Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 2/1 maq. 8-13
  • Ea Khopo o Saletsoe ke Nako e Kae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ea Khopo o Saletsoe ke Nako e Kae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Naha e Pherekanong
  • Jehova o Ntšetsa Pele “Mosebetsi” o sa Tl’o Lumeloa
  • Motheo o Utloahalang oa Tšepo
  • Ho Lokela Mantsoe a Eketsehileng a Jehova
  • “Mosebetsi” oa Molimo o sa Lumeloeng Mehleng ea Rōna
  • Tšepa Jehova U Tle U Phele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Buka ea Bibele ea 35—Habakuke
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ho Ithabela ho Molimo oa Poloko ea Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Jehova a ke ke a Lieha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 2/1 maq. 8-13

Ea Khopo o Saletsoe ke Nako e Kae?

‘Ke hobane’ng ha [uena Jehova] u khutsa ha ea khopo a metsa ea lokileng haholoanyane ho mo feta?’—HABAKUKE 1:13, NW.

1. Lefatše le tla tlala tsebo ea khanya ea Jehova neng?

NA Molimo o tla ke a timetse ba khopo? Haeba ho joalo, re tla leta ho fihlela neng? Batho ba botsa lipotso tsa mofuta ona lefatšeng lohle. Re ka fumana likarabo hokae? Re ka li fumana mantsoeng a boprofeta ao Molimo a a bululetseng bakeng sa nako e behiloeng. A re tiisetsa hore Jehova o tla tloha a liha kahlolo ho bohle ba khopo. Ke ka nako eo feela moo ka ho feletseng lefatše “le tla tlala tsebo ea khanya ea Jehova, joalo ka metsi ha a aparetse leoatle.” Eo ke tšepiso ea boprofeta e fumanoang Lentsoeng le Halalelang la Molimo ho Habakuke 2:14.

2. Buka ea Habakuke e na le likahlolo life tse tharo tse tla lihuoa ke Molimo?

2 Buka ea Habakuke e ngotsoeng hoo e ka bang ka 628 B.C.E., e na le letoto la likahlolo tse tharo tse tla lihuoa ke Jehova Molimo. Likahlolo tse peli ho tseo li se li phethahalitsoe. Ea pele ke ea ha Jehova a ne a ahlola sechaba se sa mameleng sa Juda ea boholo-holo. Ea bobeli ke efe? Ke kahlolo eo Molimo a ileng a ahlola Babylona e hatellang ka eona. Ka hona, ruri re na le mabaka a feletseng a ho lumela hore kahlolo ea boraro likahlolong tsena tsa bomolimo e tla phethahatsoa. Ha e le hantle, re ka lebella hore e phethahatsoe haufinyane haholo. Molimo o tla timetsa batho bohle ba khopo molemong oa ba lokileng ba teng mehleng ena ea qetello. Oa ho qetela oa bona o tla phefumoloha la ho qetela “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle” e atamelang ka potlako.—Tšenolo 16:14, 16.

3. Ke eng eo ka sebele e tlang ho oela ba khopo mehleng ea rōna?

3 Ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo e ntse e atamela. ’Me kahlolo ea bomolimo ea ba khopo mehleng ea rōna e tla lihuoa feela joalokaha likahlolo tsa Jehova khahlanong le Juda le Babylona li ile tsa phethahatsoa. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha hona joale re sa inke eka re Juda mehleng ea Habakuke? Ho etsahala’ng naheng eo?

Naha e Pherekanong

4. Habakuke o utloa molaetsa ofe o nyarosang?

4 E-ba le pono ea moprofeta oa Jehova, Habakuke, a lutse marulelong a bataletseng a ntlo ea hae ’me a thabela moea o pholileng oa mantsiboea. Pel’a hae ke seletsa. (Habakuke 1:1; 3:19, sephetho) Empa Habakuke o utloa litaba tse nyarosang. Morena Jojakime oa Juda o bolaile Uria ’me o lahletse setopo sa moprofeta eo mabitleng a batho feela ba tloaelehileng. (Jeremia 26:23) Ke ’nete hore Uria o ne a sa ka a lula a tšepa Jehova, eaba oa tšoha ’me o balehela Egepeta. Leha ho le joalo, Habakuke oa tseba hore mabifi a Jojakime a ne a sa susumetsoa ke takatso leha e le efe ea ho batla ho phahamisa thoriso ho Jehova. Sena se pakoa ke mantsoe ao eena morena eo a ileng a a bua ho hlompholla molao oa Molimo le ho hloea ha hae moprofeta Jeremia le ba bang ba sebeletsang Jehova.

5. Boemo ba moea ke bofe Juda, hona Habakuke o itšoara joang ka bona?

5 Habakuke o bona mosi oa libano o kubella marulelong a matlo a haufi. Batho bana ha ba chese libano tsena hobane e le barapeli ba Jehova. Ba etsa liketso tsa bolumeli ba bohata tse tšehetsoang ke Morena Jojakime ea khopo oa Juda. Ke mahlabisa-lihlong a makaakang! Mahlo a Habakuke a tlala likhapha, ’me o kōpa ka tieo: “Jehova, ke tla hoeletsa halelele hakae ho kōpa thuso, ’me u sa utloe? Ke tla hoeletsa halelele hakae ho uena ho kōpa thuso pefong, ’me u sa pholose? Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone se kotsi, ’me u ntse u talima khathatso feela? ’Me ke hobane’ng ha tlatlapo le pefo li le ka pel’a ka, hape ke hobane’ng ha qabang e e-ba teng, ’me ke hobane’ng ha tsekisano e ntšetsoa pele? Ka hona molao o felloa ke matla, ’me toka ha ho mohla e tsoang. Hobane ea khopo o teetse ea lokileng hare, ka lebaka leo toka e tsoa e khopame.”—Habakuke 1:2-4, NW.

6. Ho etsahetse eng ka molao le toka Juda?

6 E, tšenyo le pefo li atile. Hohle moo Habakuke a shebang teng o bona khathatso, qabang le tsekisano. ‘Molao o feletsoe ke matla,’ ha o sebetse. Toka eona ho thoe’ng ka eona? ‘Ha ho mohla e tsoang’ ka morero oa hore e hlōle! Ha ho mohla e atlehang. Ho e-na le hoo, “ea khopo o teetse ea lokileng hare,” ho sitisa mehato ea molao e reretsoeng ho sireletsa ba se nang molato. Ka sebele, “toka e tsoa e khopame.” E sothehile. Ke boemo bo bohloko hakaakang!

7. Habakuke o ikemiselitse ho etsa eng?

7 Habakuke o imamela hanyenyane ’me o nahana ka boemo bona. Na o tla tela? Le hanyenyane! Ka mor’a hore monna enoa ea tšepahalang a hlahlobe mahloriso ’ohle a bahlanka ba tšepahalang ba Molimo, o tsosolosa boikemisetso ba hae ba ho lula e le moprofeta oa Jehova ea tiileng le ea sa sisinyeheng. Habakuke o tla tsoela pele ho bolela molaetsa oa Molimo—esita le haeba ho etsa joalo ho bolela lefu.

Jehova o Ntšetsa Pele “Mosebetsi” o sa Tl’o Lumeloa

8, 9. Jehova o ntšetsa pele “mosebetsi” ofe o sa tl’o lumeloa?

8 Ponong, Habakuke o bona balumeli ba bohata ba hlomphollang Molimo. Mamela hore na Jehova o re’ng ho bona: “Bonang, har’a lichaba, ’me le talime, ’me le shebane ka ho makala.” Mohlomong Habakuke oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a bua le batho bana ba khopo ka tsela ena. Joale o utloa ha Jehova a re ho bona: “Makalang; kaha ho na le mosebetsi oo e mong a o ntšetsang pele matsatsing a lōna, oo le ke keng la o lumela le hoja o phetoa.” (Habakuke 1:5, NW) Ha e le hantle, Jehova ke eena ea ntšetsang pele mosebetsi ona oo ba sa o lumeleng. Hantle-ntle ke ofe?

9 Habakuke o mamela ka hloko mantsoe a eketsehileng a Molimo, a tlalehiloeng ho Habakuke 1:6-11. (NW) Ona ke molaetsa oa Jehova—’me ho phethahala ha oona ho ke ke ha thijoa ke molimo leha e le ofe oa bohata kapa setšoantšo leha e le sefe se sa pheleng: “Ke mona ke hlahisa Bakalde, sechaba se sehlōhō le se bohale, se eang libakeng tsa lefatše tse bulehileng ka ho pharaletseng hore se rue libaka tsa bolulo tseo e seng tsa sona. Sea tšabeha ’me sea tšosa. Toka ea sona le ho hlompheha ha sona li tsoa ho sona. Lipere tsa sona li lebelo ho feta mangau, ’me li bohale ho feta liphiri tsa shoalane. ’Me lipere tsa sona tsa ntoa li ’nile tsa tila fatše, le lipere tsa sona tsa ntoa li tsoa hōle haholo. Li fofa joaloka ntsu e potlaketseng ho ea ja ho hong. Kaofela ha sona se tlela pefo feela. Ho bokana ha lifahleho tsa sona ho joaloka moea oa bochabela, ’me se bokella baholehuoa feela joaloka lehlabathe. Se soma marena, ’me balaoli ba phahameng ke ho hong ho tšehisang ho sona. Se tšeha esita le sebaka se seng le se seng se etselitsoeng qhobosheane, ’me se bokella lerōle le ho se hapa. Ka nako eo ka sebele se tla leba pele joaloka moea hape se tla feta ’me ka sebele se be molato. Matla ana a sona a teng ka lebaka la molimo oa sona.”

10. Ke bo-mang ba susumetsoang ke Jehova?

10 Ke temoso e matla hakaakang ea boprofeta e tsoang ho Ea Holimo-limo! Jehova o susumetsa Bakalde, e leng sechaba se hlaha sa Babylona. Ha se haola le ‘libaka tsa lefatše tse bulehileng,’ se tla hapa libaka tse ngata haholo tsa bolulo. Se tšosa hakaakang! Letšoele la Bakalde ‘lea tšabeha ’me lea tšosa,’ lea tšabisa ’me le harola letsoalo. Le etsa melao ea lona e sa fetoheng. ‘Toka ea lona le ho hlompheha ha lona li tsoa ho lona.’

11. U ka hlalosa ho tla ha mabotho a Bababylona joang khahlanong le Juda?

11 Lipere tsa Babylona li lebelo ho feta mangau a lebelo. Bahlabani ba eona ba palameng lipere ba bohale ho feta liphiri tse lapileng tse tsomang bosiu. ‘Lipere tsa sona tsa ntoa li tila’ ke ho hloka mamello ha li chesehela ho tloha. Li tloha Babylona e hōle li habile Juda. Bakalde ba fofang joaloka ntsu e potlaketseng sejo se hlabosang, ba tla tloha ba ubella liphofu tsa bona. Empa na see e tla ba tlhaselo feela ea nakoana, phutuho feela ea masole a seng makae? Le hanyenyane! “Kaofela ha sona se tlela pefo feela,” joaloka lebotho le leholo le phuthehelang ho ea senya. Lifahleho tsa bona li khanya cheseho, ba palame ba lebile bophirimela Juda le Jerusalema, ba tsamaea ka potlako joaloka moea oa bochabela. Mabotho a Bababylona a hohola batšoaruoa ba bangata hoo ba ‘bokellang baholehuoa feela joaloka lehlabathe.’

12. Bababylona ba na le boikutlo bofe, hona sera see se seholohali “ka sebele se [ba le] molato” ofe?

12 Lebotho la Bakalde le soma marena ’me le tšeha balaoli ba phahameng, bao kaofela ha bona ba se nang matla a ho thiba lebotho lena le mokoka. Le ‘tšeha sebaka se seng le se seng se etselitsoeng qhobosheane,’ hobane setšabelo se seng le se seng sea oa ha Bababylona ba ‘bokella lerōle’ ka ho haha ’mōtōmōtō oo ba tla o hloa ha ba hlasela. Ka nako e behiloeng ea Jehova, sera sena se sa hlōloeng “se tla leba pele joaloka moea.” “Ka sebele, se [tla ba] molato” oa ho etsa batho ba Molimo hampe ha se hlasela Juda le Jerusalema. Ka mor’a tlhōlo e ripitlang, molaoli oa Bakalde o tla ithorisa, a re: ‘Matla ana ke a molimo oa rōna.’ Empa litaba li ipatetse eena hakaakang!

Motheo o Utloahalang oa Tšepo

13. Ke hobane’ng ha Habakuke a tletse tšepo le kholiseho?

13 Tšepo ea hōla pelong ea Habakuke ha a fumana kutloisiso e eketsehileng ka merero ea Jehova. Kaha o kholisehile ka ho feletseng, o bua ka tlhompho ha a bua ka Jehova. Joalokaha ho ngotsoe ho Habakuke 1:12 (NW), moprofeta enoa o re: “Na ha ua ba teng ho tloha khale, Jehova? Molimo oa ka, Mohalaleli oa ka, ha u shoe.” Ka sebele, Jehova ke Molimo “ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang”—ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 90:1, 2, NW.

14. Bakoenehi ba Juda ba phehelletse tsela efe?

14 Moprofeta enoa ha a nahanisisa ka pono eo a e filoeng ke Molimo ’me a thabela temohisiso eo e fanang ka eona, o tsoela pele: “Jehova, u se behetse kahlolo; ’me, Lefika, u se thehetse khalemelo.” Molimo o ahlotse bakoenehi ba Juda ka bohale, ’me ba mocheng oa khalemelo, e leng kotlo e boima e tsoang ho Jehova. Ba ne ba lokela hore ebe ba shebile ho eena e le Lefika la bona, qhobosheane eo e leng eona feela ea sebele, tširelo le Mohloli oa poloko. (Pesaleme ea 62:7; 94:22; 95:1, NW) Leha ho le joalo, baeta-pele ba bakoenehi ba Juda ha ba atamele ho Molimo, ’me ba tsoela pele ho hatella barapeli ba Jehova ba seng kotsi.

15. Ke ka kutloisiso efe ‘mahlo a Jehova a hloekileng haholo hore a ka talima se sebe’?

15 Boemo bona bo tepelletsa moprofeta oa Jehova haholo. Kahoo, o re: “Mahlo a hao a hloekile haholo hore u ka bona se sebe; ’me ha u khone ho talima khathatso.” (Habakuke 1:13, NW) E, ‘mahlo a Jehova a hloekile haholo hore a ka talima se sebe,’ ke hore, ho mamella liphoso.

16. U ne u ka akaretsa se tlalehiloeng ho Habakuke 1:13-17 joang?

16 Ka lebaka leo, Habakuke o hopotse lipotso tse ling tse fatang maikutlo. Oa botsa: “Ke hobane’ng ha u talima ba sebetsang ka bolotsana, hore u khutse ha ea khopo a metsa ea lokileng ho mo feta? Ke hobane’ng ha u etsa motho oa lefatše joaloka litlhapi tsa leoatle, joaloka lihahabi tseo ho seng ea busang holim’a tsona? Tsena tsohle o li nyolotse ka selope; o li hula ka letlooa la hae le huloang, ’me o li bokella ka letlooeng la hae la ho tšoasa litlhapi. Ke ka lebaka leo a thabileng ’me a nyakaletseng. Ke ka lebaka leo a nyehelang sehlabelo letlooeng la hae le huloang ’me a etsetsang letlooa la hae la ho tšoasa litlhapi mosi oa sehlabelo; etsoe ka tsona kabelo ea hae e na le oli e ngata, ’me lijo tsa hae li phelisa hantle. Na ke ka lona lebaka leo a tlang ho tšolla letlooa la hae le huloang, ’me na o lokela ho bolaea lichaba kamehla, a sa bontše qenehelo?”—Habakuke 1:13-17, NW.

17. (a) Bababylona ba phethahatsa morero oa Molimo joang ka ho hlasela Juda le Jerusalema? (b) Jehova o tla senolela Habakuke eng?

17 Ha Bababylona ba hlasela Juda le motse-moholo oa eona, Jerusalema, ba tla etsa ka litakatso tsa bona. Ba ke ke ba tseba hore ba sebetsa e le kofuto eo Molimo a e sebelisetsang ho liha kahlolo ea hae ea ho loka khahlanong le batho ba sa tšepahaleng. Ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha ho ne ho le thata hore Habakuke a utloisise lebaka la hore Molimo a sebelise Bababylona ba khopo hore ba phethahatse kahlolo ea Hae. Bakalde bao ba sehlōhō hase barapeli ba Jehova. Ba talima batho joaloka ‘litlhapi [feela tjee] tse hahabang’ tse ka tšoasoang eaba lia ruuoa. Empa Habakuke ha a na ho tsieleha halelele. Jehova o tla tloha a senolela moprofeta enoa oa hae hore Bababylona ba ke ke ba tloheloa feela bakeng sa tšenyo ea bona e etsoang ka meharo le molato oa bona oa mali o entsoeng ka sehlōhō.—Habakuke 2:8, NW.

Ho Lokela Mantsoe a Eketsehileng a Jehova

18. Re ka ithuta eng boikutlong boo Habakuke a neng a e-na le bona, joalokaha bo bonahalitsoe ho Habakuke 2:1?

18 Leha ho le joalo, hona joale Habakuke o emetse ho utloa mantsoe a eketsehileng a tsoang ho Jehova. Moprofeta enoa o qeta taba ka ho re: “Ke tla ’ne ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela, ’me ke tla ipoloka ke eme holim’a lerako la tšireletso; hape ke tla lula ke lebetse, ho bona seo a tla se bua ka ’na le seo ke tla araba ka sona ha ke khalemeloa.” (Habakuke 2:1, NW) Habakuke o thahasella haholo seo Molimo a sa ntsaneng a tla se bua ka eena e le moprofeta. Ho lumela ha hae hore Jehova ke Molimo ea sa mamelleng bobe ho mo etsa hore a ipotse hore na ke hobane’ng ha bokhopo bo atile, empa o ikemiselitse hore monahano oa hae o lokisoe. Joale ho thoe’ng ka rōna? Ha re ipotsa hore na ke hobane’ng ha lintho tse itseng tse khopo li mameletsoe, ho tšepa ha rōna ho loka ha Jehova Molimo ho lokela ho re thusa hore re lule re tsitsitse ’me re mo letele.—Pesaleme ea 42:5, 11, NW.

19. Tumellanong le seo Molimo a se boleletseng Habakuke, ho ile ha etsahala eng ka Bajuda ba sa mameleng?

19 Tumellanong le seo a se boleletseng Habakuke, Molimo o ile a liha kahlolo sechabeng se khelohileng sa Bajuda ka ho lumella Bababylona hore ba futuhele Juda. Ka 607 B.C.E., ba ile ba timetsa Jerusalema le tempele, ba bolaea ba baholo le ba banyenyane ka tsela e tšoanang, ’me ba nka baholehuoa ba bangata. (2 Likronike 36:17-20) Ka mor’a kholeho ea nako e telele Babylona, masala a ’maloa a tšepahalang a Bajuda a ile a khutlela naheng ea habo ’ona ’me qetellong a tsosa tempele. Leha ho le joalo, ka mor’a moo, Bajuda ba ile ba boela ba se ke ba tšepahala ho Jehova—haholo-holo ha ba ne ba hana Jesu e le Mesia.

20. Pauluse o ile a sebelisa Habakuke 1:5 joang mabapi le ho hana Jesu?

20 Ho ea ka Liketso 13:38-41, moapostola Pauluse o ile a bontša Bajuda ba neng ba le Antioke hore na ho ne ho tla bolela eng ho hana Jesu ’me ka tsela eo ebe ho nyelisoa sehlabelo sa hae sa thekollo. Pauluse ha a qotsa Habakuke 1:5 phetolelong ea Septuagint ea Segerike, o ile a lemosa: “Le hlokomele hore le se ke la hlaheloa ke se boletsoeng Baprofeteng, ‘Lōna basomi, bonang, ’me le makale, le be le fele, hobane mehleng ea lōna ke etsa mosebetsi, mosebetsi oo le sa tl’o o lumela le haeba motho a ka le phetela oona ka ho qaqileng.’” Tumellanong le mantsoe a qotsitsoeng ke Pauluse, Habakuke 1:5 (NW) e ile ea phethahala ka lekhetlo la bobeli ha mabotho a Roma a timetsa Jerusalema le tempele ea eona ka 70 C.E.

21. Bajuda ba mehleng ea Habakuke ba ile ba talima “mosebetsi” oa Molimo oa hore Bababylona ba timetse Jerusalema joang?

21 Ho Bajuda ba mehleng ea Habakuke, “mosebetsi” oa Molimo oa hore Bababylona ba timetse Jerusalema, e ne e le mohlolo hobane motse oo e ne e le setsi sa borapeli ba Jehova le sebaka seo marena a hae a tlotsitsoeng a neng a behoa teroneng ho sona. (Pesaleme ea 132:11-18) Jerusalema ka boeona ho ne ho se mohla e kileng ea timetsoa. Ho ne ho se mohla tempele ea eona e kileng ea chesoa. Lelapa la borena la Davida ho ne ho se mohla le kileng la lihuoa. Ho ne ho se ea ka lumelang hore Jehova o ne a tla lumella lintho tse joalo hore li etsahale. Empa ka Habakuke Molimo o ile a fana ka temoso e loketseng hore lintho tsena tse nyarosang li ne li tla etsahala. Histori e paka hore li ile tsa etsahala joalokaha li boletsoe esale pele.

“Mosebetsi” oa Molimo o sa Lumeloeng Mehleng ea Rōna

22. “Mosebetsi” o sa tl’o lumeloa oa Jehova o tla akarelletsa eng mehleng ee ea rōna?

22 Na mehleng ee ea rōna Jehova o tla etsa “mosebetsi” o sa tl’o lumeloa? Kholiseha hore o tla o etsa, le hoja babelaeli ba sa lumele hore ho tla etsahala. Lekhetlong lena, mosebetsi o sa tl’o lumeloa oa Jehova e tla ba ho timetsoa ha Bokreste-’mōtoana. Joaloka Juda ea boholo-holo, bo bolela hore bo rapela Molimo empa bo bolile ka ho feletseng. Jehova o tla tiisa hore moneketsela o mong le o mong oa tsamaiso ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana o tla felisoa haufinyane, joalokaha “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e tla tlosoa kaofela ha eona.—Tšenono 18:1-24.

23. Moea oa Molimo o ile oa susumelletsa Habakuke ho etsa’ng e latelang?

23 Jehova o ne a e-na le mosebetsi o mongata oo Habakuke a neng a lokela ho o etsa pele ho timetso ea Jerusalema ka 607 B.C.E. Ebe ke eng hape eo Molimo a neng a sa tla e bolella moprofeta eo oa hae? E, Habakuke o ne a tla utloa lintho tse neng li tla mo susumelletsa hore a nke seletsa sa hae ’me a binele Jehova lithapelo tsa koli-ea-malla. Leha ho le joalo, moea oa Molimo o ne o tla qala ka ho susumetsa moprofeta enoa hore a phatlalatse bomalimabe bo boholo. Ka sebele, re ka lakatsa ho lemoha botebo ba se boleloang ke mantsoe a joalo a boprofeta bakeng sa nako e behiloeng ea Molimo. Kahoo, a re lebiseng tlhokomelo ea rōna e eketsehileng boprofeteng ba Habakuke.

Na U sa Hopola?

• Ho ne ho e-na le maemo afe Juda mehleng ea Habakuke?

• Jehova o ile a ntšetsa pele “mosebetsi” ofe o sa kang oa lumeloa mehleng ea Habakuke?

• Habakuke o ne a e-na le motheo ofe oa tšepo?

• Molimo o tla ntšetsa pele “mosebetsi” ofe o sa tl’o lumeloa mehleng ee ea rōna?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Habakuke o ile a ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse hore bokhopo bo ate. Na le uena oa ipotsa?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Habakuke o ile a bolela esale pele ka tlokotsi e tla oela naha ea Juda matsohong a Bababylona

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Archaeological ruins of Jerusalem, which was destroyed in 607 B.C.E.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela