Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Letsatsi la Jehova la Kahlolo le Haufi!
    Molula-Qhooa—2001 | February 15
    • 11. Moelelo o ka sehloohong oa Sofonia 1:8-11 ke ofe?

      11 Mabapi le letsatsi la Jehova, Sofonia 1:8-11 ea phaella: “‘Ka letsatsi la sehlabelo sa Jehova ke tla lebisa tlhokomelo ho likhosana, le ho bara ba morena, le ho bohle ba apereng liaparo [tsa basele]. Ke tla lebisa tlhokomelo ho e mong le e mong ea hloellang holim’a setupu letsatsing leo, ba tlatsang ntlo ea beng ba bona ka pefo le thetso. Letsatsing leo,’ ho bolela Jehova, ‘molumo oa mohoo o tla ba teng o tsoa Hekeng ea Litlhapi, le ho bokolla ho tsoang karolong ea bobeli, le lerata le leholo le tsoang maralleng. Bokollang, lōna baahi ba Makteshe, etsoe batho bohle bao e leng bo-rakhoebo ba khutsisitsoe; bohle ba bekhang silevera ba felisitsoe.’”

  • Letsatsi la Jehova la Kahlolo le Haufi!
    Molula-Qhooa—2001 | February 15
    • 13. Tumellanong le boprofeta ba Sofonia, ke’ng se neng se lokela ho etsahala ha Bababylona ba hlasela Jerusalema?

      13 ‘Letsatsi leo,’ leo Juda e tla botsoa ka lona le tšoana le letsatsi la Jehova la ho ahlola lira tsa hae, ho felisa bokhopo le ho paka hore o phahame. Ha Bababylona ba hlasela Jerusalema, mohoo o ne o tla tsoa Hekeng ea Litlhapi. Mohlomong e filoe lebitso lena hobane e ne e le haufi le ’maraka oa litlhapi. (Nehemia 13:16) Makhotla a Babylona a ne a tla kena sebakeng se bitsoang karolo ea bobeli, ’me “lerata . . . le tsoang maralleng” e ka ’na eaba le bolela molumo oa Bakalde ba atamelang. Ho ne ho tla ba le “ho bokolla” ho etsoang ke baahi ba Makteshe, eo mohlomong e leng Khohlo e ka holimo ea Tyropoeone. Ba ne ba tla bokollela’ng? Hobane mesebetsi ea khoebo, ho kopanyelletsa le oa ‘ho bekha silevera,’ e ne e tla khaotsa sebakeng seo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela