Khaolo ea Pele
Bonngoe ba Borapeli Mehleng ea Rōna—Bo Bolela Eng?
1, 2. (a) Ho nkiloe mohato ofe o hlollang mehleng ea rōna? (b) Ke tšepo efe e babatsehang eo batho ba tšepahalang ba nang le eona?
LEFATŠENG lohle ho nkiloe mohato o hlollang oa ho leba bonngoeng ba borapeli. O kopanya batho ba limilione ba lichaba tsohle, merabe eohle le lipuo tsohle. Ho bokelloa ba eketsehileng selemo le selemo. Ka Bibeleng ba khetholloa e le “lipaki” tsa Jehova hape ba bitsoa “bongata bo boholo.” Ba etsetsa Molimo “tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.” (Esaia 43:10-12; Tšenolo 7:9-15) Ke hobane’ng ha ba etsa see? Hobane joale ba tsebile hore Jehova ke eena Molimo a le mong feela oa ’nete. Sena se ba susumelletsa ho lumellanya bophelo ba bona le litsela tsa hae tse lokileng. Hape, ba ithutile hore re phela “matsatsing a ho qetela” a lefatše lena la hona joale le khopo, leo Molimo a tlang ho le timetsa haufinyane, le leo a tlang ho le nkela sebaka ka lefatše la hae le lecha la paradeise.—2 Timothea 3:1-5, 13; 2 Petrose 3:10-13.
2 Lentsoe la Molimo lea tšepisa: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:10, 11) “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.
3. Bonngoe ba ’nete ba borapeli bo finyelloa joang?
3 Bao hona joale ba leng bonngoeng borapeling ba ’nete ke bona bao e tla ba baahi ba pele ba lefatše le lecha. Ba ithutile hore na thato ea Molimo ke eng ’me baa e etsa ho latela matla a bona. Ha a bontša bohlokoa ba sena, Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Moapostola Johanne o ile a ngola: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.
Seo bo Hlileng bo se Bolelang
4. (a) Hantle-ntle ho bokelloa ha ba bangata hakaale borapeling bo kopaneng mehleng ea rōna ho bolela eng? (b) Bibele e hlalosa pokello ee joang?
4 Hantle-ntle ho bokelloa ha ba bangata hakaale borapeling bo kopaneng mehleng ea rōna ho bolela eng? Ho hlakile hore re haufi haholo le ho fela ha lefatše lena le khopo, ’me lefatše le lecha la Molimo le tla qala hang ka mor’a moo. Re lipaki tse boneng ho phethahala ha boprofeta ba Bibele bo boletseng esale pele ka pokello ena ea bohlokoa. Bo bong ba boprofeta boo bo re: “Karolong e qetellang ea matsatsi [matsatsi ana a ho qetela] thaba ea ntlo ea Jehova [borapeli ba hae ba ’nete bo phahamisitsoeng] e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba [holim’a mofuta leha e le ofe oa borapeli], . . . ’me lichaba li tla phallela ho eona. Ka sebele lichaba tse ngata li tla ea ’me li re: ‘Tloong, ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova le ntlong ea Molimo oa Jakobo; o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.’”—Mikea 4:1, 2; Pesaleme ea 37:34.
5, 6. (a) Ke ’nete joang hore lichaba li retelehela ho Jehova? (b) Re lokela ho ipotsa lipotso life?
5 Le hoja lichaba kaofela li sa itlhahise ntlong ea moea ea Jehova ea borapeli, batho ba limilione ba tsoang lichabeng tsohle bona ba etsa joalo. Ha ba ntse ba ithuta ka morero o lerato oa Jehova Molimo le botho ba hae bo ipiletsang, lipelo tsa bona li susumetsoa ka ho tebileng. Ka boikokobetso ba batla ho tseba seo Molimo a se hlokang ho bona. Lithapelo tsa bona li tšoana le ea mopesaleme ea ileng a re: “Nthute ho etsa thato ea hao, etsoe u Molimo oa ka.”—Pesaleme ea 143:10.
6 Na u ipona u le har’a bongata bo boholo ba batho bao Jehova a ba bokellang hammoho hona joale borapeling bo momahaneng? Na ho arabela ha hao thupelong e tsoang Lentsoeng la hae ho bontša hore u ananela e le kannete hore Jehova ke Mohloli oa eona? U tla “tsamaea litseleng tsa hae” ho isa kae?
Kamoo bo Finyelloang Kateng
7. (a) Qetellong bonngoe ba borapeli bo tla finyelloa ho isa hokae? (b) Ke hobane’ng ha ho potlakile hore motho e be morapeli oa Jehova hona joale, hona re ka thusa ba bang hore ba etse seo joang?
7 Morero oa Jehova ke hore libōpuoa tsohle tse bohlale li be bonngoeng borapeling ba ’nete. Re labalabela letsatsi leo hakaakang ha bohle ba phelang ba tla be ba rapela Molimo a le mong feela oa ’nete! (Pesaleme ea 103:19-22) Empa pele ho ka ba joalo, Jehova o tlameha ho felisa bohle ba hanang ho etsa thato ea hae e lokileng. Ka mohau, o fana ka tlhokomeliso esale pele ka seo a tlang ho se etsa, e le hore batho hohle ba ka ba le monyetla oa ho fetola litsela tsa bona. (Esaia 55:6, 7) Kahoo, mehleng ena ea rōna ‘sechabeng se seng le se seng le molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang’ ho etsoa boipiletso bona bo potlakileng: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile, kahoo le rapele Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.” (Tšenolo 14:6, 7) Na u amohetse memo eo? Haeba ho joalo, le uena u na le tokelo ea ho memela ba bang ho tseba le ho rapela Molimo oa ’nete.
8. Ka mor’a ho ithuta lithuto tsa motheo tsa Bibele, re lokela ho ikitlaelletsa ho etsa tsoelo-pele efe?
8 Hase morero oa Jehova hore a rapeloe ke batho ba reng ba lumela ho eena empa ba ntse ba tsoela pele ho phehella lithahasello tsa bona. Molimo o batla hore batho ba fihlele “tsebo e nepahetseng ea thato ea hae” ’me ba bonahatse sena bophelong ba bona. (Bakolose 1:9, 10) Kahoo, batho ba nang le kananelo ba ithutang lithuto tsa motheo tsa Bibele ba batla ho hatela pele khōlong ea Bokreste. Ba lakatsa ho tseba Jehova ka botebo, ho atolosa le ho tebisa kutloisiso ea bona Lentsoeng la hae, le ho le sebelisa ka botlalo haholoanyane bophelong ba bona. Ba batla ho bonahatsa litšoaneleho tsa Ntat’a rōna oa leholimo le ho talima lintho joaloka eena. Sena se ba susumelletsa ho batla litsela tsa ho kopanela mosebetsing ona o pholosang bophelo oo a lokiselitseng hore o phethoe lefatšeng mehleng ea rōna. Na ebe le uena eo ke takatso ea hao?—Mareka 13:10; Baheberu 5:12–6:3.
9. Ebe bonngoe ba ’nete bo ka khoneha ka litsela life hona joale?
9 Bibele e bontša hore ba sebeletsang Jehova e tlameha ho ba batho ba bonngoeng. (Baefese 4:1-3) Bonngoe bona bo tlameha ho ba teng hona joale, le hoja re phela lefatšeng le arohaneng ’me re ntse re loana le ho se phethahale ha rōna. Jesu o ile a rapela ka tieo hore barutuoa ba hae bohle ba be bang, ba thabele bonngoe ba ’nete. See se ne se tla bolela’ng? Tabeng ea pele, ke hore ba ne ba tla ba le kamano e ntle le Jehova le Mora oa hae. Ea bobeli, ke hore ba ne ba tla ba le bonngoe ka bobona. (Johanne 17:20, 21) Ho finyella seo, phutheho ea Bokreste e sebeletsa e le mokhatlo o hlophisitsoeng oo Jehova a laeang batho ba hae ka oona.
Ke Lintlha Life Tse Tlatsetsang Bonngoeng?
10. (a) Re hōlisa eng ha rōna ka borōna re sebelisa Bibele ha re beha mabaka likarabong tsa lipotso tse re amang? (b) Hlahloba lintlha tse tlatsetsang bonngoeng ba Bokreste ka ho araba lipotso tse thathamisitsoeng serapeng sena.
10 Lintlha tse supileng tsa sehlooho tse tlatsetsang bonngoeng ba borapeli li boletsoe ka tlaase. Ha u araba lipotso tse latelang, nahanisisa ka hore na ntlha ka ’ngoe e ama kamano ea hao le Jehova le Bakreste-’moho le uena joang. Ho tšohla lintlha tsena le ho sheba mangolo a boletsoeng empa a sa qotsoa ho tla tlatsetsa khōlong ea hao ea bohlale ba bomolimo, matleng a hao a ho nahana, le temohong—litšoaneleho tseo kaofela ha rōna re li hlokang. (Liproverbia 5:1, 2; Bafilipi 1:9-11) Hlahloba lintlha tsena ka bonngoe.
(1) Re lumela hore Jehova o na le tokelo ea ho beha litekanyetso tsa se setle le se sebe. “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.
Ke hobane’ng ha re lokela ho batla keletso ea Jehova le tataiso ea hae ha re etsa liqeto? (Pesaleme ea 146:3-5; Esaia 48:17)
(2) Re na le Lentsoe la Molimo hore le re tataise. “Ha le amohela lentsoe la Molimo, leo le ileng la le utloa ho rōna, ha lea ka la le amohela e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo, le boetseng le sebetsang ka ho lōna balumeli.”—1 Bathesalonika 2:13.
Ho na le kotsi efe ha re etsa feela seo re ‘ikutloang’ hore se nepahetse? (Liproverbia 14:12; Jeremia 10:23, 24; 17:9)
Haeba re sa tsebe hore na Bibele e fana ka keletso efe tabeng e itseng, re lokela ho etsa eng? (Liproverbia 2:3-5; 2 Timothea 3:16, 17)
(3) Kaofela re rua molemo lenaneong le tšoanang la lijo tsa moea. “Bara bohle ba hao e tla ba batho ba rutoang ke Jehova.” (Esaia 54:13) “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi [la timetso] le ntse le atamela.”—Baheberu 10:24, 25.
Ke melemo efe e tlelang ba sebelisang litokisetso tsa Jehova ka botlalo bakeng sa ho iphepa moeeng? (Esaia 65:13, 14)
(4) Jesu Kreste, ke eena Moeta-pele oa rōna, eseng motho oa nama. “Le se ke la bitsoa Rabi, kaha mosuoe oa lōna o mong, athe lōna bohle le bara ba motho. Ho feta moo, le se ke la bitsa mang kapa mang ntat’a lōna lefatšeng, kaha Ntat’a lōna o mong, Oa leholimo. Leha e le hore le bitsoe ‘baeta-pele,’ kaha Moeta-pele oa lōna o mong, Kreste.”—Matheu 23:8-10.
Na ho na leha e le ofe ho rōna ea lokelang ho nahana hore o phahametse ba bang? (Baroma 3:23, 24; 12:3)
(5) Re talima puso ea ’Muso oa Molimo e le eona feela tšepo ea batho. “Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.’ Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae.”—Matheu 6:9, 10, 33.
‘Ho batla ’muso pele’ ho thusa ho sireletsa bonngoe ba rōna joang? (Mikea 4:3; 1 Johanne 3:10-12)
(6) Moea o halalelang o hlahisa ka ho barapeli ba Jehova litšoaneleho tseo e leng tsa bohlokoa bonngoeng ba Bokreste. “Litholoana tsa moea ke lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.”—Bagalata 5:22, 23.
Re lokela ho etsa eng hore moea oa Molimo o tle o hlahise ka ho rōna litholoana tsa oona? (Liketso 5:32)
Ho ba le moea oa Molimo ho ama kamano ea rōna le Bakreste-’moho le rōna joang? (Johanne 13:35; 1 Johanne 4:8, 20, 21)
(7) Bahlanka bohle ba ’nete ba Molimo ba kopanela ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae. “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.
Ke eng e lokelang ho re susumelletsa ho batla ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ee ea ho bolela? (Matheu 22:37-39; Baroma 10:10)
11. Ha re sebelisa linnete tsa Bibele bophelong ba rōna, phello e ba efe?
11 Ho rapela Jehova re kopane ho re hulela haufi-ufi le eena ’me ho re nolofalletsa ho thabela botsoalle bo khathollang le balumeli-’moho le rōna. Pesaleme ea 133:1 e re: “Bonang! Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!” Ke ho khathollang hakaakang ho suthela hōle le lefatše le tletseng boithati, boitšoaro bo bobe le pefo, le ho bokana hammoho le ba ratang Jehova le ba mamelang molao oa hae e le kannete!
Qoba Litšusumetso Tse Arolang
12. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re qobe moea oa ho ipusa?
12 E le hore re se ke ra senya bonngoe ba rōna ba bohlokoa ba lefatšeng ka bophara, re tlameha ho qoba litšusumetso tse arolang. E ’ngoe ea tsona ke moea oa ho ipusa ka ntle ho Molimo le melao ea hae. Jehova o re thusa ho e qoba ka hore a senole moqapi oa eona, Satane Diabolose. (2 Bakorinthe 4:4; Tšenolo 12:9) Satane ke eena ea ileng a susumetsa Adama le Eva hore ba hlokomolohe seo Molimo a neng a se boletse le hore ba etse liqeto tse khahlanong le thato ea Molimo. Phello e bile tlokotsi ho bona le ho rōna. (Genese 3:1-6, 17-19) Lefatše lena le tletse moea oa boipuso ho sa natsoe Molimo le melao ea hae. Kahoo ho hlokahala hore re hanele moea oo.
13. Ke eng e tla bontša hore na re hlile re itokisetsa ho phela lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka kapa che?
13 Ka mohlala, nahana ka tšepiso e hlollang ea Jehova ea ho nkela lefatše la hona joale le khopo sebaka ka maholimo a macha le lefatše le lecha tseo “ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:13) Na seo ha sea lokela ho re susumelletsa ho qala ho itokisetsa ho ea phela nakong eo ea ha ho loka ho tla be ho rena? Sena se bolela ho mamela keletso e hlakileng ea Bibele: “Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena.” (1 Johanne 2:15) Kahoo, re hana moea ona oa lefatše—boikutlo ba lona ba ho ipusa, ho ameha ka ho feteletseng ha lona ha boithati, boitšoaro ba lona bo bobe le pefo. Re itloaetsa ho mamela Jehova le ho mo utloa ho tloha pelong, ho sa tsotellehe litšekamelo leha e le life tse hananang le hoo tsa ho se phethahale ha rōna. Bophelo ba rōna bohle bo fana ka bopaki ba hore monahano oa rōna le sepheo sa rōna li sekametse ho etseng thato ea Molimo.—Pesaleme ea 40:8.
14. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re sebelise monyetla hona joale hore re ithute litsela tsa Jehova ’me re li latele bophelong ba rōna? (b) Mangolo a boletsoeng serapeng a bolela eng ho rōna ka bomong?
14 Ha nako e khethiloeng ea Jehova e fihla ea hore a timetse tsamaiso ena e khopo ea lintho le bohle ba ratang litsela tsa eona, a ke ke a lieha. A ke ke a chechisa nako eo kapa a fetola litekanyetso tsa hae hore a amohele ba ntseng ba leka ho khomarela lefatše ha ka nako e tšoanang ba ntse ba ithuta thato ea Molimo ba bile ba e etsa ka letheketheke. Joale ke nako ea ho nka bohato! (Luka 13:23, 24; 17:32; 21:34-36) Ka hona, ke ho khathollang hakaakang ho bona bongata bo boholo bo sebelisa monyetla oo oa bohlokoa, ka cheseho bo batla taeo eo Jehova a fanang ka eona ka Lentsoe la hae le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ’me bo tsamaea bo kopane litseleng tsa hae ho ea lefatšeng le lecha! ’Me ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng ka Jehova, re tla mo rata haholoanyane hape re tla rata ho mo sebeletsa.
Tlhahlobo
• Morero oa Jehova ke ofe ka borapeli?
• Ka mor’a ho ithuta lithuto tsa motheo tsa Bibele, re lokela ho ikitlaelletsa ho etsa tsoelo-pele efe?
• Ke eng eo re ka e etsang ka bomong hore re be bonngoeng le barapeli ba bang ba Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
‘Ba bonolo ba tla rua lefatše ’me ba fumane thabo e phethehileng khotsong e ngata’