“Jarang Joko ea Ka”
1 Lefatšeng lena le tletseng likhatello le matšoenyeho, re fumane khatholoho ea ’nete ka ho amohela memo e mofuthu ea Jesu ea hore re iphumanele khatholoho eo a e fang batho ba jarang joko ea hae. (Mat. 11:29, 30) Ho lumela ho jara joko ea ho ba morutuoa ho akarelletsa ho etsa mosebetsi o khathollang le hoja o se bonolo. Ho akarelletsa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho thusa ba bang ho khatholoha hammoho le rōna ka tlas’a joko ea Jesu e mosa.—Mat. 24:14; 28:19, 20.
2 Ho Khatholloa ke Tšebeletso: Jesu ha aa ka a kōpa balateli ba hae hore ba jare mojaro oa hae holim’a oo ba seng ba ntse ba o jere. O ile a ba memela ho tlosa mojaro oa bona o boima ’me ba jare oa hae o bobebe. Ha re sa imetsoe ke matšoenyeho le ho hloka tšepo ha tsamaiso ena ea lintho; ebile ha re sebeletse maruo a sa tsitsang. (Luka 21:34; 1 Tim. 6:17) Le hoja re phathahane ’me re tlameha ho fumana lintho tsa ho iphelisa, re etsa hore ntho ea bohlokoa bophelong ba rōna e be borapeli ba Molimo. (Mat. 6:33) Tšebeletso e tla lula e re khatholla, e ke ke ea re imela haeba re utloisisa hantle hore na lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa ke life.—Bafil. 1:10.
3 Ka tloaelo re thabela ho bua ka lintho tseo re li ratang. (Luka 6:45) Bakreste bohle ba nka Jehova e le oa bohlokoa hammoho le mahlohonolo a ’Muso ao a a tšepisitseng. Kahoo, ho khatholla hakaakang ho bua ka “litaba tse molemo tsa lintho tse molemo” ’me re tlohele ho tšoenyeha ka mathata a rōna a letsatsi le letsatsi ha re ntse re sebetsa tšimo! (Bar. 10:15) Ka sebele, haeba re etsa ntho khafetsa re tla ipabola ’me re thabele ho e etsa. Ka lebaka leo, ho qeta nako e eketsehileng tšebeletsong, ha re khona, ho tla re khatholla haholoanyane. Ho hlasimolla hakaakang ha batho ba nka bohato ka seo re ba bolellang sona! (Lik. 15:3) Esita leha re kopana le batho ba sa thahaselleng seo re ba bolellang sona kapa ba hanyetsang, tšebeletso e tla re khatholla moeeng haeba re hopola hore mosebetsi oa rōna o thabisa Jehova le hore litholoana leha e le life tse ntle li ba teng ka lebaka la tlhohonolofatso ea hae.—Lik. 5:41; 1 Bakor. 3:9.
4 Ka ho amohela memo ea Jesu, re thabela tlotla ea ho sebetsa le eena re le Lipaki Tsa Jehova. (Esa. 43:10; Tšen. 1:5) Ha ho letho le ka khathollang ho feta seo!