-
Ho Tšoara ba Bang ka Tsela eo Molimo a Batlang ka EonaLula U Hopola Letsatsi la Jehova
-
-
6. Ho fapana le ho etsa se ho Zakaria 7:10, Mikea 7:18 e re khothalletsa hore re etse’ng?
6 Jehova o ile a re Zakaria a bolele hore O lakatsa hore re ‘se ke ra rerelana letho le lebe ka lipelong tsa [rōna].’ (Zakaria 7:9, 10; 8:17) Keletso ena ea sebetsa haeba re nahana hore mor’abo rōna o re utloisitse bohloko kapa o sitetsoe setho sa lelapa la rōna. Maemong a joalo, ho bonolo hore ‘re rerelane bobe ka lipelong tsa rōna’ ebe joale re bontša seo ka liketso. Leha ho le joalo, Molimo o batla hore re etsise mohlala oa hae o motle. Hopola hore Mikea o ile a ngola hore Jehova o ‘tšoarela phoso ’me o tlohela tlōlo.’a (Mikea 7:18) Re ka sebelisa see linthong life ka ho toba?
7. Ke hobane’ng ha re ka ’na ra khetha hore re mpe re lebale se re khopisitseng?
7 E ka ’na eaba re utloisitsoe bohloko ke seo motho e mong a re entseng sona kapa a se entseng mong ka rōna, empa na e hlile ke taba e tebileng hakaalo? Bibele e bolela mehato e lokelang ho nkoa ho rarolla liqabang, esita le haeba motho a sitetsoe mor’abo. Leha ho le joalo, ho molemo ka ho fetisisa ho hlokomoloha phoso kapa khopiso, ‘ho tlohela tlōlo.’ Ipotse: ‘Na mohlomong lee ke le leng la makhetlo a 77 ao ke lokelang ho mo tšoarela ka ’ona? Ke hobane’ng ha ke sa mo leballe?’ (Matheu 18:15-17, 21, 22) Le haeba khopiso e bonahala e le khōlō hona joale, na le lilemong tse sekete tse tlang e tla be e ntse e le khōlō joalo? Hlokomela thuto ea bohlokoa eo u ka ithutang eona ho seo Moeklesia 5:20 e se bolelang ha e re mosebetsi o lokela ho thabela lijo le lino: “Hase hangata a tlang ho hopola matsatsi a bophelo ba hae, hobane Molimo oa ’nete o etsa hore a tšoarehe ka ho thaba ha pelo ea hae.” Ha ka thabo motho eo a nahana ka seo a se thabetseng ka nako eo, hangata o lebala le mathata a bophelo ba hae ba letsatsi le letsatsi. Na le rōna re ka bontša boikutlo bo joalo? Haeba haholo-holo re nahana ka thabo ea ho ba har’a mokhatlo oa bara ba motho ba Bakreste, ho ka etsahala hore re lebale litaba tseo e ke keng ea e-ba tsa bohlokoa ka nako e telele, tseo re ke keng ra li hopola lefatšeng le lecha. Sena se fapane hōle le ho thabela bothata ba motho e mong kapa ho hopola likhopiso.
-
-
Ho Tšoara ba Bang ka Tsela eo Molimo a Batlang ka EonaLula U Hopola Letsatsi la Jehova
-
-
a Tabeng ea ho ‘tlohela tlōlo,’ setsebi se seng se re mokhabo-puo ona oa Seheberu “o nkiloe ho seo motsamai a se etsang ha a iphetela a sa natse ntho eo a sa batleng ho e bona. Taba [hase hore Molimo ha a hlokomele sebe] empa ke hore maemong a mang ha a se lekolisise ka sepheo sa hore a tle a fane ka kotlo; ha a fane ka kotlo, empa oa tšoarela.”
-