Lithuto tse Tsoang Mangolong: Obadia 1-21
Litemoso tsa Molimo tse U Amang
“EA LE amang o ama thaka ea leihlo la ka.” (Zakaria 2:8, NW) Mantsoe ao a tletseng tšokelo a ema e le molaetsa oa temoso ho e mong le e mong: Jehova o lemoha kamoo lichaba li tšoarang batho ba hae kateng. Leha ho le joalo, ke eng se etsahallang sechaba se hlokomolohang temoso e joalo ea Molimo ’me se ntša batho ba Molimo kotsi? Buka e khutšoanyane ka ho fetisisa Mangolong a Seheberu, Obadia, e-ea arabela.
Tlokotsi ea Edomo
Ha ho ea phonyohang kahlolo ea Jehova. Boprofeta ba Obadia, bo builoeng hoo e ka bang ka 607 B.C.E., bo ile ba bolela esale pele ka ho lelekoa ha Baedomo lefatšeng la habo bona ho sa tsotellehe boemo ba bona bo bonahalang eka ke ba tšireletseho holimo “har’a linaleli.” ’Me le hoja bophelo ba botho ba sengoli sena sa Bibele bo sa senoloa, se phelela se boleloang ke lebitso la sona, “mohlanka oa Jehova.” Ka tsela efe? Ka ho tsebahatsa kahlolo e ripitlang. Ha Edomo e oa, e tla haptjoa ka ho felletseng ke metsoalle e selekaneng le eona. Esita le batho ba eona ba bohlale le ba matla ba ke ke ba pholoha.—1-9.
Molimo o tlisa tlokotsi ho ba molato oa pefo khahlanong le batho ba oona. Lebaka la tlokotsi ea Baedomo ke lefe? Ke liketso tsa pefo tse ’nileng tsa phetoa-phetoa khahlanong le bara ba Jakobo, bana babo bona. E le litloholo tsa Esau, Baedomo ba ne ba amana le Baiseraele. Ho ntse ho le joalo, ba qosoa ka ho hapa bana babo bona, lehloeo le etsang hore ba thabisoe ke ho oa ha Jerusalema, le ho phaella hona ka ho nehela baphonyohi ho sera. Ka hona, Edomo e tiisitse timetso ea eona.—10-16.
Ntlo ea Jakobo E-ea Tsosolosoa
Litšepiso tsa Jehova ka mehla lia tšepahala. Mehleng ea Obadia, Jehova o ile a tiisetsa batho ba Hae hore ba ne ba tla boela ba rue lefatše la habo bona le ho feta moo. Iseraele e ne e ke ke ea hlola e aroloa. Ntlo ea Jakobo, ’muso oa Juda oa meloko e ’meli, o ne o tla kopanngoa hape le ntlo ea Josefa, ’muso o ka leboea oa meloko e leshome, ho chesa Edomo joalokaha mollo o ripitla mahlaka ’me e ahe naheng ea Edomo. A qetella ka temoso e khothatsang, Obadia o bolela hore Baiseraele ba khutlileng ba tla rapela Molimo oa bona ba kopane ’me e be bafo ba oona. Ka sebele, borena e tla ba ba Jehova.—17-21.
Thuto ea kajeno: Litemoso tse hlokomolohuoang li kotulisa litholoana tse kotsi. Ka hona, molaetsa o matla oa Obadia ho Edomo o lokela ho tsoela pele o utloahala litsebeng tsa bahanyetsi ba kajeno ba Molimo: Ba loantšang Jehova le batho ba hae ba tla felisoa ka ho sa feleng.
Lithuto tse Tsoang Mangolong: Jonase 1:1-4:11
QOBA tlokotsi! Fumana mohau! Joang? Ka ho mamela thuto ea pale ea ’nete e nang le lilemo tse ka holimo ho 2 800—buka ea Jonase. E ngotsoe hoo e ka bang ka 844 B.C.E. ke moprofeta Jonase oa Galilea, e tletse temoho ea moea.
Jonase oa Baleha
Re lokela ho tšepa Jehova hore a tle a re tšehetse tšebeletsong ea hae. Leha ho le joalo, Jonase o baleha mosebetsi oo a o filoeng ke Molimo ho e-na le hore a itšetlehe ka Jehova hore a tle a mo tšehetse. Ke ’nete, kabelo ea hae e ne e se e bonolo. O ne a lokela ho lemosa Ninive e se nang lihlong le e khopo ka tlokotsi e tsoang ho Molimo. Empa Jonase o ea ka tsela e fapaneng, o palama sekepe se eang Tarshishe, eo hona joale e leng Spain. Tseleng, ho fihla sefefo se matla hoo ho bonahalang ho se bonolo hore sekepe le ba leng ho sona ba ka pholoha. Jonase oa ipolela, baqhobi ba sekepe ba mo lahleha ka ntle ho sekepe, ’me leoatle lea khutsa. Tlhapi e khōlō e koenya moprofeta.—1:1-17.
Bahlanka ba Molimo ba ka kholiseha hore o tla arabela lithapelo tsa bona. Ha a le ka hare ho tlhapi, Jonase o hoeletsa ho Jehova bakeng sa thuso, ka thapelo o leboha Molimo hore e be o mo lopollotse lebitleng le ka metsing, ’me o tšepisa ho lefa seo a ikanetseng sona. Qetellong, o hlatsetsoa ka ntle lefatšeng le omileng.—2:1-10.
Jonase o ea Ninive
Le ka mohla u se balehe kabelo e tsoang ho Jehova. Ho bonahala eka ha a se a ithutile thuto ena, moprofeta ea neng a le leqe o bolela “motseng o moholo.” Jonase o bolela temoso e bonolo empa e le e tobileng: “Ka mora’ matsatsi a mashome a mane, Ninive o tla timetsoa.” Phetohong a babatsehang ka ho fetisisa ea liketsahalo, batho ba Ninive baa baka ’me ba qoba tlokotsi.—3:1-10.
Motho a ke ke a sehela mohau oa Molimo moeli. Khalefo ea Jonase e-ea hōla hobane Ninive e hauhetsoe. Empa ka semela, Jehova o ruta Jonase hore O tla bontša mohau ho latela kamoo ho ratang Oona.—4:1-11.
Thuto ea kajeno: Tlokotsi e ka qojoa ka ho mamela boprofeta ba Molimo! Etsisa batho ba Ninive. Ka boikokobetso mamela Jesu Kreste, moprofeta ea moholo ho Jonase.—Luka 11:32.
[Lebokose le leqepheng la 30]
LITEMANA TSA BIBELE LIA HLAHLOJOA
○ 7—Mehleng ea Bibele, ‘ho ja bohobe’ hammoho le motho e mong ho ne ho bonahala e le selekane sa botsoalle. Ho fapane hakaakang! Bababylona, ‘banna ba selekaneng’ le Baedomo, ba ne ba tla ipaka ho ba babolai ba bona. Ke ’nete, Bababylona ba mehleng ea Nebukadnezare ba ile ba lumella Edomo ho ba le karolo khapong ea Juda ka mor’a hore Jerusalema e etsoe lesupi. Empa Nabonidus ea ileng a fetoha morena oa Babylona hamorao o ile a felisetsa ruri merero ea Edomo ea khoebo le ea moruo.
○ 10—Edomo e ne e ahloletsoe hore e “timeletsoe ruri, ho isa ka ho sa eeng kae” ka baka la lehloeo la eona le tšabehang le ho hloka boikutlo ba lerato la tlhaho bakeng sa sechaba seo e leng ngoan’abo eona, “bara ba Juda.” (Temana ea 12) Ho fela ho joalo ha sechaba ho ne ho bolela hore naha ea Edomo e nang le ’muso le sechaba sebakeng se khethehileng lefatšeng e ne e tla nyamela holim’a lefatše. Kajeno, ha ho na batho ba khetholloang e le sechaba sa Edomo; ‘ba joale ka hoja ba sa ka ba e-ba teng.’—Temana ea 16.
[Lebokose le leqepheng la 31]
LITEMANA TSA BIBELE LIA HLAHLOJOA
○ 1:17—Ka baka la hlooho ea lona e khōlō le ’metso, lerua-rua le khona ho koenya motho. Le hoja marua-rua a fokola Mediterranean, ho na le nako eo ka eona likepe tse tšoasang marua-rua li neng li e-tla seemelong sa likepe Joppa. Tlhapi e tsebisahalang ka ho sala morao likepe Mediterranean le ho ja ntho leha e le efe e lahleloang metsing ho tsoa sekepeng ke tlhapi e tšoeu e khōlō e bitsoang shark. Le eona e khona ho koenya motho a ntse a felletse. Leha ho le joalo, tabeng ea Jonase, Molimo o ile oa sebelisa “hlapi e kholo,” mohlomong sebopuoa seo thuto ea kajeno ea mahlale a sa se tsebeng.
○ 2:1, 2—Ka sebele Jonase o ne a se maemong a matle a ho ngola litaba tsa phihlelo ea hae ha a ntse a le ka “mpeng ea hlapi.” Empa hamorao o ile a tlaleha phihlelo ea hae. Ho tloha botebong ba pelo ea hae o ile a bua mantsoe ana a tšoanang le a ho Lipesaleme a ileng a hlalosa boikutlo ba hae.—Bapisa 2:2 le Pesaleme ea 120:1 le 130:1; 2:5 le Pesaleme ea 69:1.
○ 3:3—Boholo ba Ninive ha bo fetelletsoe. Le hoja marako a neng a o pota-potile a ne a le lik’hilomithara tse 13 feela ho potoloha, lebitso la motse ka ho totobetseng le ne le akarelletsa metse a mathōkong a oona, eo e ka ’nang eaba e ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse 42.
○ 3:10—Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ho “khutla bobeng” le bolela ho “fetola mohopolo oa motho malebana le ketso e fetileng (kapa eo a neng a ikemiselitse ho e etsa).” Ka hona, Jehova a ka “khutla bobeng” kapa a fetola mohopolo oa hae oa ho tlisetsa batho ba tlōlang melao ea hae kotlo ha ba baka kannete.