Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • 12. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho potlakela ho tšoaea Jonase phoso ka hore o ile a robala ha sefefo se e-ba matla? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Jehova o ile a senola sesosa sa bothata joang?

      12 Kaha Jonase o ile a hlokomela hore ha ho letho leo a ka le etsang ho thusa, o ile a ea mokatong o ka tlaase oa sekepe eaba o fumana moo a ka robalang teng. Ha a fihla moo, o ile a ea le sephume sa boroko.b Motsamaisi o ile a fumana Jonase a robetse, a mo tsosa eaba o re a rapele molimo oa hae joalokaha batho ba bang ba ne ba etsa. Kaha ba ne ba kholisehile hore sefefo sena e ne e le sa mohlolo, basesisi bao ba sekepe ba ile ba lahla lotho e le hore ba bone hore na ke mang har’a bona ea nkhang lefotha. Ha ho potang hore Jonase o ile a tetebela maikutlo ha lotho e ntse e feta ba bang. Nakoana hamorao ’nete e ile ea hlaka. Jehova o ne a loebehlanya leoatle ka lebaka la motho a le mong, e leng Jonase, ebile o ile a etsa hore lotho e supe ho eena!—Bala Jonase 1:5-7.

  • O Ile a Ithuta Liphosong Tsa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • b Septuagint e hatisa taba ea hore Jonase o ne a khalehile thuoe! hobane e re o ne a bile a khona. Ho e-na le ho nka hore Jonase o ile a robala hobane a sa tsotelle se etsahalang, re lokela ho hopola hore ka linako tse ling ha motho a nyotobetse o tleloa ke boroko bo boholo. Lihoreng tseo Jesu a neng a le mahlomoleng ka tsona serapeng sa Gethesemane, Petrose, Jakobo le Johanne ba ile “ba otsela ka lebaka la ho sareloa.”—Luka 22:45.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela