-
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Joele le ea AmoseMolula-Qhooa—2007 | October 1
-
-
2:32—Ho ‘ipiletsa lebitsong la Jehova’ ho bolela’ng? Ho ipiletsa lebitsong la Molimo ho bolela ho tseba lebitso leo, ho le hlompha ka ho tebileng le ho itšetleha ka mong’a lebitso leo le ho mo tšepa.—Baroma 10:13, 14.
-
-
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Joele le ea AmoseMolula-Qhooa—2007 | October 1
-
-
2:28-32. ‘Letsatsing le leholo le le tšosang la Jehova,’ ke feela “ea ipiletsang lebitsong la Jehova [ea] tla pholoha.” Re lokela ho ba motlotlo haholo ka hore ebe Jehova o tšollela moea oa hae holim’a nama ea mofuta o mong le o mong le hore o etsa hore ba baholo le ba banyenyane, ba batona le ba batšehali ba kopanele mosebetsing oa ho profeta, e leng ho bolela “lintho tse hlollang tsa Molimo”! (Liketso 2:11) Ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela, na ha rea lokela ho atisa ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro le liketso tsa boinehelo ba bomolimo’?—2 Petrose 3:10-12.
-