-
Jehova o Fana ka Khotso le ’Nete ka BongataMolula-Qhooa—1996 | January 1
-
-
“Ke Boulela Sione”
6, 7. Jehova o ne a ‘boulela Sione ka khalefo e khōlō’ ka litsela life?
6 Polelo ena e hlaha ka lekhetlo la pele ho Zakaria 8:2, moo re balang: ‘Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Ke boulela Sione ka poulelo e khōlō, ke bile ke o boulela ka khalefo e khōlō.’ Tšepiso ea Jehova ea ho boulela le ho ba le cheseho e khōlō, bakeng sa batho ba hae e ne e bolela hore o ne a tla falimehela ho tsosolosa khotso ea bona. Ho busetsoa ha Baiseraele naheng ea bona le ho hahoa bocha ha tempele e bile bopaki ba cheseho eo.
7 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ba neng ba hanyetsa batho ba Jehova? Cheseho ea hae bakeng sa batho ba hae e ne e tla lekana le ‘khalefo e khōlō’ ea hae ho lira tsena. Ha Bajode ba tšepahalang ba ne ba rapela tempeleng e hahiloeng bocha ba ne ba tla khona ho hopola koluoa ea Babylona e matla, e neng e oele ka nako eo. Hape ba ne ba ka nahana ka ho hlōleha ho feletseng ha lira tse neng li ile tsa leka ho thibela hore tempele e hahoe bocha. (Esdrase 4:1-6; 6:3) ’Me ba ne ba ka leboha Jehova ha a phethahalitse tšepiso ea hae. Cheseho ea hae e ile ea ba tlisetsa tlhōlo!
-
-
Jehova o Fana ka Khotso le ’Nete ka BongataMolula-Qhooa—1996 | January 1
-
-
9. “Iseraele oa Molimo” e ile ea fetoha boemong ka tsela efe e hlollang ka 1919?
9 Le hoja liphatlalatso tsena tse peli li ne li utloahala ho Baiseraele ba boholo-holo, li boetse li utloahala haholo ho rōna ha lekholo la bo20 la lilemo le ntse le atamela qetello ea lona. Hoo e ka bang lilemo tse 80 tse fetileng, ntoeng ea pele ea lefatše, batlotsuoa ba likete tse seng kae bao ka nako eo ba neng ba emela “Iseraele oa Molimo” ba ile ba ea botlamuoeng ba moea, hantle feela joalokaha Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba ile ba ea botlamuoeng Babylona. (Ba-Galata 6:16) Ho latela boprofeta, ba ile ba hlalosoa e le litopo tse rapaletseng seterateng. Ho ntse ho le joalo, ba ne ba e-na le takatso e tiileng ea ho rapela Jehova “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Ka hona, ka 1919, Jehova o ile a ba lokolla botlamuoeng, a ba tsosa boemong ba bona ba ho shoa moeeng. (Tšenolo 11:7-13) Kahoo Jehova o ile a araba potso ea Esaia ea boprofeta ka E, e sa belaetseng: “Na naha e ka tsoaloa ka tsatsi le le leng, kapa sechaba se ka tsoaloa hang na?” (Esaia 66:8) Ka 1919, batho ba Jehova ba ile ba boela ba e-ba teng e le sechaba sa moea ‘naheng’ ea bona, kapa sebakeng sa moea se lefatšeng.
10. Ho tloha ka 1919, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba thabela litlhohonolofatso life ‘naheng’ ea bona?
10 Kaha ba sireletsehile naheng eo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba sebelelitse tempeleng ea moea ea Jehova e khōlō. Ba ile ba bitsoa “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ba amohela boikarabelo ba ho hlokomela letlotlo la Jesu la lefatšeng, e leng tokelo eo ba ntseng ba e thabela ha lekholo lena la bo20 la lilemo le le haufi le ho fela. (Mattheu 24:45-47) Ba ithutile hantle thuto ea hore Jehova ka boeena ke “Molimo oa khotso.”—1 Ba-Thessalonika 5:23.
11. Baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba iponahalitse e le lira tsa batho ba Molimo joang?
11 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka lira tsa Iseraele oa Molimo? Cheseho ea Jehova bakeng sa batho ba hae e lekana le khalefo ea hae khahlanong le bahanyetsi. Ntoeng ea pele ea lefatše, baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba sebelisa khatello e khōlō haholo ha ba leka—’me ba hlōleha—ho felisa sehlotšoana sena sa Bakreste ba buang ’nete. Ntoeng ea bobeli ea lefatše, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba kopane tabeng e le ’ngoe feela: Ka mahlakoreng a mabeli a ntoa, ba ile ba khothaletsa mebuso ho hatella Lipaki tsa Jehova. Esita le kajeno, linaheng tse ngata baeta-pele ba bolumeli ba susumetsa mebuso ho sitisa kapa ho thibela mosebetsi oa boboleli ba Bokreste oa Lipaki tsa Jehova.
12, 13. Khalefo ea Jehova e bontšoa joang khahlanong le Bokreste-’mōtoana?
12 Jehova o ’nile a hlokomela sena. Ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, Bokreste-’mōtoana, hammoho le Babylona e Moholo kaofela, bo ile ba oa. (Tšenolo 14:8) Bonnete ba ho oa ha Bokreste-’mōtoana bo ile ba tsejoa ho tloha ka 1922 ha letoto la likotlo tsa tšoantšetso le ne le tšolloa, le pepesa phatlalatsa boemo ba bona ba ho shoa moeeng le bile le lemosa ka timetso ea bona e tlang. (Tšenolo 8:7–9:21) E le bopaki ba hore ho tšolloa ha likotlo tsena ho tsoela pele, puo e reng “Bofelo ba Bolumeli ba Bohata bo Haufi” e ile ea neheloa lefatšeng lohle ka la 23 April, 1995, ’me e ile ea lateloa ke kabo ea likopi tse limilione tse makholo tsa tokollo e khethehileng ea (pampitšana ea) Litaba Tsa ’Muso.
13 Kajeno, Bokreste-’mōtoana bo boemong bo nyelisehang. Ho theosa le lekholo la bo20 la lilemo, litho tsa bona li bolaeane lintoeng tse mabifi tse ileng tsa hlohonolofatsoa ke baprista le baruti. Linaheng tse ling tšusumetso ea bona e batla e le sieo. Bo reretsoe timetso hammoho le Babylona e Moholo kaofela.—Tšenolo 18:21.
-