Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lff thuto 15
  • Jesu ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu ke Mang?
  • U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITHUTE LINTLHA TSE LING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Jesu Kreste—Senotlolo sa Tsebo ea Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lipotso Tsa Rōna ka Jesu Kreste Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 15
Khaolo ea 15. Jesu o tsamaea har’a masimo a lijo-thollo.

KHAOLO EA 15

Jesu ke Mang?

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

Jesu ke e mong oa batho ba tsebahalang ka ho fetisisa historing. Le hoja batho ba bangata ba tseba lebitso la hae, ha ba tsebe hakaalo ka eena ebile ba na le maikutlo a fapaneng ka hore na ha e le hantle ke mang. Bibele e re’ng ka Jesu?

1. Jesu ke mang?

Jesu ke lengeloi le matla ’me o phela leholimong. Jehova Molimo o mo bopile pele a ka bopa lintho tsohle. Ka lebaka leo, o bitsoa “letsibolo la popo eohle.” (Bakolose 1:​15) Bibele e re Jesu ke mora “ea tsoetsoeng a ’notši” oa Molimo hobane ke eena feela eo Jehova a mo bopileng ka ho toba. (Johanne 3:​16) Jesu o sebelitse haufi le Ntate oa hae Jehova a mo thusa ho bopa lintho tsohle. (Bala Liproverbia 8:​30.) Jesu o ntse a e-na le kamano e ikhethang le Jehova. O sebetsa ka botšepehi e le ’muelli oa Molimo, e le “Lentsoe,” ho fetisa melaetsa le litaelo tsa Hae.​—Johanne 1:14.

2. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tla lefatšeng?

Lilemo tse ka holimonyana ho 2 000 tse fetileng, Jehova o ile a etsa mohlolo a sebelisa moea o halalelang. O ile a tlosa bophelo ba Jesu leholimong a bo kenya popelong ea moroetsana ea bitsoang Maria. Kahoo, Jesu o ile a tsoaloa e le motho. (Bala Luka 1:​34, 35.) Jehova o rometse Jesu lefatšeng hore e tl’o ba Mesia ea tšepisitsoeng kapa Kreste le hore a tl’o pholosa batho.a Boprofeta bohle bo buang ka Mesia bo ile ba phethahala ka Jesu ’me sena se ile sa thusa batho ho tseba hore ke “Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.”​—Matheu 16:16.

3. Jesu o hokae hona joale?

Ka mor’a hore Jesu a shoe e le motho oa nama, Molimo o ile a mo tsosa e se e le lengeloi ’me a khutlela leholimong. Ha a fihla, “Molimo . . . o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng.” (Bafilipi 2:9) Hona joale, Jesu ke lengeloi le matla haholo ’me ke Jehova feela ea matla ho mo feta.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute haholoanyane hore na ha e le hantle Jesu ke mang le hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ithuta ka eena.

Jesu le Johanne Mokolobetsi ba eme ka metsing ba mametse lentsoe le tsoang leholimong hang-hang ha Jesu a qeta ho kolobetsoa.

4. Jesu ha se Molimo ea Matla ’Ohle

Bibele e ruta hore le hoja Jesu e le lengeloi le matla leholimong, o mamela ntate oa hae Jehova Molimo. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Bapala VIDEO ho bona hore na Bibele e re Jesu o fapana joang le Molimo ea Matla ’Ohle.

VIDEO: Na Jesu Kreste ke Molimo? (3:22)

Mangolo a latelang a re thusa ho utloisisa hore na Jehova le Jesu ba amana joang. Bala mangolo ana ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

Bala Luka 1:​30-​32.

  • Lengeloi le ile la re Jesu o amana joang le Jehova Molimo “Ea Phahameng ka ho Fetisisa”?

Bala Matheu 3:​16, 17.

  • Ha Jesu a kolobetsoa, lentsoe le ileng la hlaha leholimong le ile la re’ng?

  • U nahana lentsoe leo e ne e le la mang?

Bala Johanne 14:28.

  • Ke mang e moholo ho e mong le ea nang le matla a fetang a e mong? Na ke mora kapa ke ntate?

  • Jesu o ile a re Jehova ke Ntate oa hae. See se re ruta’ng?

Bala Johanne 12:49.

  • Na Jesu o nahana hore eena le Ntate oa hae ke motho a le mong? Uena u nahana’ng ka bona?

5. Bopaki bo bontšitseng hore Jesu ke Mesia

Ho na le boprofeta bo bongata ba Bibele bo buang ka Mesia, e leng ea khethiloeng ke Molimo ho pholosa batho. Boprofeta bona bo thusitse batho ho tseba Mesia. Bapala VIDEO e le hore u ithute ka bo bong ba boprofeta ba Bibele boo Jesu a ileng a bo phethahatsa ha a ne a le lefatšeng.

VIDEO: Jesu o Phethahatsa Boprofeta (3:03)

Bala boprofeta bona ba Bibele ebe le buisana ka lipotso tse latelang:

Bala Mikea 5:2 e le hore u bone hore na Mesia o ne a lokela ho hlahela hokae.b

  • Na ha Jesu a tsoaloa boprofeta boo bo ile ba phethahala?​—Matheu 2:1.

Bala Pesaleme ea 34:​20 le Zakaria 12:​10 ho bona lintlha tse profetiloeng ka lefu la Mesia.

  • Na boprofeta boo bo ile ba phethahala? ​—Johanne 19:​33-​37.

  • Na u nahana hore Jesu o ne a ka khona ho etsa hore boprofeta boo bo phethahale?

  • See se u tiisetsa eng ka Jesu?

6. Re fumana molemo ha re ithuta ka Jesu

Bibele e re ho bohlokoa ho ithuta ka Jesu le hore na Molimo o batla hore a etse’ng. Bala Johanne 14:6 le 17:3 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ithuta ka Jesu?

Jesu o ruta sehlopha sa banna, basali le bana.

Jesu o re buletse tsela ea hore re be metsoalle ea Molimo. O re rutile ’nete ka Jehova ’me ka eena re ka khona ho fumana bophelo bo sa feleng.

BATHO BA BANG BA RE: “Lipaki Tsa Jehova ha li lumele ho Jesu.”

  • U ka ba araba joang?

KAKARETSO

Jesu ke lengeloi le matla. Ke mora oa Molimo ebile ke Mesia.

Re Ithutile’ng?

  • Ke hobane’ng ha Jesu a bitsoa “letsibolo la popo eohle”?

  • Jesu o ne a etsa’ng pele a tla lefatšeng?

  • Re tseba joang hore Jesu ke Mesia?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ithute haholoanyane ka hore na re tseba joang hore Jesu ke Mesia.

“Na Boprofeta bo Buang ka Mesia bo Paka Hore Jesu e ne e le Mesia?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na ehlile Bibele e re Molimo o bile le Jesu ka tsela eo batho ba tsoalang bana ka eona.

“Ke Hobane’ng ha Jesu a Bitsoa Mora oa Molimo?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute hore na ke hobane’ng ha thuto ea boraro-bo-teroneng e sa tsoe ka Bibeleng.

“Na Jesu ke Molimo?” (Molula-Qhooa, April 1, 2009)

Bala hore na bophelo ba ’mè e mong bo ile ba fetoha joang ka mor’a hore a ithute hore na Bibele e ruta eng ka Jesu.

“Mosali oa Mojuda o Hlalosa Lebaka le Entseng Hore a Boele a Hlahlobe Tumelo ea Hae” (Tsoha!, May 2013)

a Likhaolo tsa 26 le 27 li tla bua ka hore na ke hobane’ng ha batho ba hloka ho pholosoa le hore na Jesu o re pholosa joang.

b Sheba Tlhaloso ea bobeli e buang ka boprofeta ba hore na Jesu o ne a tla hlahella neng lefatšeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela