Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ntebelleng”
    Molula-Qhooa—1996 | March 1
    • ‘Lebellang’

      16. (a) Ho atamela ha letsatsi la Jehova e ne e le mohloli oa thabo ho mang, hona hobane’ng? (b) Ke taelo efe e hlasimollang e ileng ea lebisoa ho masala aa a tšepahalang?

      16 Le hoja ho otsela ho sa tloaelehang moeeng, ho belaela, borapeli ba litšoantšo, tšenyeho le lerato la lintho tse bonahalang li ne li atile har’a baeta-pele le baahi ba bangata ba Juda le Jerusalema, ho bonahala hore Bajode ba bang ba tšepahalang ba ile ba mamela boprofeta ba Sofonia bo lemosang. Ba ile ba soabisoa ke mekhoa e manyala ea mahosana a Juda, baahloli le baprista ba eona. Liphatlalatso tsa Sofonia e ne e le mohloli oa matšeliso ho bana ba tšepahalang. Ho e-na le ho ba mohloli oa ho sithabela, ho atamela ha letsatsi la Jehova e ne e le mohloli oa thabo ho bona, hobane ho ne ho tla felisa mekhoa e joalo e manyala. Masala ana a tšepahalang a ile a ela hloko taelo ea Jehova e hlasimollang: “Ka baka leo, ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha lichaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tšollele holim’a eona khalefo ea ka, ho tuka hohle ha bohale ba ka.”—Sofonia 3:8.

      17. Melaetsa ea Sofonia ea kahlolo e ile ea qala ho phethahala neng hona joang lichabeng?

      17 Ba ileng ba ela hloko temoso eo ha baa ka ba tšohanyetsoa. Ba bangata ba ile ba phela ho fihlela ba bona ha boprofeta ba Sofonia bo phethahala. Ka 632 B.C.E., makhotla a ikopantseng a Babylona, a Bamede le makhotla a leboea, mohlomong Maskitha a ile a hapa Ninive a ba a e timetsa. Rahistori Will Durant oa pheta: “Lebotho la Bababylona tlas’a Nabopolassar le ile la kopana le lebotho la Bamede tlas’a Cyaxares le lekhotla la Maskitha le tsoang Caucasus, ’me ka bobebe le ka potlako e makatsang a ile a hapa liqhobosheane tsa leboea. . . . Tlhaselong e le ’ngoe Assyria e ile ea nyamela historing.” Sena ke sona seo Sofonia a neng a se profetile.—Sofonia 2:13-15.

      18. (a) Kahlolo ea bomolimo e ile ea lihuoa joang holim’a Jerusalema, hona hobane’ng? (b) Boprofeta ba Sofonia mabapi le Moabe le Ammone bo ile ba phethahala joang?

      18 Bajode ba bangata ba neng ba ’nile ba lebella Jehova le bona ba ile ba phela ho fihlela ba bona likahlolo tsa hae li phethahatsoa holim’a Juda le Jerusalema. Mabapi le Jerusalema, Sofonia o ne a ile a profeta: “Ho malimabe motse o ikhantšang, o litšila, motse o hlorisang! Ha o mamele lentsoe, ha o amohele khalemelo, ha o tšepe Jehova; ha o atamele ho Molimo oa oona.” (Sofonia 3:1, 2) Bababylona ba ile ba thibella Jerusalema habeli ka lebaka la ho se tšepahale ha eona ’me qetellong e ile ea haptjoa ea ba ea timetsoa ka 607 B.C.E. (2 Likronike 36:5, 6, 11-21) Ha e le Moabe le Ammone, ho latela rahistori oa Mojode Josephus, selemong sa bohlano ka mor’a ho oa ha Jerusalema, Bababylona ba ile ba li loantša le ho li hapa. Hamorao li ile tsa timela, joalokaha ho ne ho profetiloe.

      19, 20. (a) Jehova o ile a putsa ba ileng ba lula ba mo lebeletse joang? (b) Ke hobane’ng ha liketsahalo tsee li re ama, ’me ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?

      19 Ho phethahala ha likarolo tsena le tse ling tsa boprofeta ba Sofonia e bile phihlelo e matlafatsang tumelo ho Bajode le bao e seng Bajode ba ileng ba lula ba lebeletse Jehova. Har’a ba ileng ba pholoha timetso ena e ileng ea oela Juda le Jerusalema e ne e le Jeremia, Ebede-Meleke oa Moethiopia, le lelapa la Jonadabe, Morekabe. (Jeremia 35:18, 19; 39:11, 12, 16-18) Bajode ba tšepahalang ba leng kholehong le bana ba bona ba ileng ba tsoela pele ho lebella Jehova, e ile ea e-ba karolo ea masala a thabileng a ileng a lokolloa Babylona ka 537 B.C.E. ’me a busetsoa Juda e le hore a ka tsosolosa borapeli bo hloekileng.—Esdrase 2:1; Sofonia 3:14, 15, 20.

  • “Matsoho a Hao a se ke a Tepella”
    Molula-Qhooa—1996 | March 1
    • 2. Ke ho tšoana hofe ho leng teng pakeng tsa boemo ba mehleng ea Sofonia le boemo bo ka har’a Bokreste-’mōtoana kajeno?

      2 Kajeno, qeto ea Jehova ea boahloli ke ho bokellela lichaba timetso ka tekanyo e fetang ea mehleng ea Sofonia hōle. (Sofonia 3:8) Lichaba tseo tse ipolelang hore ke tsa Bokreste li molato ka ho khetheha mahlong a Molimo. Joalokaha Jerusalema e ile ea otloa haboima ka lebaka la ho se tšepahale ha eona ho Jehova, ka ho tšoanang Bokreste-’mōtoana bo tlameha ho ikarabella ho Molimo bakeng sa mekhoa ea bona ea boitšoaro bo litšila ka ho feletseng. Likahlolo tsa bomolimo tse ileng tsa phatlalatsoa khahlanong le Juda le Jerusalema mehleng ea Sofonia li sebetsa ka matla a eketsehileng likerekeng le lihlopheng tsa bokhelohi tsa Bokreste-’mōtoana. Hape li silafalitse borapeli bo hloekileng ka lithuto tsa tsona tsa bolumeli tse hlomphollang Molimo, tse ngata li simolohile boheteneng. Li entse bara ba tsona ba limilione ba phelang hantle ’meleng sehlabelo aletareng ea kajeno ea ntoa. Ho feta moo, baahi ba Jerusalema e tšoantšetsoang ke ea boholo-holo ba kopanya seo ho thoeng ke Bokreste le bolepi ba linaleli, mekhoa ea ho sebelisana le meea le boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, e leng lintho tse amanang le borapeli ba Baale.—Sofonia 1:4, 5.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela