Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Buka ea Bibele ea 32—Jonase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 5. Jonase o arabela joang thōmong ea hae, hona phello ebile efe?

      5 Jonase o rongoa Ninive empa oa baleha (1:1-16). “Lentsoe la Jehova le ne le tlele Jonase, mor’a Amitthai, la re: Tloha, u ee Ninive, motseng o moholo, u o hlabele mokhosi, etsoe bokhopo ba oona bo nyolohetse ho ’na.” (1:1, 2) Na Jonase o khahlehela thōmo ee? Le hanyenyane! O balehela hosele, a nka sekepe se eang Tarshishe, eo mohlomong e khetholloang e le Spain. Sekepe seo Jonase a leng ho sona sa thulana le sefefo se seholo. Ka baka la ho tšoha basesisi ba sona ba kōpa thuso, “ba rapela e mong le e mong molimo oa hae,” ha Jonase a ithobaletse karolong e ka hare ea sekepe. (1:5) Ka mor’a ho tsosa Jonase, ba laola ka lotho ho leka ho batlisisa hore na ebe ke ofe ea ikarabellang ka tlokotsi ena ea bona. Lotho e ntša Jonase. E bile hona nakong eo a ba tsebisang hore ke Moheberu, morapeli oa Jehova, le hore o baleha mosebetsi oo a o nehiloeng ke Molimo. O ba kōpa hore ba mo akhele leoatleng. Ka mor’a hore ba leke ka ho eketsehileng ho pholosa sekepe, qetellong ba akhela Jonase ka ntle. Leoatle la khaotsa khalefo ea lona.

  • Buka ea Bibele ea 32—Jonase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
    • 9. Ke boikutlo bofe ba Jonase le tsela ea hae tse lokelang ho lula e le temoso ho rōna?

      9 Tsela ea Jonase le phello ea eona e lokela ho lula e le temoso ho rōna. O ile a balehela mosebetsi oo a neng a o nehiloe ke Molimo; o ne a lokela ho kenya letsoho mosebetsing le ho tšepa Molimo ho mo tšehetsa. (Jonase 1:3; Luka 9:62; Liprov. 14:26; Esa. 6:8) Ha a ne a e-ea ka tsela esele, o ile a bontša boikutlo bo sa nepahalang ka hore a hlōlehe ho ikhetholla ka bolokolohi ho basesisi e le morapeli oa “Jehova, Molimo oa maholimo.” O ne a feletsoe ke sebete. (Jonase 1:7-9; Ba-Ef. 6:19, 20) Boikutlo ba boikhabi ba Jonase nakong eo Jehova a bontšang mohau ho Ninive bo ile ba mo etsa hore a nke hoo e le ho etsoa sephoqo; a leka ho itokafatsa ka ho bolella Jehova hore o tsebile esale pele hore litaba li ne li tla tsamaea joalo—ka hona ke hobane’ng ha a ne a mo roma e le moprofeta? O ile a khalemelloa boikutlo bona ba ho hloka tlhompho ho joalo, le ba ho korotla, ka hona re lokela ho rua molemo phihlelong ea hae ’me re qobe ho qosa mohau oo Jehova a o bontšang kapa tsela eo a etsang lintho ka eona.—Jonase 4:1-4, 7-9; Ba-Fil. 2:13, 14; 1 Ba-Kor. 10:10.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela