-
Ho Khathala Empa re sa Felloe ke MatlaMolula-Qhooa—2004 | August 15
-
-
1, 2. (a) Ke memo efe e ipiletsang e isoang ho bohle ba batlang ho sebelisa borapeli bo hloekileng? (b) Ke eng e ka bang kotsi haholo bomoeeng ba rōna?
KAHA re barutuoa ba Jesu, re tseba hantle memo ena ea hae e ipiletsang e reng: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. . . . Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Matheu 11:28-30) Bakreste ba boetse ba tšepisoa ‘linako tse khathollang tse tsoang ho Jehova.’ (Liketso 3:19) Ka sebele u ikutloetse ka bouena liphello tse khathollang tsa ho ithuta linnete tsa Bibele, tsa ho ba le tšepo e thabisang ea bokamoso le tsa ho sebelisa melao-motheo ea Jehova bophelong ba hao.
2 Leha ho le joalo, barapeli ba bang ba Jehova ba ba le linako tsa ho khathala maikutlong. Maemong a mang linako tsena tsa ho nyahama li ba khutšoanyane. Ka linako tse ling boikutlo bona ba ho khathala bo ka nka nako e telele. Ka mor’a nako, ba bang ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a hore boikarabelo ba bona ba Bokreste e se e le moroalo ho e-na le ho ba mojaro o khathollang joalokaha Jesu a ile a tšepisa. Boikutlo bona bo hlokisang tšepo bo ka ba kotsi haholo kamanong ea Mokreste le Jehova.
-
-
Ho Khathala Empa re sa Felloe ke MatlaMolula-Qhooa—2004 | August 15
-
-
Bokreste ha bo Hatelle
5. Ke ho ikhanyetsa hofe ho bonahalang eka ho teng mabapi le ho ba morutuoa oa Kreste?
5 Ke ’nete hore ho ba Mokreste ho hloka boikitlaetso bo matla. (Luka 13:24) Jesu o bile a re: “Mang kapa mang ea sa jareng thupa ea hae ea tlhokofatso le ho ntšala morao e ke ke ea e-ba morutuoa oa ka.” (Luka 14:27) Mantsoe ana a ka ’na a bonahala a hanyetsa polelo ea Jesu e mabapi le hore mojaro oa hae o bobebe ebile oa khatholla, empa ha e le hantle, ha a e hanyetse.
6, 7. Ke hobane’ng ha ho ka thoe mofuta oa rōna oa borapeli ha o re bakele mokhathala?
6 Le hoja ho ikitlaetsa ka matla le mosebetsi o boima e le lintho tse khathatsang ’mele, li ka khotsofatsa le ho khatholla ha li etsoa ka sepheo se setle. (Moeklesia 3:13, 22) Hona ke ntho efe e ka bang molemo ho feta ho bolella baahelani ba rōna linnete tse hlollang tsa Bibele? Hape, ntoa ea rōna ea ho phela ka litekanyetso tsa Molimo tse phahameng tsa boitšoaro e fetoha lefeela ha e bapisoa le melemo eo re e thabelang ka ho phela ka litekanyetso tseo. (Liproverbia 2:10-20) Esita leha re hlorisoa, re ho nka e le tlotla ho utloa bohloko ka lebaka la ’Muso oa Molimo.—1 Petrose 4:14.
7 Ka sebele mojaro oa Jesu oa khatholla, haholo ha o bapisoa le lefifi la moea la ba keneng tlas’a joko ea bolumeli ba bohata. Molimo o re rata ka lerato le bonolo ’me ha a re imetse ntle ho lebaka. “Litaelo tsa [Jehova] ha li boima.” (1 Johanne 5:3) Bokreste ba ’nete, joalokaha bo hlalositsoe ka Mangolong, ha bo hatelle. Ho hlakile hore, mofuta oa rōna oa borapeli ha o re bakele mokhathala kapa ho nyahama.
-