“Letsatsi le Leholo la Jehova le Haufi”
“Letsatsi le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, ’me le potlakile haholo.”—SOFONIA 1:14.
1, 2. (a) Bakreste ba letetse letsatsi lefe le khethehileng? (b) Re lokela ho botsa lipotso life, hona hobane’ng?
MOROETSANA ea thabileng, ka tjantjello o letetse hore letsatsi la lenyalo la hae le fihle. ’Mè oa moimana, ka lerato o lebeletse ho bona ha lesea la hae le hlaha. Mosebetsi ea khathetseng, o labalabela ho bona nako eo e leng khale a e letetse ea ho ea phomolong. Batho baa ba tšoana ka eng? Kaofela ba letetse letsatsi le khethehileng—letsatsi le tla ama bophelo ba bona. Kaofela ha bona ba thabile haholo, empa ba thabisitsoe ke lintho tse sa tšoaneng. Letsatsi leo ba le letetseng le tla qetella le fihlile, ’me ba tšepa hore ha le fihla, ba tla be ba itokiselitse lona.
2 Ka ho tšoanang le Bakreste ba ’nete kajeno, ka tjantjello ba letetse hore letsatsi la bohlokoa le fihle. Ke “letsatsi la Jehova” le leholo. (Esaia 13:9; Joele 2:1; 2 Petrose 3:12) ‘Letsatsi lee la Jehova’ le tlang ke eng, hona ha le fihla le tla ama moloko oa batho joang? Ho feta moo, re ka etsa’ng ho tiisa hore re lula re itokiselitse lona? Ke habohlokoa hore re batle likarabo tsa lipotso tsena hona joale, hobane bopaki bo re bontša hore Bibele e tiisitse ha e bua mantsoe ana a reng: “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, ’me le potlakile haholo.”—Sofonia 1:14.
“Letsatsi le Leholo la Jehova”
3. “Letsatsi le leholo la Jehova” ke eng?
3 “Letsatsi le leholo la Jehova” ke eng? Hohle ka Mangolong, poleloana e reng “letsatsi la Jehova” e bolela linako tse khethehileng tseo ka tsona Jehova a ileng a ahlola lira tsa hae le ho tlotlisa lebitso la hae le leholo. Baahi ba Juda le ba Jerusalema ba sa tšepahaleng hammoho le bahatelli ba Babylona le Egepeta, kaofela ba ile ba chabeloa ke ‘matsatsi a Jehova’ ha Jehova a ne a ba ahlola. (Esaia 2:1, 10-12; 13:1-6; Jeremia 46:7-10) Leha ho le joalo, “letsatsi la Jehova” le leholo ka ho fetisisa le sa ntse le tla tla. Ke “letsatsi” leo ka lona Jehova a tla ahlola batho ba nyefolang lebitso la hae. Le tla qala ha ho timetsoa “Babylona e Moholo,” e leng ’Muso oa bolumeli ba bohata o laolang lefatše lohle ’me le tla fihla sehlohlolong ha tsamaiso eohle e khopo ea lintho e timetsoa ntoeng ea Armagedone.—Tšenolo 16:14, 16; 17:5, 15-17; 19:11-21.
4. Ke hobane’ng ha boholo ba moloko oa batho bo lokela ho tšoha letsatsi la Jehova le atamelang ka potlako?
4 Hore na boholo ba moloko oa batho bo lemoha sena kapa che, bo lokela ho tšoha letsatsi lena le atamelang ka potlako. Hobane’ng? Jehova o araba potso eo ka moprofeta Sofonia tjena: “Letsatsi leo ke letsatsi la khalefo, letsatsi la mahlomola le la bohloko bo boholo, letsatsi la sefefo le la lesupi, letsatsi la lefifi le la botšo, letsatsi la maru le la botšo bo boholo.” Ruri lea tšosa! Ho feta moo, moprofeta enoa o re: “Ke tla baka mahlomola ho moloko oa batho . . . hobane ba sitetsoe Jehova.”—Sofonia 1:15, 17.
5. Ke hobane’ng ha batho ba limilione ba labalabela hore letsatsi la Jehova le fihle?
5 Leha ho le joalo, batho ba bang ba limilione, ka tjantjello ba letetse mohla letsatsi la Jehova le fihlang. Hobane’ng? Baa tseba hore ke nako eo ka eona ba lokileng ba tla pholosoa le ho lopolloa, e leng letsatsi leo ka lona Jehova ka boeena a tla phahamisetsoa holimo ’me lebitso la hae le khanyang le halaletsoe. (Joele 3:16, 17; Sofonia 3:12-17) Hore na batho ba lokela ho tšaba letsatsi leo kapa ho le letela ka tjantjello ho itšetlehile ka hore na ba etsa’ng ka bophelo ba bona hona joale. Letsatsi leo le ntseng le atamela u le talima joang? Na u itokiselitse lona? Na taba ea hore letsatsi la Jehova le haufi e ama bophelo ba hao ba letsatsi le letsatsi hona joale?
“Ho Tla Tla Basomi ka ho Soma ha Bona”
6. Batho ba bangata ba talima “letsatsi la Jehova” joang, hona ke hobane’ng ha see se sa makatse Bakreste ba ’nete?
6 Le hoja boemo bo hloka ho nkeloa bohato ka potlako, baahi ba bangata ba lefatše ha ba tsotelle “letsatsi la Jehova” le ntseng le atamela. Ba tšeha le ho soma batho ba ba lemosang hore le haufi le ho fihla. Seo hase makatse Bakreste ba ’nete. Ba hopola temoso e tlalehiloeng ke moapostola Petrose e reng: “Le tseba sena pele, hore matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ka ho soma ha bona, ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona ba re: ‘Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.’”—2 Petrose 3:3, 4.
7. Ke eng e tla re thusa ho lula re hopotse hore metsotso e jele babeli?
7 Ke eng e tla re thusa ho hanela monahano o joalo oa ho se tsotelle ’me kahoo re lule re hopotse hore metsotso e jele babeli? Petrose o re ho rōna: ‘Ka khopotso ke tsosa matla a lōna a hlakileng a ho nahana, e le hore le ka hopola lipolelo tse ileng tsa buuoa pele ke baprofeta ba halalelang le taelo ea Morena le Mopholosi ka baapostola ba lōna.’ (2 Petrose 3:1, 2) Ho ela hloko litemoso tsa boprofeta ho tla re thusa ho ‘tsosa matla a rōna a hlakileng a ho nahana.’ Mohlomong e se e le ka makhetlo re utloa likhopotso tsena, empa hona joale ho feta leha e le neng pele, ke habohlokoa hore re tsoele pele re ela hloko litemoso tsena.—Esaia 34:1-4; Luka 21:34-36.
8. Ke hobane’ng ha ba bangata ba iphapanyetsa likhopotso tsa Bibele?
8 Ke hobane’ng ha batho ba bang ba iphapanyetsa likhopotso tsee? Petrose o tsoela pele tjena: “Ho ea ka takatso ea bona, ha ba ele hloko ’nete ena, hore ho ne ho e-na le maholimo ho tloha khale le lefatše le neng le eme le setlellane ho tsoa metsing le har’a metsi ka lentsoe la Molimo; ’me ka mekhoa eo lefatše la nakong eo le ile la timela ha le koaheloa ke metsi.” (2 Petrose 3:5, 6) Bonneteng, ho na le ba sa lakatseng hore letsatsi la Jehova le fihle. Ha ba batle hore ntho leha e le efe e kena-kenane le bophelo ba bona. Ha ba batle hore Jehova a nke ba ikarabella hobane ba phela ka tsela ea boithati! Joalokaha Petrose a bontša, ba phela “ho ea ka litakatso tsa bona.”
9. Batho ba ile ba bonahatsa boikutlo bofe matsatsing a Noe le a Lota?
9 Ka lebaka la “litakatso tsa bona,” basomi bana ba khetha ho iphapanyetsa hore nakong e fetileng Jehova o ile a kenella litabeng tsa moloko oa batho. Jesu Kreste hammoho le moapostola Petrose ba bua ka liketsahalo tse peli tsa mofuta oo—e leng “matsatsing a Noe” le “matsatsing a Lota.” (Luka 17:26-30; 2 Petrose 2:5-9) Batho ba pele ho Moroallo ha baa ka ba elelloa litemoso tseo Noe a ileng a fana ka tsona. Ka ho tšoanang, pele Sodoma le Gomora li timetsoa, Lota o ne “a bonahala joaloka motho ea neng a soasoa” mahlong a bakhoenyana ba hae.—Genese 19:14.
10. Jehova o tla nka bohato bofe ka ba sa elelloeng?
10 Ho ntse ho tšoana le mehleng ena. Leha ho le joalo, hlokomela bohato boo Jehova a tla bo nka ka ba sa elelloeng: “Ke tla lebisa tlhokomelo ho batho ba qitang holim’a litšifa tsa bona le ba reng ka lipelong tsa bona, ‘Jehova a ke ke a etsa se molemo, ’me a ke ke a etsa se sebe.’ Leruo la bona le tla nkoa ka mahahapa le matlo a bona a etsoe lesupi. Ba tla haha matlo, empa ba ke ke ba lula ho ’ona; ’me ba tla lema lirapa tsa morara, empa ba ke ke ba noa veine ea tsona.” (Sofonia 1:12, 13) Batho ba ka ’na ba tsoela pele ka mesebetsi ea bona “e tloaelehileng” ea letsatsi le letsatsi, empa mosebetsi oa bona o thata o ke ke oa ba ruisa molemo leha e le ofe oa ka ho sa feleng. Hobane’ng? Hobane letsatsi la Jehova le tla fihla ka tšohanyetso, ’me maruo leha e le afe a lintho tse bonahalang ao mohlomong ba a fumaneng a ke ke a ba pholosa.—Sofonia 1:18.
“U Lule U e Lebeletse”
11. Re lokela ho lula re hopotse keletso efe?
11 Ho fapana le lefatše lena le khopo leo re phelang har’a lona, re lokela ho lula re hopotse keletso ena e tlalehiloeng ke moprofeta Habakuke e reng: “Pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng, e ntse e potlakela bofelong, ’me e ke ke ea bolela leshano. Esita le haeba e ka lieha, u lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako.” (Habakuke 2:3) Esita le haeba letsatsi leo le ka bonahala le lieha ho latela pono ea rōna batho ba sa phethahalang, re tlameha ho hopola hore Jehova ha a liehe. Letsatsi la hae le tla fihla hantle ka nako ea lona, ka hora eo batho ba sa le lebellang ka eona.—Mareka 13:33; 2 Petrose 3:9, 10.
12. Jesu o ile a lemosa mabapi le eng, hona liketso tsee li fapane joang le tsa balateli ba tšepahalang ba Jesu?
12 Ha Jesu a ne a hatisa hore ke habohlokoa hore re lule re lebeletse letsatsi la Jehova, o ile a lemosa hore esita le ba bang ba balateli ba hae ba ne ba tla lebala hore metsotso e jele babeli. Mabapi le bona o ile a bua tjena esale pele: “Haeba lekhoba leo le lebe le ka re ka pelong ea lona, ‘Mong’a ka oa lieha,’ ’me le ka qala ho otla makhoba-’moho le lona ’me le ka ja la noa le ba tsebahalang e le matahoa, mong’a lekhoba leo o tla tla ka letsatsi leo le sa le lebellang le ka hora eo le sa e tsebeng, o tla le fa kotlo e matla ka ho fetisisa.” (Matheu 24:48-51) Ho fapana le lekhoba leo, ka botšepehi sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se lutse se hopotse hore metsotso e jele babeli. Sehlopha sa lekhoba se lutse se lebetse se bile se itokisitse. Jesu o se behile hore se “okamele lintho tsohle tsa hae” mona lefatšeng.—Matheu 24:42-47.
Ha ho ne ho Hlokahala Hore ho Nkoe Bohato ka Potlako
13. Jesu o ile a hatisa joang hore ho hlokahala hore batho ba lule ba hopotse hore ba lokela ho nka bohato ka potlako?
13 Ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba lule ba hopotse hore metsotso e jele babeli. Ho ne ho hlokahala hore hang-hang ba nke bohato ba ho baleha Jerusalema ha ba bona motse oo o “lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong.” (Luka 21:20, 21) ’Me seo se etsahetse ka selemo sa 66 C.E. Hlokomela hore na Jesu o ile a hatisa joang hore ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba mehleng eo ba nke khato ka potlako. O ile a re: “Monna ea ka holim’a ntlo a se ke a theoha ho ntša thepa ka tlung ea hae; le monna ea tšimong a se ke a khutlela ntlong ho ea nka seaparo sa hae sa ka ntle.” (Matheu 24:17, 18) Kaha histori e bontša hore ho ile ha feta lilemo tse ’nè pele Jerusalema e timetsoa, ke hobane’ng ha ka 66 C.E. ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba nke bohato ka potlako mabapi le mantsoe ao a Jesu?
14, 15. Ke hobane’ng ha e ne e le habohlokoa hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba se ke ba senya nako ha ba bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong?
14 Le hoja e le ’nete hore lebotho la Baroma ha lea ka la timetsa Jerusalema ho fihlela ka 70 C.E., empa pakeng tsa 66 C.E. le 70 C.E., ho ne ho se na khotso. Ruri naha e ne e jele boea! Lilemong tseo, ho ne ho atile pefo le tšollo ea mali. Ha rahistori e mong a hlalosa hore na boemo bo ne bo le joang Jerusalema ka nako eo, o re e ne e le “ntoa ea lehae e mahlo-mafubelu ho bile ho e-na le liketso tse sehlōhō tsa bokhopo.” Bahlankana ba ne ba thaotheloa ho ea tiisa liqhobosheane, ho nka lihlomo le ho kenela sesole. Ba ne ba ikoetlisetsa ntoa letsatsi le letsatsi. Ba neng ba sa tšehetse mekhoa eo e feteletseng ba ne ba nkoa e le mahlaba-phio. Haeba Bakreste ba ne ba ile ba tsilatsila motseng oo, ba ne ba ka iphumana ba le kotsing e tšabehang.—Matheu 26:52; Mareka 12:17.
15 Re lokela ho elelloa hore Jesu ha aa ka a bua feela ka ba Jerusalema, empa o ile a re le “ba leng Judea” ba ne ba lokela ho qala ho baleha. Bohato bona e ne e le ba bohlokoa hobane likhoeli li se kae ka mor’a hore lebotho la Baroma le tlohe Jerusalema, le ile la boea sekoele ka litlhaselo tsa lona. Le ile la qala ka ho hlōla Galilea ka 67 C.E., ’me selemong se latelang la hapa Judea ka ho feletseng. Sena se ile sa baka masisa-pelo a maholo naheng eohle. Hape ho ile ha e-ba thata le ho feta hore Mojuda leha e le ofe a balehe Jerusalema ka boeona. Likeiti tsa motse li ne li lebetsoe, ’me mang kapa mang ea neng a leka ho baleha ho ne ho nkoa hore o lahla Bajuda kherehloa e le ho ea tšehetsa Baroma.
16. Ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba be le boikutlo bofe e le hore ba ka pholoha nako eo ea matšoenyeho?
16 Ha re nahana ka maemo ana ’ohle, re ka utloisisa lebaka leo ka lona Jesu a ileng a hatisa hore boemo boo bo ne bo hloka ho nkeloa bohato ka potlako. Bakreste ba ne ba lokela ho ikemisetsa ho tela lintho tsa bona, ba ithibe hore ba se ke ba khelosoa ke maruo a lintho tse bonahalang. Ba ne ba lokela ho ikemisetsa ho re “lintho tsohle tsa [bona] li sale hantle” e le hore ba ka mamela temoso ea Jesu. (Luka 14:33) Ba ileng ba mamela ka potlako eaba ba balehela ka mose ho Jordane ba ne ba sireletsehile.
Ho Lula re Hopotse Hore Metsotso e Jele Babeli
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikhopotsa ka matla hore metsotso e jele babeli?
17 Boprofeta ba Bibele bo bontša ka ho hlaka hore re phela qetellong ea nako ea bofelo. Hona joale ho feta leha e le neng pele, ho hlokahala hore re ikhopotse ka matla hore metsotso e jele babeli. Nakong ea khotso, lesole ha le ikutloe le le tlas’a khatello ebile ha le nahane hakaalo ka hore na ntoa e kotsi hakae. Ho ntse ho le joalo, haeba le nka hore ha ho hlokahale hore le lule e le malala-a-laotsoe ’me ka tšohanyetso le bitsetsoa ntoeng, mohlomong le tla be le sa itokisetsa ntoa hoo le ka bang la shoela ntoeng. Bakreste ba boemong ba moea bo tšoanang le boo. Haeba hanyane ka hanyane re fifalloa ke pono ea hore metsotso e jele babeli, re ka ’na ra qetella re se malala-a-laotsoe ho itšireletsa ha re hlaseloa ’me mohlomong letsatsi la Jehova la qetella le re tsomelitse. (Luka 21:36; 1 Bathesalonika 5:4) Haeba leha e le bafe ‘ba ikhutse ho lateleng Jehova,’ joale ke nako ea ho boela ba mo batla.—Sofonia 1:3-6; 2 Bathesalonika 1:8, 9.
18, 19. Ke eng e tla re thusa ho lula re hopotse “ho ba teng ha letsatsi la Jehova”?
18 Ha ho makatse hore ebe moapostola Petrose o re khothalletsa ho lula re hopotse “ho ba teng ha letsatsi la Jehova”! See re ka se etsa joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho ikakhela ka setotsoana “liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo.” (2 Petrose 3:11, 12) Ho tšoareha ka matla mesebetsing ea mofuta oo ho tla re thusa ho lebella ka cheseho hore “letsatsi la Jehova” le fihle. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho “hopola” ka ho toba le bolela “ho potlakisa.” Bonneteng, re ke ke ra potlakisa nako e setseng ea hore letsatsi la Jehova le fihle. Empa, ha re ntse re letetse letsatsi leo, nako e tla bonahala e feta ka lebelo le leholo haeba re le maphathaphathe tšebeletsong ea Molimo.—1 Bakorinthe 15:58.
19 Ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka likhopotso tsa lona le hona ho tla re thusa ho etsa tjena—‘ho lebella (e leng, ho labalabela le ho potlakisa) ho tla ha letsatsi leo,’ ka sebele ho tla re thusa hore ‘ka linako tsohle re le letele.’ (2 Petrose 3:12,The Amplified Bible; The New Testament, ea William Barclay) Har’a likhopotso tsena ho na le boprofeta bo bongata. Bona ha bo bolele esale pele feela ka ho fihla ha letsatsi la Jehova empa bo boetse bo bua ka litlhohonolofatso tse enneng tse tla fuoa batho ba ‘lulang ba lebeletse Jehova.’—Sofonia 3:8.
20. Re lokela ho nka keletso efe ka ho teba?
20 Kannete ena ke nako ea hore kaofela ha rōna re ele hloko keletso ena e fanoeng ka moprofeta Sofonia e reng: “Pele le oeloa ke bohale bo tukang ba Jehova, pele le oeloa ke letsatsi la bohale ba Jehova, le batle Jehova, lōna bohle ba bonolo ba lefatše, ba sebelisitseng qeto ea Hae ea boahloli. Batlang ho loka, le batle bonolo. Mohlomong le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 2:2, 3.
21. Selemong sa 2007 batho ba Molimo ba tla ikemisetsa ho etsa’ng?
21 Kahoo, ruri hoa tšoaneleha hore ebe temana ea selemo e khethiloeng bakeng sa selemo sa 2007 e re: “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi.” Batho ba Molimo ba kholisehile hore “le haufi, ’me le potlakile haholo.” (Sofonia 1:14) ‘Le ke ke la siuoa ke nako.’ (Habakuke 2:3) Kahoo, e se eka ka linako tsohle re ka falimehela linako tseo re phelang ho tsona, re elelloa hore nako ea hore boprofeta bona bo phethahale la ho qetela e haufi haholo!
Na U ka Araba?
• “Letsatsi le leholo la Jehova” ke eng?
• Ke hobane’ng ha ba bangata ba iphapanyetsa ho nka bohato ka potlako mabapi le linako tsee?
• Ke hobane’ng ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lokela ho nka bohato ka potlako?
• Re ka etsa’ng e le hore re ka lula re hopotse ka matla hore metsotso e jele babeli?
[Lebokose le leqepheng la 19]
Temana ea selemo ea 2007 e tla be e re: “Letsatsi le leholo la Jehova le haufi.”—Sofonia 1:14.
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Joaloka mehleng ea Noe, basomi ba tla tsometsoa ha Jehova a nka bohato
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Bakreste ba ne ba lokela ho nka bohato ba sa senye nako ha ba bona Jerusalema “e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong”