba hopotsa ka bohlokoa ba Sehopotso. Ka lebaka la seo, ho ile ha e-ba teng ba 193 motseng oo.
Ho Nka Bohato ka Tsebo e Isang Bophelong
Karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea Bokreste ke ho etsa barutuoa. Pele a khutlela leholimong, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba ‘etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, ba ba kolobetse le ho ba ruta.’ (Mat. 28:19, 20) Tumellanong le seo, Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li mema batho hore ba iphumanele lenaneo la mahala la thuto ea Bibele ea botho. Selemong sena se fetileng, ka karolelano khoeli ka ’ngoe, tse 4552 589 tsa lithuto tse joalo li ile tsa khannoa.
Tse ling tsa lithuto tsena li ne li khanneloa batho ba neng ba batla ’nete. Monna e mong Lebanon o ile a fumana likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! lithōleng. Ka mor’a ho li bala le ho hlokomela mpho ea thuto ea Bibele ea lehae ea mahala, o ile a tsamaea a batla Lipaki.
Ba bang ba ne ba sa nahane hore baa thahasella. Vanuatu, Pacific ka boroa-bophirimela, mora oa ramotse e mong ea neng a ithuta ’nete o ne a halefetse hore ebe batsoali ba hae ba tlohile Kerekeng ea Presbitheri ’me ba kopanela le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng pula-maliboho e mong o ile a khona ho buisana le mora eo ’me a ithaopela ho mo bontša hore na thuto ea Bibele e etsoa joang “e le teko feela.” Ho ile ha sebelisoa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ka mor’a hore ba akaretse sehlooho se le seng, mohlankana eo o ile a batla thuto ea bobeli, le ea boraro. Kapelenyana o ne a ithuta habeli ka beke ’me a e-ba teng libokeng.
Hang ha ba ho latsoa, batho ba bangatanyana ba batla ho ithuta ka makhetlo a ’maloa ka beke. Hoo e bile ’nete ka Lars, monna e mong Denmark ea neng a ipolela e le ea latolang boteng ba Molimo. Ka mor’a hore a lumele ho bala buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?, kapele-pele o ile a kholiseha hore Molimo o teng. Joale o ne a labalabela ho ithuta ka ho eketsehileng—o ne a labalabela hoo ka mor’a nakoana a neng a ithuta hararo ka beke ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Barab’abo rōna ba bararo ba ne ba chenchana ka ho khanna thuto eo.
Ke ’nete, ho ba le tsebo feela ha hoa lekana. Ho hlokahala hore motho a etse thato ea Molimo. Ka linako tse ling liphetoho ke tse khōlōhali. Boitšoaro ba mohlankana e mong Indonesia e ne e le bo nyonyehang hoo batsoali ba hae ba Maconfucius ba ileng ba nehelana ka eena ho ba boholong e le setlokotsebe. Empa ho hloka boikaketsi le lerato tseo a ileng a li bontšoa qetellong ha a e-ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa mo etsa hore a batle ho tseba Jehova. Ka mor’a likhoeli tse peli feela a ithuta, o ile a etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hae—ha a sa tsuba, ha a sa sebelisa lithethefatsi. Kapelenyana e ile ea e-ba mohoeletsi, eaba oa kolobetsoa ’me ea e-ba pula-maliboho ea thusang, ho latelang ea e-ba pula-maliboho oa kamehla—kaofela ka likhoeli tse 15!
Kannete, joalokaha ho boletsoe esale pele ho Tšenolo 7:9, 10, “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle, merabeng eohle, bathong bohle le malemeng ’ohle boa itlhahisa ho tla sebeletsa Jehova.
Ho Khona ho Finyella Batho
Ha Jesu Kreste a ne a phetha tšebeletso ea hae, o ne a e-ea moo batho ba leng teng. Sena se ne se mo isa malapeng a batho. O ne a boetse a paka moo batšoasi ba litlhapi ba neng ba hloekisetsa matlooa a bona teng, selibeng sa motse le tempeleng Jerusalema. (Mat. 13:1, 2; 26:55; Luka 5:1-3; Joh. 4:5-26) Moapostola Pauluse le eena o ile a bolela phatlalatsa ’me a ea “ka ntlo le ntlo” hobane eo e ne e le tsela e molemohali ea ho etsa bonnete ba hore ha ho ea tlōloang. (Lik. 20:20) Ha li etsisa sena, Lipaki tsa Jehova kajeno li ea moo batho ba leng hona teng.
Ho paka ka thelefono ho etsoa haholo ho feta leha e le neng pele. Hona ho nolofalletsa Lipaki ho kopana le batho kamehla ba lulang lifoleteng tse nang le tšireletso e phahameng, mehahong eo ho eona ho notleloang likeiti le metsaneng e koaloang ka likeiti. Thelefono e boetse e sebelisetsoa ho finyella makholo-kholo a lihlekehleke tse nyenyane tse qalikaneng tse etsang Bahamas. Sebaka le litjeo tsa ho ba finyella kamehla e ’nile ea e-ba tšitiso e khōlōhali. Leha ho le joalo, hona joale ho etsoa “maeto” a kamehla ka thelefono.
Mohoeletsi e mong Dominican Republic o thabela ho paka boema-fofane. Mohoeletsi eo oa tlaleha: “Tšimo ea boema-fofane e khethehile. Kantle le hore ke be le phasepoto, nka bua le batho ba lichaba tse ngata. Ke hlahisa lihlooho tse ipiletsang tseo batsamai ba ka li nkang ha ba palama. Ke boetse ke atamela ba tlisang batsamai boema-fofane kapa ba emetseng baeti ba fihlang. Ke tsamaisa limakasine tse ka bang 30 ka hora. Joale basebetsi ba boema-fofane baa nkemela e le hore ba ka iphumanela litokollo tsa morao-rao. Ke qalile thuto ea Bibele le e mong oa basebetsi.” Selemong sena se fetileng Lipaki Dominican Republic li boetse tsa bula lephephe Pontšong ea Libuka ea Sechaba, e leng ketsahalo e khōlōhali naheng eo. Meqoqo e metle mono e ile ea lebisa lithutong tse ngata tsa Bibele.
Baholo phuthehong e ’ngoe Taiwan ba ile ba lokisetsa hore bara le barali babo rōna ba tšoanelehang ba etele lipetlele tse khōlō tšimong ea bona. Baralib’abo rōna ba babeli ba ile ba etela Lefapha la Tlhoekiso ea Mali. Pakane ea bona e ne e le ho ba le botsoalle ho bakuli ba lokelang ho ba moo lihora tse ngata ka letsatsi. Na ho bile le liphello tse ntle? E le mohlala, ha monna e mong a ne a bontša thahasello e itseng, morali’abo rōna o ile a tla le monna oa hae ’me a mo tsebisa eena. Ho ile ha qalisoa thuto ’me beke e ’ngoe le e ’ngoe e khanneloa sepetlele. Kapele monna eo o ile a qala ho ba teng libokeng tsa phutheho kamehla.
Lipaki tse ling Australia li ile tsa etsa pokello eo li ka e fang batsamaisi ba mapato. E ne e e-na le bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa le Na Ruri Molimo oa re Tsotella? hammoho le lipampitšana tse loketseng bakeng sa ba siameng. Li ile tsa amoheloa hantle. Barab’abo rōna ba tsoela pele ho ba etela nako le nako ho ea nchafatsa phepelo ea libukana le lipampitšana.
Linaheng tse ngata, palo ea batho ba teronkong e phahame haholo. Moo ho khonehang, Lipaki tsa Jehova li boetse li bolella le ba teronkong. Hoo e ka bang lilemong tse 15 tse fetileng, Lipaki São Paulo, Brazil, li ile tsa qala ho etela mehaho ea teronko e akarelletsang le ntlo ea batšoaruoa e nang le batho ba 6000. Ho khannoa lithuto tsa Bibele tsa kamehla tse 45 moo. Hona joale batšoaruoa ba robong ke baboleli ba ’Muso, kaofela ha bona ba ithutile ’nete teronkong. Ha ba kolobetsoa, ba ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang. Ba bang ba batšoaruoa mona ba khanna lithuto tsa Bibele tsa beke le beke le ba malapa a bona, ’me e mong o na le litlelase tseo ho tsona a rutang batšoaruoa ba bang ba ka bang 30 ho bala le ho ngola. Ka lebaka leo, ba boholong teronkong ba rorisa mosebetsi o etsoang har’a batšoaruoa.
Afrika Boroa Lipaki tse peli li ile tsa etela bo-’maseterata, babuelli ba molao le litlelereke mehahong ea lekhotla. Mono li ile tsa kopana le monyalisi ea ileng a botsa: “Ke hobane’ng ha le ne le sa tle esale hoseng?” O ile a hlalosa hore o ne a se a nyalisitse batho ba fetang 20 hoseng hono. O ile a amohela buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa; ho bile joalo le ka banyalani ba tšeletseng ba neng ba lutse ka ofising ea hae. Hona joale barab’abo rōna ba ea hararo ka beke ’me ba fana ka puo ea metsotso e mehlano ho batho ba 60 ho ea ho ba 100. Ba hlalosa pono ea Jehova ea lenyalo le ho bolela hore ka Labohlano le leng le le leng hona mehahong eo ea lekhotla manyalo a fetang 100 a fella ka tlhalo. Ebe joale ba fana ka buka ea Thabo ea Lelapa ho thusa banyalani bana hore ba atlehise manyalo a bona.
Ha se le tseleng e eang letsatsing le khethehileng la kopano, setho se seng sa lelapa la Bethele Philippines se ne se tsamaea ka bese ea maeto a malelele. E le ho boloka likelello tsa baeti li tšoarehile ka ho hong, bakhanni ba libese hangata ba sebelisa mechine ea livideo ho bapala lifilimi. Empa leetong lena, mor’abo rōna o ile a kōpa hore na a ka bapala video eo a tlileng le eona na. Mokhanni o ile a lumela. Ka lebaka leo, baeti ba 70 ba ile ba shebella Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. Ka sebele, ho na le litsela tse ngata tsa ho etsa hore batho ba utloe litaba tse molemo.
Thabo ea ho Bolela ‘Sebakeng se sa Sebetsoang’
Joaloka moapostola Pauluse, ea neng a thabela ho bolela libakeng tseo ho tsona ho neng ho e-so ho ka ho fanoa ka bopaki pele, tse ling tsa Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li ile tsa itlhahisa ho ea sebetsa ‘sebakeng se sa sebetsoang’ hammoho le libakeng tseo ho tsona ho paka ho sa etsoeng kamehla.—Baroma 15:23.
Libaka tse khōlō tsa mahaeng tsa Moldova, Europe e ka Bochabela, ho hang ke tšimo e e-song ho sebetsoe ka litaba tse molemo. Empa, ha e fuoa tlhokomelo, e ’ngoe ea eona e ipaka e beha litholoana haholo. Phutheho e ’ngoe Tighina e ile ea sebetsa metse e ’meli tšimong e joalo ka January 1997. Lithuto li ile tsa qaloa ka potlako, ’me kopanong ea lehlabula ea setereke, ba 13 ba tsoang metseng eo ba ile ba kolobetsoa. E bile sesosa sa thabo e kaakang!
Morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho Lima, Peru, o ne a batla ho atolosa tšebeletso ea hae ka ho paka sebakeng se ka thōko. O ile a tsamaea lihora tse 15 ka bese ho ea motseng oa ha habo seterekeng sa Andamarca. Ho ne ho se na Lipaki har’a batho ba 7000 ba phelang sebakeng seo. Ho makaleng ha hae o ile a fumana mosebetsi kapele. Molekane oa hae oa pula-maliboho o ile a tla kopana le eena. Ba ile ba ho fumana ho le bonolo ka ho makatsang ho pakela lingaka, lienjiniere, litsebi tsa meralo ea mehaho, le batho ba bang ba litsebi moo. Ba bang ba ne ba e-na le tlala ea ’nete ea moea. Ka likhoeli tse seng kae feela, liboka tsa phutheho tse tharo li ne li tšoaroa kamehla, ’me ba 15 ba e-ba teng. Bakeng sa Sehopotso, ba 66 ba ile ba e-ba teng.
Banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba sebeletsang moo tlhokahalo e leng khōlō Guyana ba bile le litholoana tse babatsehang le pele ba fihla tšimong ea bona. Moo ba robalelitseng teng, ba ile ba pakela ba bang ba batho ba motse oo. Hoseng ka le hlahlamang, pele ba ka tsoela pele le leeto la bona, ngoanana e monyenyane o ile a atamela tente ea bona ’me a re ’mè oa hae o batla ho bua le bona. Ba ile ba makala hakaakang ha ba fumana mosali ea ’nileng a bala libuka tsa Mokhatlo ka lilemo tse 14! Morali’abo o ne a ntse a mo romella tsona a le United States. Tšusumetso ea tsona bophelong ba lelapa leo e ne e bile matla hoo ba ileng ba lahla Kereke ea K’hatholike, ba bile ba mamella ho khetholloa ke motse ka lebaka la ho etsa joalo! Ka Sontaha se latelang ho ile ha lokisetsoa seboka. Ho ne ho e-na le ba 47, ho akarelletsa le litho tse 23 tsa lelapa labo mosali eo. Hamorao ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho ea ketekela Sehopotso moo, ’me ba 66 ba ile ba e-ba teng. Ke mahlohonolo a mangata hakaakang bakeng sa ba arabelang pitso ea ho ‘tšelela Macedonia ho ea thusa’!—Lik. 16:9.
Ba Banyenyane ba ‘Rorisa Lebitso la Jehova’
Hoa khothatsa ho bona bana ba bangata ba banyenyane ba le har’a ba sebeletsang Jehova ka cheseho. Pesaleme ea 148:7-13 ea mema: “Rorisang Jehova lefatšeng, . . . bahlankana le baroetsana, maqheku hammoho le bana! A ba ke ba rorise lebitso la Jehova, hobane lebitso la hae ke lona le inotši le phahamileng, bokhabane ba hae bo phahamile ho fetisa lefatše le maholimo.” Ba likete-kete ba amohela memo eo e mosa. Ba sebelisa menyetla ea ho fana ka bopaki ka mantsoe le ka boitšoaro ba bona ba Bokreste.
Phuputso ea bahoeletsi Ghana e ile ea bontša hore karolo ea 12 lekholong ea bahoeletsi ba fetang 50 000 e ne e le pakeng tsa lilemo tse 6 le tse 20. Lekala la Argentina le tlaleha hore halofo ea ba 3441 ba ileng ba kolobetsoa letotong la bona la morao tjena la likopano e ne e le bacha, ho tloha ho ba lilemo li 12 ho ea holimo. Boholo ba bacha bana ke ba ntseng ba kena sekolo. Ba na le tšimo e ikhethang eo ba bang ba ke keng ba e finyella habonolo. ’Me hangata e ipaka e le tšimo e behang litholoana.
Daniel, mohoeletsi ea sa kolobetsoang ea lilemo li tšeletseng Ghana, o khanna lithuto tsa Bibele tse leshome, boholo le metsoalle ea hae ea sekolo. E mong oa eona, ea lilemo li 19, o ile a ba teng Sehopotsong ka March selemong se fetileng. Ha tichere ea Daniel e bua polelo e khelosang tlelaseng ka tšimoloho ea bophelo ba liphoofolo, Daniel o ile a bona monyetla. Ka nako ea khefu, o ile a ea ho tichere ’me ka tlhompho a e bolella hore o na le buka e ka fanang ka boitsebiso bo eketsehileng ka seo ba neng ba buisana ka sona. Ka mor’a hore tichere e bale bukana eo, e ile ea ngolla ntat’a Daniel lengolo. Tichere eo hona joale e tsoela pele tsebong e isang bophelong bo sa feleng.
Esita le ba kenang sekolo sa tlhokomelo ea bana ba rutiloeng ke batsoali ba tšabang Molimo ba ka ba le karolo e atlehang ho faneng ka bopaki. Russia, ha ’mè le morali oa hae ea lilemo li hlano ba palama terene e tsamaeang ka tlas’a lefatše, hangata ke enoa e monyenyane ea qalang moqoqo. Haeba ho e-na le motho ea lutseng haufi le bona, ngoanana eo oa botsa: “Ke kōpa tšoarelo ’Mè, na ua tseba hore lebitso la Molimo ke Jehova?” Hangata karabelo ke, “Che.” Joale ebe ngoanana o retelehela ho ’mè oa hae ’me o re: “’Mè, ke kōpa u ke u mo hlalosetse.”
Har’a bacha ba rōna ho na le Lipaki tse ling tse sebete le tse chesehang haholo. Bjarki, eo hona joale a leng lilemo li leshome, hangata o ’nile a bolella bao a kenang sekolo le bona Iceland. Haufinyane tjena ba ile ba tsitlella hore e ne e se Mokreste hobane o lumela ho Jehova, eseng ho Molimo, kamoo ba behang litaba kateng. Ha a leka ho hlalosa litaba, ba ile ba hana ho mo lumela. Ha a tsoa sekolong a e-ea hae, Bjarki o ile a kōpa e mong oa bashanyana bao a leng sehlopheng se le seng le bona hore a ee le eena habo hobane ho na le ntho eo ho hlokahalang hore a mo bontše eona. Mono Bjarki o ile a phetla Bibele ea hae ho Genese 2:5, moo lebitso la Molimo le hlahang teng botlaaseng ba leqephe Bibeleng ea Seiceland, a boela a sebelisa New World Translation ka Senyesemane ho kholisa motsoalle oa hae hore lebitso la Molimo ke Jehova. Eaba Bjarki o re: “Joale u iponetse ka bouena hore ho ea ka Bibele, lebitso la Molimo ke Jehova, kahoo ha bashanyana sekolong ba re Jehova hase lebitso la Molimo, u ka ba bolella hore seo ba se buang ha sea nepahala hobane u iponetse sona ka Bibeleng.” Kahoo Bjarki ha aa ka a ruta motsoalle oa hae ’nete feela empa o ile a boela a mo fa litaelo tsa hore na a bolele joang.
Ka linako tse ling ho ’nile ha e-ba bonolo ho fana ka bopaki ka bohlale hona ka tlelaseng. Mora e mong oabo rōna e monyenyane Lebanon o ile a fa bao a leng tlelaseng e le ’ngoe le bona tlaleho ka Lipaki tsa Jehova. Ho eona o ile a akarelletsa ho bontša video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. Ha a kōptjoa hore a ngole moqoqo ka seo a se entseng nakong ea matsatsi a phomolo a sekolo a “Easter,” mohoeletsi e mong e mocha Portugal o ile a akarelletsa le taba ea hore o ile a ea Sehopotsong. Ka lebaka la thahasello eo sena se e tsositseng, tichere ea hae kapele e ile ea lumela ho ithuta Bibele ’me hona joale ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang.
Cheseho ea bacha ba bangata e ba susumelelitse ho ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang—ba bang e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Rwanda, Marie Rose ke e mong oa bana. Le hoja a le sekolong se mahareng, o sebetsa ka thata ho thusa ’mè oa hae ea hōlileng, empa hape ke pula-maliboho oa kamehla ’me o khanna lithuto tsa Bibele tse 15. Cameroon, Glory e ne e le pula-maliboho ea thusang ha a ntse a le sekolong, le hoja ho ne ho se le ea mong oa lelapa labo hantle eo e neng e le Paki. Hona joale ke pula-maliboho oa kamehla, ’me ba bang ba bararo lelapeng labo ba fetohile Lipaki tse kolobelitsoeng. Glory o re: “Ho bula maliboho ha ke ntse ke kena sekolo ho ile ha ipaka e le tsela e molemohali ea ho itšireletsa lithethefatsing, boitšoarong bo bobe le pefong tse jeleng setsi likolong tse ngata matsatsing ana.”
Sekolo Bakeng sa ba Khethang Bopula-maliboho
Thupelo e khethehileng ea koetliso e teng bakeng sa bo-pula-maliboho ba kamehla ba bileng lenaneng bonyane selemo. Ka November 1977, limemo tsa pele tsa ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho li ile tsa ntšoa United States. Nakong ea lilemo tse 20 tse fetileng, bo-pula-maliboho ba fetang 195 000 United States feela ba ile ba rua molemo sekolong sena. Bao ba akarelletsa liithuti tse 10 345 tse bileng teng selemong sena se fetileng sa tšebeletso. Ba makholo-kholo a likete lefatšeng ka bophara ba fumane koetliso ena.
Sepheo sa sekolo see ke sefe? Thupelo e reretsoe ho thusa bo-pula-maliboho (1) ho tsamaea le Jehova ba etsisa Jesu Kreste, (2) hore ba be le lerato le lengata bakeng sa mokhatlo oohle oa bara ba motho, le (3) ho chorisa boboleli ba bona le tsebo ea bona ea ho ruta e le hore ba ka khanya haholoanyane e “le maseli lefatšeng.”—Bafil. 2:15.
Barupeli ba babeli ba ile ba bolela hore ho phaella koetlisong e sebetsang bakeng sa tšebeletso ea tšimo, thupelo eo e thusitse liithuti “hore e be tse itekanetseng mosebetsing oa bopula-maliboho le hore li se lumelle lintho tsa tsamaiso ena ho etsa hore li lahleheloe ke pono.” Ka lebaka leo, ho thusitsoe ba eketsehileng ho phehella tšebeletso ea nako e tletseng e le mosebetsi o khotsofatsang.
Lilemong tse robeli tse fetileng, ha ho ne ho tlosoa thibelo mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova Europe Bochabela le Afrika, ho ile ha etsoa litokisetso ka potlako e le hore bo-pula-maliboho libakeng tsena ba ka rua molemo Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Slovenia ea tlaleha: “Liphello tse ntle tsa sekolo sena li ka bonoa, ha boleng le ho atleha ha bo-pula-maliboho ka bomong li ntlafala.” Cheseho e bontšoang ke ba bileng sekolong seo hangata e susumelletsa ba bang ho bula maliboho. Ho bile joalo Hungary, moo phutheho e nang le bo-pula-maliboho ba 5 e ileng ea fumana ba eketsehileng ba 21 ka mor’a hore ba bang ba ee Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho.
Ka sebele kotulo e khōlō. Ho na le tlhokahalo ea basebeletsi ba baithaopi le ba koetlisitsoeng hantle tšimong. Ha ho pelaelo hore Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se tla tsoela pele se thusa ho tlatsa tlhoko ena.
Lilemo Tse Leshome Tsa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi
Hoo e ka bang lilemo tse leshome ka mor’a hore Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se qale, ho ile ha khakoloa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, ka la 1 October, 1987, mane Pittsburgh, Pennsylvania, U.S.A. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masoha ba fumanang koetliso sekolong sena ba ka ’na ba memeloa ho sebeletsa kae kapa kae moo ho nang le tlhokahalo tšimong ea lefatše ka bophara. Lilemong tse leshome tse fetileng ho ne ho e-na le liphutheho tse 54 911 lefatšeng ka bophara; kajeno re na le tse 85 256. Ho na le tlhokahalo e khōlō ea banna ba tšoanelehang ho lisa, ho ruta le ho etella pele mosebetsing ona o moholo oa boevangeli. Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se lokisetsa banna ba inehetseng ho tlatsa litlhoko tsena.—2 Tim. 2:2.
Esale se qala, ba 3698 ba bile teng sekolong sena Linaheng tsa Amerika, ba 1208 Afrika, ba 1804 Asia le lihlekehlekeng tsa Pacific, le ba 2295 Europe. Liithuti tse fetileng sekolong sena hona joale li sebeletsa linaheng tse sa tšoaneng tse 126.
Palo e khōlō ea liithuti ke tse tsebang lipuo tse ngata. Tsebo e joalo e sebelisoa hang-hang ebang ke linaheng tsa habo tsona moo ho nang le lihlopha tse ngata tsa merabe kapa masimong a linaha lisele. Tse ling li ithutile lipuo tsa linaha tseo li rometsoeng ho tsona.
Liithuti tse makholo-kholo li mosebetsing oa bopula-maliboho bo khethehileng, li thusa ho bula libaka tse ka thōko. Liphutheho tse hlokang baholo le bahlanka ba sebeletsang li ruile molemo litšebeletsong tsa tsona. Tse ling li abetsoe ho kopanela mosebetsing oa potoloho. Ka mohlala, Nigeria e tlaleha hore liithuti tse 50 li mosebetsing oa ho tsamaea naheng eo. Hoo e ka bang palo e tšoanang e sebeletsa boemong boo Mexico, moo ho thehiloeng liphutheho tse ngata tse ncha. Philippines liithuti tse 37 li mosebetsing oa potoloho, ’me tse 111 li sebeletsa e le tse nkelang balebeli ba potoloho sebaka. Liithuti tse ling tse nang le tsebo ea theknoloji li ’nile tsa abeloa ho ea tlatsa tlhokahalo mesebetsing ea lekala.
Sekolo sena se ipaka e le tokisetso e ntle bakeng sa ho fana ka koetliso ea bohlokoa ho barab’abo rōna ba itlhahisang ka boithaopo bakeng sa ho sebeletsa lithahasello tsa ’Muso. (Pes. 110:3) Ka lebaka la hobane ba tšepetsoe boikarabelo bo boholoanyane, ho batloa ho eketsehileng ho bona, leha ho le joalo mahlohonolo a bona ke a mangata.—Luka 12:48b.
“Le Tla Ithabela Pel’a Jehova”
Iseraeleng ea boholo-holo, barapeli ba Jehova ba ne ba bokana kamehla bakeng sa mekete ea linako tse itseng tsa selemo. Ba neng ba e-ea Moketeng oa Metlotloane oa selemo le selemo ba ile ba laeloa: “Le tla ithabela pel’a Jehova, Molimo oa lōna, ka matsatsi a supileng.” (Lev. 23:40) Ka ho tšoanang mehleng ea rōna, likopano tsa setereke tsa selemo le selemo ke nako ea ho thaba ka ho khethehileng har’a batho ba Jehova. Mathoasong a selemo sa tšebeletso, Likopano tsa Setereke tsa “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” li ne li ntse li tšoaroa linaheng tse ling.
E ne e le sehlooho se loketseng hakaakang bakeng sa kopano e neng e le Liberia e harasoantsoeng ke ntoa! Libeke esale le pele, barab’abo rōna ba ne ba ka bonoa, litoropong le metseng e meholo, ba le motlotlo ba fasitse libeche tsa bona tsa “Manģosa a Khotso ea Bomolimo.” Lipaki tsa Jehova li ne li e-na le tokelo ea ho fasa karete e joalo ea boitsebahatso. Batho ba Liberia baa tseba hore lilemong tsa ntoa, e bile Lipaki tsa Jehova feela tse ipakileng e le manģosa a ’nete a khotso ea bomolimo. Ha litho tse likete-kete tsa malumeli a mang li ikopantse le lihlopha tse hlometseng ’me li nkile libetsa tsa ntoa, batho ba Jehova ba ne ba bonoa hohle, ba nkile Libibele, ba arolelana melaetsa ea khotso ea bomolimo le batho ba Liberia ba seng ba khathetse ke ntoa.
Bohareng ba 1997 letoto la likopano tsa “Tumelo Lentsoeng la Molimo” le ile la qala. Ba bangata ba ile ba leboha ka ho tebileng ka tšoantšiso e reng “Boloka Leihlo la Hao le Talimme Nģa e le ’Ngoe.” Ba bang ba ile ba lebisa tlhokomelo puong e nakong e reng “Hona Joale ho Lekoa Boleng ba Tumelo ea Hao.” Bukana e ileng ea lokolloa—Buka ea Batho Bohle—e se e hatisitsoe ka lipuo tse 58. Poland, tlhōrō ea kopano eo e ile ea fihla ha New World Translation e feletseng ka Sepolishe e ne e lokolloa ka nako e le ’ngoe e lokolleloa bamameli ba chesehang Warsaw le Wrocław. Greece, ha bamameli ba hlokomela hore khatiso ea Segerike ea New World Translation of the Holy Scriptures e feletseng e hatisitsoe ’me ea lokolloa, le pele tsebiso e fela, ba ile ba hlaba litlatse nako e telele li tsamaea le meokho ea thabo le kananelo.
Ho phaella likopanong tsa setereke, ho ne ho e-na le likopano tse ling tse ikhethang libakeng tse sa tšoaneng. E ’ngoe ea tsena e ne a akarelletsa ho neheloa ha lekala le lecha, hammoho le Holo ea Kopano e nang le litulo tse 3000 le Holo ea ’Muso, Dominican Republic ka November 1996. Har’a ba neng ba le teng e ne e le ba bangata ba phetseng har’a mahloriso a tšabehang a lilemo tse leshome nakong ea mohatelli Trujillo. Eo e kileng ea e-ba moromuoa Juanita Brandt o ile a pheta hore baromuoa ba ne ba setse ka har’a naha, ka bohlale ba paka, ba sebetsa mosebetsi oa boipheliso, ’me ba khothatsa Lipaki tsa moo, tse ngata tsa tsona e le tse ileng tsa kenngoa teronkong ’me tsa hlokofatsoa. Ha a ithuta ’nete, Luis Montás, mong ka mohatelli Trujillo, e ne e le ramatlotlo oa phathi ea lipolotiki. O ile a tsongoa, a kenngoa teronkong, ’me a ba makhatheng a lefu ka makhetlo a mangata. Empa a le lilemo li 91, o ne a le teng nehelong ea lekala ’me o ile a thabela ho ba har’a ba 35 678 kopanong ea sechaba e ileng ea latela.
Seboka se seng se ikhethang se ile sa tšoaroa ka March 1997 mabapi le mehaho e atolositsoeng ea lekala Brazil. Lenaneong la nehelo, Lipaki tse tsoang literekeng tsohle tse 26 tsa Brazil li ne li le teng. Ho phaella moo, ho ne ho e-na le baeti ba tsoang linaheng tse ling tse 24 le baromuoa ba neng ba emela lihlopha tse 43 tsa Sekolo sa Gileade le ba neng ba ile ba sebeletsa Brazil. E bile ketsahalo e thabisang hakaakang! Sebokeng se khethehileng se ileng sa tšoaroa letsatsing le hlahlamang, Milton Henschel, setho sa Sehlopha se Busang, o ile a bua Lebaleng la Lipapali la Maracanã, Rio de Janeiro, ha matšoele a metseng e meng e mene le ’ona a ne a mametse lenaneo. Kakaretso ea ba bileng teng e ne e feta 200 000. Sehlooho sa hae se amang maikutlo, se thehiloeng ho Moeklesia 12, se ne se re “Jehova o Rata Batho ba Bacha.” O ile a khothatsa bacha, ‘Sebeletsang Jehova ka botlalo, le kopanele tšebeletsong ea bopula-maliboho, pele matsatsi a tlokotsi a fihla.’
Hamorao khoeling eo, kopano e ’ngoe Argentina e ne e akarelletsa nehelo ea Holo ea rōna ea Likopano tse khōlō e ncha e nang le litulo tse 9400 Cañuelas. Mohaho ona o tla fana ka sebaka seo ho kopaneloang ho sona bakeng sa likopano tsa setereke le likopano tsa potoloho bakeng sa ba phelang Argentina motse-moholo le haufi le teng. Har’a lintho tse ling, lenaneo la nehelo le ne le akarelletsa tlaleho e hlollang ea tšebetso ea Lipaki tsa Jehova Argentina, moo, ho sa tsotellehe ho thibeloa le litšitiso tse ling ka lilemo tse 33, khōlo ea puso ea Molimo e ileng ea tsoela pele. Letsatsing le hlahlamang lenaneo la nehelo, ho ile ha tšoareloa seboka Lebaleng la Lipapali le leholo la River Plate, motseng oa Buenos Aires. Lebala leo la lipapali le ne le tletse tsoete! ’me barab’abo rōna ba ile ba tšolohela ka lebaleng moo ho bapalloang teng. Ka kakaretso ho bile teng ba fetang 71-800. Ba bang ba ne ba tsamaile libaka tse telele. Bese e tletseng e ne e tsoa Patagonia, lik’hilomithara tse 3100. Kaofela, ho ile ha fihla libese tse ka bang 1200 Lebaleng la Lipapali la River Plate li tsoa likarolong tse sa tšoaneng tsa naha.
Carey Barber, ea neng a le lilemo li 91 ka nako eo ebile e le setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka lipuo liketsahalong tsena. Nehelong o ile a khothalletsa ka matla ho bala Bibele kamehla, a re: “Bara le barali babo rōna, na kaofela re bala Bibele letsatsi le letsatsi? Ho na le ba bangata ba bolelang hore ba tšoarehile haholo hore ba ka bala Bibele letsatsi le letsatsi; empa ho bonahala ba e-na le nako e lekaneng ea ho ba le lijo tse monate hararo ka letsatsi, ’me seo se bonahala ka ho hlakileng, na ha ho joalo? Haeba ba bala Bibele letsatsi le letsatsi, le hoo ho tla bonahala ka ho hlakileng, na ha ho joalo?” Letsatsing le hlahlamang, lebaleng la lipapali, ha a ne a bua ka “Mokhoa oa ho Hanela Moea oa Lefatše Lena,” puo eo e ile ea sitisoa khafetsa ke ho hlaba litlatse ha bamameli ba chesehang le ba tsebe-lethoethoe. Ha a khothalletsa bohle hore ba ’ne ba tsoele pele ho se molemo le se lokileng, o ile a boela a bontša hore re hloka thuso ea Jehova, moea oa hae, e le hore re tle re atlehe. Mor’abo rōna Barber o ile a hatisa bohlokoa ba “ho furalla puo e litšila le boitšoaro bo bobe ba lefatše lena.” Eaba oa khothatsa: “Fumanang thabo le nyakallo ka ho sebeletsa, ho rapela le ka ho thabisa Jehova.” Phello ea lenaneo lena le khethehileng ho ba neng ba le teng ka sebele e bile e hlollang.
‘Lelefatsang Lithapo Tsa Tente’
Lilemong tsa morao tjena ho ’nile ha e-ba le keketseho e hlollang palong ea batho lefatšeng ka bophara ba nyolohelang ntlong ea moea e khōlō ea Jehova ho ea ithuta litsela tsa hae le ho tsamaea ho tsona. (Esa. 2:2-4) Lilemong tse hlano tse fetileng, ba 1593 995 ba ile ba qoelisoa metsing e le tšoantšetso ea boinehelo ba bona ho Jehova. Ho hlokahala Liholo tsa ’Muso tseo ba ka kopanelang ho tsona bakeng sa taeo le borapeli. Ho hlokahala Liholo tsa Likopano tseo ba ka kopanelang ho tsona bakeng sa matsatsi a khethehileng a likopano, likopano tsa potoloho le likopano tsa setereke. Liofisi tsa makala le litsi tsa khatiso lia hlokahala e le hore ho ka ba le mehaho moo ho ka fetoleloang lingoliloeng tsa Bibele lipuong tsa sebaka ka seng le moo li ka hatisoang teng le moo tšebetso ea Lipaki tsa Jehova e ka hokahanngoang teng e le hore ha ho khoneha e mong le e mong a ka ba le monyetla oa ho utloa molaetsa oa ’Muso. Joale, phatlalatso ee ea boprofeta ke e loketseng hakaakang: “U atolose setša sa tente ea hao, . . . u se ke ua hana, u lelefatse lithapo tsa hao, u tiise lithakhisa tsa hao.”—Esa. 54:2.
Mehaho ee e hahuoa joang? Ka tlhohonolofatso ea Jehova boitekong bo kopaneng ba Lipaki tsa hae. Moo ho khonehang, Lipaki tsa sebaka ka seng li haha mohaho ’me li koahela litšenyehelo ka menehelo ea boithatelo. Moo ho hlokahalang—’me hangata ho ba joalo—li thusoa ke Lipaki tse tsoang likarolong tse ling tsa naha kapa mokhatlo oa machaba oa barab’abo rōna. Ka linako tse ling, baithaopi ba tsoang lichabeng tse hlano, tse leshome, kapa tse eketsehileng ba thusa ka kaho ea merero ea mehaho e meholo ea makala.
Har’a merero e phethiloeng le ho neheloa selemong se fetileng sa tšebeletso e ne e le Liholo tsa ’Muso tse ngata, Liholo tse ling tsa Likopano, le mehaho ea makala e ’maloa. Ena e akarelletsa ho haha mehaho ea makala e mecha ka ho feletseng Dominican Republic, French Guiana, Jamaica, Madagascar, Mauritius, Russia, le Sierra Leone, hape le ho atolosa mehaho ea makala Argentina, Australia le Brazil. Ho etsahetse’ng linaheng tsee hoo ho ka hlokahalang mehaho ee?
ARGENTINA: Esale ho tlosoa thibelo ea ’muso mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova Argentina ka 1980, ho bile le “keketseho e khōlōhali” palong ea bahoeletsi ba ’Muso naheng eo. Ka 1981 ho ne ho e-na le Lipaki tse mafolofolo tse 38 869—karo-karolelano ea Paki e le ’ngoe ho ba 717 ba baahi ba moo. Hona joale ho na le bahoeletsi ba 116 151, ’me karo-karolelano ke a le mong ho ba 281. Ho ’nile ha hlokahala hore ho atolosoe mehaho ea fektheri ka makhetlo a ’maloa. Haufinyane, ho ile ha rekoa mehaho e meng e ’meli ’me ea nchafatsoa, hape ha atolosoa matlo a bolulo. Sena sohle e bile ho phaella mehahong e meholo e seng e ntse e le teng ea lekala.
AUSTRALIA: Esale lekala le fallela moo le leng teng hona joale mathōkong a Sydney, palo ea Lipaki naheng eo e batlile e imena habeli ho ba tse 60 946. Ho ile ha phaelloa ka mafapha a macha: Ofisi ea Boenjiniere ea Libaka, lefapha la Boitsebiso bo Mabapi le Litšebeletso tsa Sepetlele, Lefapha la Molao le a mang. Hona joale Lefapha la Thomello ke sebaka sa pokello ea libuka bakeng sa karolo e khōlō ea Pacific. E le ho thusa ho tlatsa litlhokahalo tseo, mehaho e meraro—oa liofisi, oa litšebeletso le oa bolulo—e ile ea ekelletsoa mehahong ea lekala ea Australia.
BRAZIL: Esale ho neheloa mehaho ea lekala e Cesário Lange, ka 1981, mehaho eo e atolositsoe ka makhetlo a imenneng hararo ka boholo. Hobane’ng? Batho ba eketsehileng ba fetang 338 600 ba ekelelitsoe mananeng a Lipaki tsa Jehova Brazil. Selemong sena se fetileng sa tšebeletso ba qetile lihora tse fetang 80 300 000 ho boleleng litaba tse molemo, ba aba likopi tse limilione tsa lingoliloeng tsa Bibele, ka karolelano ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 443 028. Mesebetsi ea liphutheho tse 6960 le ea balebeli ba tsamaeang ba 340 e hokahanngoa ke lekala lena.
DOMINICAN REPUBLIC: Ena ke tšimo e behang litholoana. Bahoeletsi ba ’Muso ba 21 007 Dominican Republic ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 35 362. Mehaho e mecha ea lekala e ne e hlokahala ka potlako bakeng sa ho hlokomela mosebetsi mono.
FRENCH GUIANA: Ho ne ho e-na le nako eo ka eona boboleli mona bo neng bo etsoa haholo-holo ke Lipaki tse tsoang Guadeloupe le Martinique. Ka 1990, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 660 ba tlalehang ’me ho ile ha buloa ofisi ea lekala—ka phello efe? Ka lilemo tse hlano palo ea bahoeletsi e ile ea imena habeli. Boboleli ba litaba tse molemo bo hōla haholo naheng ena eo boholo ba eona e koahetsoeng ke meru ea lipula ea Amazon. Hona joale ho na le Paki e le ’ngoe ho baahi ba bang le ba bang ba 100. Taba ea hore lithuto tsa Bibele tse 2167 li khannoa ke bahoeletsi ba 1468 ’me ba 5506 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong ka 1997 e supa hore ho tla ba le khōlo e eketsehileng.
JAMAICA: Litaba tse molemo li ile tsa boleloa ka lekhetlo la pele Jamaica ka 1897, kahoo ho neheloa ha mehaho e mecha e metle ea lekala ka 1997 ho ile ha thulana le selemo sa lekholo sa ho paka naheng ena. Mehaho e mecha e akarelletsa mohaho o mocha oa lekala o kopaneng oa liofisi le litšebeletso, oa Lehae la Bethele, Holo ea Kopano le Holo ea ’Muso. Ha ho pelaelo hore mehaho ena e tla tlatsetsa haholo katolosong e tsoelang pele ea puso ea Molimo naheng ena.
MADAGASCAR: Ho entsoe ho hoholo Madagascar ho tloha ha bahlanka ba Jehova ba etela moo ka lekhetlo la pele ka 1925. Lilemong tsa morao tjena lebelo la mosebetsi le eketsehile haholo. Ka March 1997, ha bahoeletsi ba 8404 ba ne ba kopanela tšebeletsong ea tšimo ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse 22 321, ba 45 300 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong. Mohaho o mocha oa lekala o tla thusa ho hlokomela litlhoko tsa letšoele lena le hōlang la barapeli ba Jehova.
MAURITIUS: Ofisi e ncha e bohehang ea lekala le Holo ea Kopano e bulehileng mahlakoreng li hahiloe sehlekehlekeng sena se Leoatleng la Indian. Hobane’ng? Hobane mona lihlekehlekeng, batho ba arabela memong e ipiletsang ea Bibele ea ho kopanela ho roriseng Jehova. (Esa. 42:10) Lilemong tse robeli tse fetileng, palo ea Lipaki e batlile e imena habeli sebakeng sena.
SIERRA LEONE: Ntoa ea lehae ea nako e telele le moferefere oa lipolotiki naheng ena li entse hore batho ba bangata ba labalabele tšireletseho eo e leng ’Muso oa Molimo feela o ka e tlisang. Har’a maemo ana, ho hahuoa ha lekala le lecha ho fane ka bopaki bo botle. Litsebi tsa mohaho tse tsoang linaheng tse sa tšoaneng li ile tsa ithaopela ho sebetsa li sa lefise—e leng ntho eo sechaba se neng se sa e kholoe qalong. Le taba ea hore makhooa a ne a kopanela mosebetsing o thata oa matsoho hammoho le Lipaki tsa Sierra Leone e bile “ntho eo ho buuoang ka eona hohle.” Ho ne ho totobetse hore Lipaki tsa Jehova li ithutile ho phela le ho sebetsa ka khotso le ka kamano ea ’nete ea bara ba motho.
RUSSIA: Ho neheloa ha mehaho e mecha ea lekala Russia ho ile ha hapa tlhokomelo e khethehileng ea machaba. Ho ne ho bile le liphetoho tse ikhethang tsa puso ea Molimo karolong ena ea lefatše. Ba neng ba le teng lenaneong ka la 21 June, 1997, e ne e le batho ba tsoang linaheng tse 42.
Ho ne ho e-na le Lipaki tse 10 000 Soviet Union eohle ka 1972. Ka 1991, ha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o qetella o ngolisitsoe ka molao mono, Lipaki tse 49 171 li ne li tlaleha lirephabliking tse 15 tsa Union eo. Ka May 1997 Lipaki tse fetang 215 000 li ne li le mafolofolo sebakeng seo, ’me ba ka bang 600 000 ba bile teng Sehopotsong ka March.
Russia le tse robong tsa lirephabliki tseo tsa pele li tlas’a tsamaiso ea lekala la Russia. E le hore ho ka hokahanngoa tšebetso ea tsona le ho fetolela lingoliloeng tsa tsona, mehaho e mecha ea lekala e ile ea hahuoa hoo e ka bang lik’hilomithara tse 40 ka leboea-bophirimela ho St. Petersburg, haufi le motse oa Solnechnoye. Sena se ile sa etsoa tumellanong le ho ngolisoa ka molao ha Setsi sa Tsamaiso sa Mokhatlo oa Bolumeli oa Sebaka oa Lipaki tsa Jehova ’Musong o Akaretsang oa Russia. Mohaho ona o motle o akarelletsa mehaho e supileng ea bolulo e nkang batho ba ka bang 250, Holo ea ’Muso le kamore ea ho jela tseo ka ’ngoe ea tsona e ka lulang batho ba fetang 500, le mohaho o moholo oa ofisi le oa polokelo.
Lenaneong la nehelo, Theodore Jaracz, setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo ea sehlooho, “Ho Hahela Bokamoso.” Ba bang ba ile ba pheta liphetoho tse thahasellisang tsa histori. Libotong tse khōlō tsa phatlalatso tse sebakeng seo ho amohelloang baeti ho sona ho ne ho e-na le lifoto le liphihlelo tse hlalosang tšebetso ea Lipaki tsa Jehova Russia ka lilemo tse fetang 100. Bashebelli ba ile ba ithuta hore mathoasong a 1892, ka tlhohlelletso ea motse-moholo oa Orthodox oa Moscow, monna e mong ea ileng a bolella ba bang seo a neng a ithutile sona ho Liithuti tsa Bibele (kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo) o ile a lelekeloa ho seo hona joale se tsejoang e le Kazakstan. Ba ile ba bala ka Marussia a makholo-kholo a ileng a ithuta ’nete ea Bibele ho Lipaki tsa Jehova ha a le likampong tsa mahloriso tsa Nazi nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ba ile ba bala liphihlelo tsa Lipaki tsa Jehova tse likete-kete tse ileng tsa lelekeloa Siberia le Bochabela bo Hōle ba Russia ka 1951, nakong ea puso ea khatello ea Stalin.
Har’a ba neng ba le teng bakeng sa nehelo eo e ne e le ba bangata ba mameletseng lilemo tse telele teronkong le likampong tsa ho sebetsa ka thata Siberia bakeng sa tumelo ea bona. Na u ka inahanela ho makala le thabo ea mehoke ena ha e ntse e tsamaea e bona mehaho e metle e sebakeng se kang serapa sa lipalesa se boholo ba lihekthere tse supileng? Ba bangata likhapa li ile tsa tlala ka mahlong, haholo-holo ha barab’abo rōna ba hlokomela bao ba qetelaneng ho bonana mehleng ea teronko. E bile thabo e kaakang ho ba teng ha bara le barali babo rōna ka lebaleng le leholo ba qala ho bina lipina tsa ’Muso tseo ba neng ba li bina ha ba le moo ba leleketsoeng teng Siberia mashome a lilemo pejana ba li bina ho tloha maikutlong ka mantsoe a lumellanang a mane!
Basebetsi ba bangata ba kaho, ba tsoang linaheng tse ka bang 20, ba ne ba sebelitse hammoho ka lilemo tse fetang tse ’nè ho haha mehaho ena. Ba bang ba ne ba tetse mahae a bona ’me ba entse liphetoho tse khōlō bophelong ba bona ho tla thusa barab’abo bona ba Russia. Nehelo eo e bile ketsahalo e amang maikutlo hakaakang ho bona, ha ba itokisetsa ho tsoela pele ho ea likabelong tse ling tsa puso ea Molimo!
Ka kakaretso, ho na le baithaopi ba 16 982 bao kamehla ba sebeletsang ntlo-khōlō ea Mokhatlo le mehahong ea makala lefatšeng ka bophara. Ka lebaka la maemo ao li sebetsang tlas’a ’ona, litho tsena tsa lelapa la Bethele kaofela lia akarelletsoa Sehlopheng sa Bahlanka ba Khethehileng ba Nako e Tletseng.
‘Masimo a Butsoelitse Kotulo’
Jesu o ile a re: “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35) Sena ke ’nete ka kutloisiso e khōloanyane hona joale ho feta leha e le neng pele. Ho tloha ka 1919, ha ho ne ho thakholoa phutuho ea ho paka ka ’Muso lefatšeng lohle, ho se ho jetsoe “peō” e ngata tšimong ea lefatše. Ho se ho abiloe likopi tsa lingoliloeng tsa Bibele tse libilione. Ho bile le meqoqo e mashome a libilione le batho ka morero oa Jehova. Mekhoa eohle e nepahetseng ea phatlalatso e ’nile ea sebelisoa ho beha ka pel’a batho molaetsa oa bohlokoa oa ’Muso oa Molimo e le oona feela tšepo bakeng sa moloko oa batho. Joale ke nako ea kotulo.
Mexico, Amerika Bohareng le Amerika Boroa, le lihlekehlekeng tsa Caribbean, lilemong tse hlano tse fetileng ho kolobelitsoe ba 590 760. ’Me selemong se fetileng, ka karolelano ho ile ha khannoa lithuto tsa Bibele tse 1858 462 libakeng tsena le ba bang ba bontšang takatso ea ho tseba le ho sebeletsa Jehova.
Afrika le lihlekehleke tse haufi li tlaleha hore ho tloha ka 1993, ho na le ba 274 724 ba fetohileng bahlanka ba Jehova ba inehetseng le ho kolobetsoa. Sehopotsong linaheng tseo, ho bile teng ba 2863594. Malawi, ho ne ho e-na le ba 125 000. Angola, ba 160-414. Democratic Republic of Congo (eo pele e neng e le Zaire) e harasoantsoeng ke ntoa, ba 574 736. Ka sebele, ba bang ba bangata ba batho bana ba tla amohela borapeli ba ’nete.
Ho tloha ha Lebota la Berlin le qala ho heletsoa ka 1989, ho ne ho e-na le ba 309 589 ba neng ba ithutile ’nete ’me ba kolobelitsoe linaheng tse neng li bōpa lichaba tse etsang eo e kileng ea e-ba Soviet. Bana ha ba bontše feela hore ba ikemiselitse ho rutoa ke Jehova empa ba boetse ba ikemiselitse ho etsa thato ea hae.
Amerika Leboea le Europe, moo Lipaki tsa Jehova esaleng li bolela ka lilemo tse fetang lekholo, baahi ba bangata ba bajaki ke tšimo e nonneng bakeng sa ho etsa barutuoa.
Ka sebele, ha letsatsi la Jehova le fihla, “ho tla bolokeha e mong le e mong ea rapelang lebitso la Jehova.” (Joele 2:32) Joale, ke habohlokoa hakaakang ho rōna ho thusa batho hona joale ho tseba Jehova, ho mo tšepa le ho lumellanya bophelo ba bona le litekanyetso tsa hae tse lokileng! Haeba ba nka mehato e joalo, ha letsatsi le leholo le le tšabehang la Jehova le fihla, ba ka ’na ba e-ba har’a bao Jehova a tlang ho ba hauhela.—Sof. 2:3.
[Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]
Moapostola Pauluse o ile a qotsa boprofeta ba Joele ’me a hatisa ho potlaka ha ho bolela
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Luis Montás, Paki ea khale
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Lebaleng la Lipapali la River Plate, Carey Barber o ile a khothalletsa ba fetang 71 800 ho hanela moea oa lefatše
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Holo e ncha ea Kopano e khōlō e nang le litulo tse 9400 Cañuelas, Argentina
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
(1) Russia
(2) Argentina
(3) Sierra Leone
(4) Australia
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
(5) French Guiana
(6) Brazil
(7) Madagascar
(8) Dominican Republic
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
(9) Mauritius
(10) Jamaica
10