Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 2/15 maq. 23-28
  • Batho ba Jehova ba Tsosolositsoeng ba mo Rorisa Lefatšeng Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Jehova ba Tsosolositsoeng ba mo Rorisa Lefatšeng Lohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Puo e Hloekileng’ Bakeng sa Bo-mang?
  • Borapeli ba Jehova Boa Phahamisoa
  • Borapeli ba ’Nete Boa Atleha
  • Mosebetsi oa ho Ruta o Moholo ka ho Fetisisa Historing
  • “Matsoho a Hao a se ke a Tepella”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Puo e Hloekileng Bakeng sa Lichaba Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Buka ea Bibele ea 36—Sofonia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • E-bang ba Kopantsoeng ke Puo e Hloekileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 2/15 maq. 23-28

Batho ba Jehova ba Tsosolositsoeng ba mo Rorisa Lefatšeng Lohle

“Ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova.”—SOFONIA 3:9.

1. Ke hobane’ng ha melaetsa ea kahlolo e ne e phethahala ho Juda le lichaba tse ling?

JEHOVA o ile a bululela Sofonia hore a fetise melaetsa e matla hakaakang ea kahlolo! Mantsoe ao a kahlolo a ile a phethahala sechabeng sa Juda le Jerusalema, motse-moholo oa eona, hobane baeta-pele le sechaba ka kakaretso ba ne ba sa etse thato ea Jehova. Lichaba tsa boahelani tse kang Filistia, Moabe le Ammone le tsona li ne li tla latsoa khalefo ea Molimo. Hobane’ng? Ka lebaka la ho hanyetsa batho ba Jehova ka sehlōhō le ka makholo a lilemo. Ke ka lona lebaka leo ’muso oa lefatše oa Assyria o neng o tla felisoa, ’me ho se mohla o tla tsosolosoa.

2. Ho bonahala eka ho ne ho buuoa le bo-mang ho Sofonia 3:8?

2 Leha ho le joalo, Juda ea boholo-holo ho ne ho e-na le ba nang le tšekamelo e nepahetseng. Ba ne ba lebeletse ho lihuoa ha kahlolo ea Molimo ho ba khopo ’me ho bonahala eka ke bao ho buuoang le bona ka mantsoe ana: “‘Lulang le ntebeletse,’ ho bolela Jehova, ‘ho fihlela letsatsing la ha ke ema bakeng sa khapo, etsoe qeto ea ka ea boahloli ke ho bokella lichaba, hore ke phuthe mebuso, e le hore ke tšollele nyatso ea ka holim’a eona, bohale bohle ba ka bo tukang; kaha ka mollo oa cheseho ea ka lefatše lohle le tla timetsoa.’”—Sofonia 3:8.

‘Puo e Hloekileng’ Bakeng sa Bo-mang?

3. Sofonia o ile a bululeloa ho fetisa molaetsa ofe oa tšepo?

3 E, Sofonia o ile a fetisa melaetsa ea Jehova ea kahlolo. Empa moprofeta enoa o ile a boela a bululeloa hore a kopanyelletse molaetsa o hlollang oa tšepo—o neng o tla tšelisa haholo ho ba neng ba tsoela pele ba tšepahala ho Jehova. Joalokaha ho tlalehiloe ho Sofonia 3:9, Jehova Molimo o ile a re: “Ka nako eo ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng.”

4, 5. (a) Ho ne ho tla etsahala’ng ka ba sa lokang? (b) Ke bo-mang ba neng ba tla rua molemo ho see, hona hobane’ng?

4 Ho na le batho ba neng ba ke ke ba fuoa puo e hloekileng. Boprofeta bona bo ba qoolla ka ho re: “Ke tla tlosa har’a lōna ba lōna bao ka boikhohomoso ba thabileng.” (Sofonia 3:11) Ka hona, baikhohomosi ba neng ba nyelisa melao ea Molimo, ’me ba tloaetse ho etsa lintho tse sa lokang ba ne ba tla tlosoa. Ke bo-mang ba neng ba tla rua molemo ho see? Sofonia 3:12, 13 e re: “Ka sebele [’na Jehova] ke tla siea har’a lōna batho ba ikokobetsang le ba tlaase, ’me ba tla tšabela lebitsong la Jehova. Ha e le ba setseng ba Iseraele, ba ke ke ba etsa ho sa lokang, kapa ba bua leshano, leha e le hore ho tla fumanoa leleme le qhekellang melomong ea bona; etsoe ba tla iphepa ’me ba robale ba thakhaletse, ’me ho ke ke ha e-ba le ea mong ea etsang hore ba thothomele.”

5 Masala a tšepahalang a Juda ea boholo-holo a ne a lokela ho rua molemo. Hobane’ng? Hobane a ne a sebelitse tumellanong le mantsoe ana a reng: “Le batle Jehova, lōna bohle ba bonolo ba lefatše, ba sebelisitseng qeto ea Hae ea boahloli. Batlang ho loka, le batle bonolo. Mohlomong le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 2:3.

6. Ho ile ha etsahala’ng phethahatsong ea pele ea boprofeta ba Sofonia?

6 Phethahatsong ea pele ea boprofeta ba Sofonia, Molimo o ile a otla Juda e sa tšepahaleng ka ho lumella ’Muso oa Lefatše oa Babylona hore o e hlōle o be o e ise kholehong ka 607 B.C.E. Ba bang ba ile ba pholoha, ho kopanyelletsa le moprofeta Jeremia ’me ba bang ba ile ba lula ba tšepahala ho Jehova kholehong. Ka 539 B.C.E., Babylona e ile ea hlōloa ke Bamede le Bapersia tlas’a Morena Cyruse. Lilemo tse ka bang peli hamorao, Cyruse o ile a ntša taelo e neng e lumella masala a Bajuda ho khutlela naheng ea habo ’ona. Ka nako e loketseng, tempele ea Jerusalema e ile ea hahoa hape, ’me boprista bo ile ba tsosolosoa e le hore sechaba se rutoe Molao. (Malakia 2:7) Ka hona, Jehova o ile a atlehisa masala a tsosolositsoeng—hafeela a ne a lutse a tšepahetse.

7, 8. Mantsoe a boprofeta ba Sofonia 3:14-17 a ile a sebetsa ho bo-mang, hona ke hobane’ng ha u arabela joalo?

7 Ha Sofonia a ne a bolela esale pele ka ba neng ba tla thabela tsosoloso eo o itse: “Hoeletsa ka thabo, Uena morali oa Sione! Tlerola ka nyakallo, Uena Iseraele! Nyakalla ’me u thabe ka pelo eohle, Uena morali oa Jerusalema! Jehova o tlositse likahlolo holim’a hao. O lelekile sera sa hao. Morena oa Iseraele, Jehova, o ka hare ho uena. Ha u sa tla hlola u tšaba tlokotsi. Letsatsing leo ho tla thoe ho Jerusalema: ‘U se ke ua tšoha, Uena Sione. E se eka matsoho a hao a ke ke a tepella. Jehova Molimo oa hao o ka hare ho uena. Joaloka Ea matla, o tla pholosa. O tla thaba ka lebaka la hao ka nyakallo. O tla khutsa leratong la hae. O tla thaba ka lebaka la hao ka mehoo ea thabo.’”—Sofonia 3:14-17.

8 Mantsoe ao a boprofeta a ne a bua ka masala a neng a ntšitsoe kholehong Babylona ’me a khutlisetsoa naheng ea baholo-holo ba ’ona. Sofonia 3:18-20 e hlakisa sena ha e re: “‘Ba saretsoeng ka ho se be teng nakong ea hao ea mokete ka sebele [’na Jehova] ke tla ba bokella; ba ne ba le sieo ho uena, kahobane ba jere nyeliso ka lebaka la hae. Bona! ke nka bohato khahlanong le bohle ba u hlorisang, ka nako eo; ke tla pholosa ea hlotsang, ’me ke tla phutha ea qhalakantsoeng. Ke tla ba beha e le thoriso hape e le lebitso naheng eohle ea lihlong tsa bona. Nakong eo ke tla le tlisa, esita le nakong ea ha ke le phutha. Etsoe ke tla etsa hore le be lebitso le thoriso har’a lichaba tsohle tsa lefatše, ha ke khutlisa baholehuoa ba lōna ka pel’a mahlo a lōna,’ ho boletse Jehova.”

9. Jehova o ile a iketsetsa lebitso joang kaJuda?

9 Nahana feela hore na lichaba tseo tse potolohileng tseo e neng e le lira tsa batho ba Molimo li ile tsa tšoha hakaakang! Baahi ba Juda ba ne ba hapiloe ke Babylona e matla, ho se na tšepo ea hore ba sa tla lokolloa. Ho feta moo, naha ea bona e ne e le lesupi. Leha ho le joalo, ka matla a Molimo ba ile ba khutlisetsoa naheng ea habo bona ka mor’a lilemo tse 70, athe lichaba tseo e neng e le lira tsa bona tsona li ne li lebile phelisong. Jehova o ile a iketsetsa lebitso le letle hakaakang ka ho khutlisa masala ao a tšepahalang! O ile a etsa hore e be “lebitso le thoriso har’a lichaba tsohle.” Tsosoloso eo e ile ea tlisa thoriso e kaakang ho Jehova le ho ba bitsoang ka lebitso la hae!

Borapeli ba Jehova Boa Phahamisoa

10, 11. Phethahatso e ka sehloohong ea boprofeta ba Sofonia ba tsosoloso e ne e lokela ho ba neng, hona re tseba joang?

10 Tsosoloso e ’ngoe e ile ea etsahala lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng, ha Jesu Kreste a ne a bokellela masala a Iseraele borapeling ba ’nete. Sena e bile pontšo ea se tla tla, kaha phethahatso e khōlō ea tsosoloso ena e ne e le hona e tlang. Boprofeta ba Mikea bo boletse esale pele ba re: “Karolong e qetellang ea matsatsi thaba ea ntlo ea Jehova e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba, ’me ka sebele e tla phahamela maralla; ’me lichaba li tla phallela ho eona.”—Mikea 4:1.

11 See se ne se tla etsahala neng? Joalokaha boprofeta bo boletse, “karolong e qetellang ea matsatsi”—e, “matsatsing [ana] a ho qetela.” (2 Timothea 3:1) Sena se ne se tla etsahala pele ho bofelo ba tsamaiso ea lintho ea hona joale, ha lichaba li ntse li rapela melimo ea bohata. Mikea 4:5 e re: “Lichaba tsohle li tla tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona.” Barapeli ba ’nete bona ho thoe’ng ka bona? Boprofeta ba Mikea bo araba ka ho re: “Empa re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.”

12. Borapeli ba ’nete bo phahamisitsoe joang matsatsing aa a ho qetela?

12 Kahoo, matsatsing ana a ho qetela, “thaba ea ntlo ea Jehova [e tiisitsoe] ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba.” Borapeli bona ba Jehova ba ’nete bo phahameng bo tsosolositsoe, bo tiisitsoe ka thata, ’me bo phahamiselitsoe ka holim’a mefuta e meng eohle ea bolumeli. Joalokaha boprofeta ba Mikea bo ile ba boela ba bolela esale pele, “lichaba li tla phallela ho eona.” Litho tsa bolumeli ba ’nete li tla “tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa [tsona] ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.”

13, 14. Lefatše lee le kene “karolong e qetellang ea matsatsi” neng, ’me ho ’nile ha etsahala’ng ho tloha ka nako eo borapeling ba ’nete?

13 Liketsahalo tse phethahatsang boprofeta ba Bibele li bontša hore ka selemo sa 1914, lefatše lena le kene “karolong e qetellang ea matsatsi”—e leng matsatsi a lona a ho qetela. (Mareka 13:4-10) Histori e bontša hore masala a tšepahalang a batlotsuoa, a nang le tšepo ea ho phela leholimong a ile a qala ho bokelleloa borapeling ba ’nete ke Jehova. Sena se ile sa lateloa ke ho bokelloa ha ‘bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle’—e leng ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.—Tšenolo 7:9.

14 Ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše ho fihlela kajeno, borapeli ba Jehova, boo litho tsa bona e leng ba bitsoang ka lebitso la hae, bo hatetse pele ka matla tlas’a tataiso ea hae. Ho tloha ho ba likete tse seng kae ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, hona joale barapeli ba Jehova ba ka bang limilione tse tšeletseng, ba bokana liphuthehong tse ka bang 91 000 linaheng tse 235. Selemo ka seng, baboleli bana ba ’Muso ba qeta lihora tse fetang limilione tse sekete ba rorisa Molimo phatlalatsa. Ho hlakile hore Lipaki tsena tsa Jehova ke tsona tse phethahatsang mantsoe a boprofeta a Jesu a reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.

15. Sofonia 2:3 e phethahala joang hona joale?

15 Sofonia 3:17 e re: “Jehova Molimo oa hao o ka hare ho uena. Joaloka Ea matla, o tla pholosa.” Katleho ena ea moea eo bahlanka ba Jehova ba e thabelang matsatsing ana a ho qetela ke phello e tobileng ea hore ba mo amohele ‘ka hare ho bona’ e le Molimo oa bona ea matla. Kajeno ho etsahetse se tšoanang le se ileng sa etsahala ha ho tsosolosoa Juda ea boholo-holo ka 537 B.C.E. Kahoo, re ka bona kamoo Sofonia 2:3 e phethahalang haholoanyane kateng mehleng ea rōna ha e re: “Le batle Jehova, lōna bohle ba bonolo ba lefatše.” Ka 537 B.C.E., lentsoe “bohle” le ne le akarelletsa masala a Bajuda a neng a tsoile kholehong Babylona. Hona joale le emela ba bonolo ba lichaba tsohle lefatšeng lohle, ba arabelang hantle mosebetsing oa lefatše lohle oa ho bolela ka ’Muso le ba phallelang ‘thabeng ea ntlo ea Jehova.’

Borapeli ba ’Nete Boa Atleha

16. Ho ka etsahala hore ebe lira tsa rōna li itšoara joang mabapi le katleho ea bahlanka ba Jehova ba kajeno?

16 Ka mor’a 537 B.C.E., lichaba tse ngata tse potolohileng li ile tsa makatsoa ke ho khutlisetsoa ha bahlanka ba Molimo borapeling ba ’nete naheng ea habo bona. Empa tsosoloso eo e ne e le e nyenyane. Na u ka nahana feela hore na ba bang—esita le lira tsa batho ba Molimo—ba re’ng hona joale ha ba bona keketseho, katleho le khatelo-pele e hlollang ea bahlanka ba Jehova mehleng ea kajeno? Ho ka hla ha etsahala hore ebe tse ling tsa lira tsena li ikutloa joaloka Bafarisi ha ba ne ba bona kamoo batho ba neng ba phallela ho Jesu kateng. Ba ile ba khotsa ba re: “Bonang! Lefatše le mo setse morao.”—Johanne 12:19.

17. Mongoli e mong o itse’ng ka Lipaki tsa Jehova, hona li eketsehile hakae?

17 Bukeng ea hae ea These Also Believe, Moprofesa Charles S. Braden o itse: “Lipaki tsa Jehova li koahetse lefatše ka bopaki ba tsona. Kannete ho ka boleloa hore lefatšeng ha ho na sehlopha sa bolumeli se bontšitseng cheseho le phehello ho feta Lipaki tsa Jehova boitekong ba ho hasa litaba tse molemo tsa ’Muso. Ho totobetse hore sehlopha sena se tla ’ne se eketsehe.” O ne a nepile hakaakang! Ha a ne a ngola mantsoe ao lilemo tse kang bang 50 tse fetileng, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 300 000 feela tse neng li bolela lefatšeng lohle. O ne a ka re’ng kajeno, ha ho e-na le bao palo ea bona e menang eo ka makhetlo a ka bang 20—e leng ba ka bang limilione tse tšeletseng—ba bolelang litaba tse molemo?

18. Puo e hloekileng ke eng, ’me Molimo o e file bo-mang?

18 Molimo o ile a tšepisa ka moprofeta oa hae, a re: “Ke tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng.” (Sofonia 3:9) Matsatsing ana a ho qetela, ke Lipaki tsa Jehova tse ipiletsang lebitsong la Jehova, tse mo sebeletsang li kopane li tlamahantsoe ke lerato le sa senyeheng—e, “ka mahetla a bapileng.” Ke tsona tseo Jehova a li fileng puo e hloekileng. Puo ena e hloekileng e kopanyelletsa le kutloisiso e nepahetseng ea ’nete ka Molimo le merero ea hae. Ke Jehova feela ea fanang ka kutloisiso ena ka moea oa hae o halalelang. (1 Bakorinthe 2:10) O file bo-mang moea oa hae? O o file feela “ba mo mamelang e le ’musi.” (Liketso 5:32) Ke Lipaki tsa Jehova feela tse ikemiselitseng ho utloa Molimo e le ’Musi linthong tsohle. Ke ka lebaka leo li amohelang moea oa Molimo li bileng li buang puo e hloekileng, e leng ’nete e mabapi le Jehova le merero ea hae e hlollang. Li sebelisa puo e hloekileng ho rorisa Jehova lefatšeng lohle ka tekanyo e khōlō e ntseng e hōla.

19. Ho bua puo e hloekileng ho kopanyelletsa eng?

19 Ho bua puo e hloekileng ha ho kopanyelletse feela ho lumela ’nete le ho e ruta ba bang empa ho kopanyelletsa le hore motho a lumellanye boitšoaro ba hae le melao le litekanyetso tsa Molimo. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ka pele-pele tabeng ea ho batla Jehova le ho bua puo e hloekileng. Ak’u nahane ka se finyeletsoeng! Le hoja palo ea batlotsuoa e fokotsehile ’me e le ka tlaase ho 8 700, ba bang ba ka bang limilione tse tšeletseng ba etsisa tumelo ea bona ka ho batla Jehova le ho bua puo e hloekileng. Bana ke bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle bo ntseng bo eketseha, bo lumelang sehlabelong sa thekollo sa Jesu, bo etsang tšebeletso e halalelang lebaleng la lefatšeng la tempele ea Molimo ea moea, ’me bo tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ a tla tloha a tlela lefatše lena le sa lokang.—Tšenolo 7:9, 14, 15.

20. Ke’ng se larileng ka pele ho batlotsuoa le bongata bo boholo?

20 Bongata bo boholo bo tla kenngoa lefatšeng la Molimo le lecha la ho loka. (2 Petrose 3:13) Jesu Kreste le batlotsuoa ba 144 000 ba tsoselitsoeng bophelong ba leholimo hore ba e’o sebeletsa le eena e le marena le baprista e tla ba sehlopha se secha sa babusi ba lefatše. (Baroma 8:16, 17; Tšenolo 7:4; 20:6) Bapholohi ba matšoenyeho a maholo ba tla etsa lefatše paradeise ’me ba tla tsoela pele ho bua puo e hloekileng eo Molimo a ba fileng eona. Ha e le hantle, ho bona ho sebetsa mantsoe a reng: “Bara [ho sa lebaloe barali] bohle ba hao e tla ba batho ba rutoang ke Jehova, ’me khotso ea bara ba hao e tla ba ngata. U tla tiisoa ka thata ka ho loka.”—Esaia 54:13, 14.

Mosebetsi oa ho Ruta o Moholo ka ho Fetisisa Historing

21, 22. (a) Joalokaha ho bontšitsoe ho Liketso 24:15, ke bo-mang bao ho tla hlokahala hore ba rutoe puo e hloekileng? (b) Tlas’a puso ea ’Muso, lefatšeng ho tla etsoa mosebetsi ofe oa thuto oo ho seng o tšoanang le oona?

21 Sehlopha se seholohali se tla fuoa monyetla oa ho ithuta puo e hloekileng lefatšeng le lecha, ke bao ho buuoang ka bona ho Liketso 24:15, e reng: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” Batho ba limilione tse likete ba phetseng nakong e fetileng ba ile ba e-shoa ba se na tsebo e nepahetseng ka Jehova. O tla ba tsosa ka tsela e hlophisehileng. Ho tla hlokahala hore bao ba tsositsoeng ba rutoe puo e hloekileng.

22 Ho kopanela mosebetsing oo o moholo oa ho ruta e tla ba tokelo e babatsehang hakaakang! E tla ba mosebetsi o moholo ka ho fetisisa oa ho ruta historing ea moloko oa batho. Kaofela ha oona o tla etsoa tlas’a puso e molemo ea Kreste Jesu ea tla beng a busa ’Musong. Ka lebaka leo, qetellong moloko oa batho o tla bona ha Esaia 11:9 e phethahala. E re: “Ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”

23. Ke hobane’ng ha u ne u ka re re na le tokelo e khōlō re le batho ba Jehova?

23 Re na le tokelo e kaakang matsatsing aa a ho qetela hore ebe re lokisetsa nako eo e hlollang ea ha lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova! Hona ke tokelo e kaakang eo re nang le eona hona joale ea ho ba batho ba Molimo, ba latsoang phethahatso e hlollang ea mantsoe a boprofeta a tlalehiloeng ho Sofonia 3:20! Ho eona Jehova o re tiisetsa sena: “Ke tla etsa hore le be lebitso le thoriso har’a lichaba tsohle tsa lefatše.”

U ka Arabela Joang?

•Boprofeta ba Sofonia ba tsosoloso bo phethahetse joang?

•Borapeli ba ’nete bo ’nile ba atleha joang matsatsing aa a ho qetela?

•Ho tla etsoa mosebetsi ofe oa ho ruta lefatšeng le lecha?

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Batho ba Jehova ba ile ba khutlela naheng ea habo bona ho ea tsosolosa borapeli bo hloekileng. Na ua tseba hore seo se bolela’ng kajeno?

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Ka ho bua ‘puo e hloekileng,’ Lipaki tsa Jehova li fa batho molaetsa oa Bibele o tšelisang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela