Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “U ’ne U Tšoare ka Tieo Seo U Nang le Sona”
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 12. Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba litho tsa synagoge ea Bajuda e Filadelfia li ile tsa makatsoa ke ho utloa hore ba bang ba bona ba ne ba tla ‘inamela’ Bakreste ba moo?

      12 Mohlomong litho tsa synagoge ea Bajuda e Filadelfia li ne li tla makatsoa ke ho utloa hore tse ling tsa tsona li ne li lokela ho ‘inamela’ Bakreste ba sebakeng seo. Kaha ho bonahala hore ntle ho pelaelo ho na le ba bangata bao e seng Bajuda phuthehong eo, ba ne ba ka lebella hore ho etsahale se fapaneng le seo. Hobane’ng? Hobane Esaia o ile a profeta a re: “Marena [ao eseng Bajuda] a tla fetoha bahlokomeli ba hao [sechaba sa Iseraele], le likhosatsana tsa ’ona li fetohe basali ba bahlokomeli bakeng sa hao. Ba tla u inamela lifahleho li shebile fatše.” (Esaia 49:23; 45:14; 60:14) Ka tsela e tšoanang, Zakaria o ile a bululeloa hore a ngole, a re: “Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome [bao e seng Bajuda] ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” (Zakaria 8:23) E, bao e seng Bajuda ba ne ba lokela ho inamela Bajuda, eseng ho be ka tsela e ’ngoe!

  • “U ’ne U Tšoare ka Tieo Seo U Nang le Sona”
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 14. Esaia 49:23 le Zakaria 8:23 li phethahetse ka tsela e khōlō joang mehleng ea kajeno?

      14 Mehleng ea kajeno, boprofeta bo kang ba Esaia 49:23 le Zakaria 8:23 bo phethahetse ka tsela e khōlō. Ka lebaka la ho bolela ha sehlopha sa Johanne, batho ba bangata haholo ba kene ka monyako o butsoeng oa tšebeletso ea ’Muso.b Boholo ba bona bo tsoile ho Bokreste-’mōtoana, boo ka bohata malumeli a bona a ipolelang hore ke Iseraele ea moea. (Bapisa le Baroma 9:6.) Bana, e le bongata bo boholo, ba hlatsoa liaparo tsa bona tsa ka holimo ’me ba li soeufatsa ka ho bontša tumelo maling a sehlabelo a Jesu. (Tšenolo 7:9, 10, 14) Ka ho ikokobelletsa puso ea ’Muso ea Kreste, ba tšepile ho amohela mahlohonolo a eona mona lefatšeng. Ba tla ho barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng ’me ba ‘inama’ ka pel’a bona, ka kutloisiso ea moea, hobane ‘ba utloile hore Molimo o na le bona.’ Ba sebeletsa batlotsuoa bana, bao ba momahaneng le bona mokhatlong oa bara ba motho lefatšeng ka bophara.—Matheu 25:34-40; 1 Petrose 5:9.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela