Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tlhaselo e Tsoang ka Leboea
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | April
    • 14. Boprofeta bo ho Joele 2:​28, 29 bo phethahetse neng?

      14 Ho na le litaba tse monate tseo Joele a re bolellang tsona. Naha e ne e tla beha litholoana hape. (Joele 2:​23-26) Ha nako e ntse e-ea, Jehova o ne a tla etsa bonnete ba hore bahlanka ba hae ba fumana lintho tsohle tseo ba li hlokang hore ba be le kamano e ntle le eena. Jehova o ile a re: “Ke tla tšollela moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong, ’me ka sebele bara ba lona le barali ba lona ba tla profeta. . . . Ke tla tšollela moea oa ka esita le holim’a bahlanka le holim’a makhabunyane.” (Joele 2:​28, 29) Taba ena ha ea ka ea etsahala hang-hang ka mor’a hore Baiseraele ba khutle Babylona. Empa e ile ea etsahala ka mor’a lilemo tse makholo hamorao, ka selemo sa 33. Re tseba joang?

      15. Ho ea ka Liketso 2:​16, 17 ke phetoho efe eo Petrose a ileng a e etsa ha a qotsa mantsoe a hlahang ho Joele 2:​28, hona taba eo e bolelang?

      15 Jehova o ile a bululela Petrose hore a qotse lengolo la Joele 2:​28, 29, ketsahalong e hlollang e ileng ea etsahala ka selemo sa 33. E ne e ka ba ka hora ea borobong hoseng, ha Jehova a tšolella moea oa hae o halalelang ho batho ba ileng ba o amohela eaba ba qala ho bua “lintho tse hlollang tsa Molimo.” (Lik. 2:​11) Jehova o ile a bululela Petrose hore a sebelise mantsoe a fapaneng ha a qotsa boprofeta ba Joele. Na u hlokomela phetoho eo? (Bala Liketso 2:​16, 17.) Ho e-na le hore ha Petrose a qotsa boprofeta boo a qale ka ho re “ka mor’a,” o ile a re: “Matsatsing a ho qetela,” e leng qetellong ea mehla ea Bajuda. Ka nako eo Molimo o ne a tla tšollela moea oa hae “holim’a nama ea mofuta o mong le o mong.” Taba ena e bolela hore ho ne ho tla feta nako e telele pele boprofeta bona ba Joele bo phethahala.

      16. Moea oa Molimo o ile oa thusa joang hore litaba tse molemo li boleloe mehleng ea baapostola ’me hona joale o thusa joang?

      16 Ka mor’a hore Molimo a fe Bakreste ba mehleng ea baapostola moea o halalelang, ba ile ba qala ho bolela litaba tse molemo eaba li anela lefatšeng lohle. Nakong eo Pauluse a neng a ngolla Bakolose lengolo ka selemo sa 61, ka sebete o ne a ka bolela hore litaba tse molemo li boletsoe “popong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakol. 1:​23) Ha Pauluse a ne a re “popong eohle” o ne a bua ka libaka tseo eena le bo-mphato oa hae ba neng ba ka khona ho ea ho tsona e le hore ba bolele litaba tse molemo. Ka thuso ea moea o halalelang, mehleng ena mosebetsi oa boboleli o se o boleloa “ho isa pheletsong ea lefatše.”​—Lik. 13:​47; sheba lebokose le reng, “Ke Tla Tšollela Moea oa ka.”

      “Ke Tla Tšollela Moea oa ka”

      Batho ba ka bang 3 000 ba ile ba kolobetsoa ka selemo sa 33 ’me ea e-ba barutuoa ba Jesu. Hang feela ba ile ba qala ho bolella batho ba bang ka lintho tseo ba ithutileng tsona ka Jesu. Na Jehova o ile a ba hlohonolofatsa hore ebe ba chesehela ho etsa mosebetsi oo? Ha ho potang, o ile a ba hlohonolofatsa. Batho ba “likete tse ngata” ba ile ba mamela lentsoe la Molimo eaba e-ba balateli ba Kreste.​—Lik. 2:​41; 21:20.

      Ke ba likete tse kae bao e ileng ea e-ba Bakreste? Bibele ha e re bolelle empa qetellong ea mehleng ea baapostola, palo ea Bakreste bana e ne e le tlaase haholo ho 144 000. Ka nako eo, Jehova o ile a khetha banna le basali ba tla phela leholimong leha ho le joalo, ba bangata ba ile ba khethoa mehleng ena. Ho ntse ho le joalo, keketseho e ileng ea e-ba teng mehleng ea baapostola e bontša hore Jehova o ne a ntse a fana ka moea oa hae ho Bakreste bao ba ka nako eo.​—Lik. 2:​16-18.

      Na ho na le bopaki bo bontšang hore Jehova o fa bahlanka ba hae moea o halalelang le mehleng ee? Ho joalo! Nahana ka lintlha tsena, tlaleho e re ka 1919 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka tlaase ho 6 000 ba bolelang litaba tse molemo lefatšeng lohle. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa hae oa boboleli hobane ho tloha ka 1983, ho ne ho kolobetsoa batho ba fetang 144 000 selemo le selemo ’me e e-ba Lipaki Tsa Jehova. Bona ke bopaki bo bontšang hore Jehova o ntse a tsoela pele ho phethahatsa tšepiso eo a ileng a e tšepisa bahlanka ba hae ha a ne a re: “Ke tla tšollela moea oa ka”!​—Joele 2:​28, 29.

  • Tlhaselo e Tsoang ka Leboea
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | April
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela