Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • si maq. 112-114
  • Buka ea Bibele ea 21—Moeklesia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka ea Bibele ea 21—Moeklesia
  • “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LITABA TSE KA HARE TSA MOEKLESIA
  • LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
  • “Tšoanelo Eohle ea Motho”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Moeklesia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na U Phetha Sohle Seo U Tlamehang ho se Etsetsa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • “Tšaba Molimo, u Boloke Litaelo tsa Oona”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
si maq. 112-114

Buka ea Bibele ea 21​—Moeklesia

Mongoli: Salomone

Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Jerusalema

Ho Ngoloa ho Phethiloe: Pele ho 1000 B.C.E.

1. Moeklesia e ile ea ngoloa ka morero ofe o moholo?

BUKA ea Moeklesia e ngoletsoe morero o moholo. Salomone, joaloka moeta-pele oa batho ba inehetseng ba Jehova, o ne a e-na le boikarabelo ba ho etsa hore kaofela ba tšepahale boinehelong ba bona. O ile a batla ho phethahatsa boikarabelo bona ka ho sebelisa keletso e bohlale ea Moeklesia.

2. Morero ona o hlalosoa joang lebitsong la Seheberu la Moeklesia, bakeng sa ho etsa hore e be le nepahetseng haholoanyane ho feta mabitso a Segerike le a Senyesemane?

2 Ho Moeklesia 1:1 (NW) o ipitsa “’mokelli.” Lentsoe lena ka puo ea Seheberu ke Qo·heʹleth, ’me Bibeleng ea Seheberu, buka ena e reiloe lebitso leo. Septuagint ea Segerike e ngola sehlooho e le Ek·kle·si·a·stesʹ, ho bolelang “setho sa ecclesia (phutheho; pokano),” e leng moo ho hlahang lentsoe la Senyesemane Ecclesiastes (Moeklesia, ka Sesotho). Leha ho le joalo, Qo·heʹleth e fetoleloa ka ho nepahetseng e le “’Mokelli,” ’me lena le lona ke lebitso le loketseng bakeng sa Salomone. Le bontša morero oa Salomone oa ho ngola buka.

3. Ke ka kutloisiso efe Salomone e neng e le ’mokelli?

3 Ke ka moelelo ofe Morena Salomone e neng e le ’mokelli, ’me o ne a bokellela ho eng? E ne e le ’mokelli oa sechaba sa habo, Baiseraele, le oa metsoalle ea bona, bajaki. O ile a bokella batho bana kaofela borapeling ba Molimo, Jehova. Pele o ne a ile a haha tempele ea Jehova Jerusalema, ’me ha e neheloa o ile a ba khobokanya, kapa a ba bokella, kaofela ho tla rapela Molimo. (1 Mar. 8:1) Joale, a sebelisa Moeklesia, o ile a batla ho bokella batho ba habo bakeng sa mesebetsi e molemo le ho tloha mesebetsing ea lefeela, le e nyopileng ea lefatše lena.—Moek. 12:8-10.

4. Salomone o amoheloa joang e le mongoli?

4 Le hoja ho sa boleloe ka ho toba ka Salomone, litemana tse ’maloa li fana ka boitsebiso bo kholisang bo pakang hore ke eena mongoli. ’Mokelli o itlhahisa e le “mor’a Davida” eo e neng e le ‘morena oa Iseraele, Jerusalema.’ Mantsoe ana a ne a ka sebetsa ho Morena Salomone feela, hobane bahlahlami ba hae Jerusalema e ne e le marena a Juda feela. Ho feta moo, joalokaha ’mokelli a ngola: “Ke holetse hlalefong, ka tsoela pele ho eona ho fetisa motho ofe le ofe ea bileng teng pele Jerusalema, ’me pelo ea ka e bone hlalefo le tsebo e kholo.” (1:1, 12, 16) Mantsoe ana a tšoanela Salomone. Moeklesia 12:9 e re bolella hore ‘o ile a botsisisa, a batlisisa, hore a hlophise maele a mangata.’ Morena Salomone o boletse maele a 3 000. (1 Mar. 4:32) Moeklesia 2:4–9 e re bolella ka lenaneo la mongoli la ho haha; masimo a merara, lirapa le liphaka; mekhoa ea ho nosetsa; tokisetso ea bafo ba banna le bafo ba basali; ho bokella silevera le gauda; le mesebetsi e meng. Salomone o entse sena sohle. Ha mofumahali oa Sheba a bona bohlale le nala ea Salomone, o itse: “Ha kea ka ka bolelloa le halofo.”—1 Mar. 10:7.

5. E tlameha e be Moeklesia e ngoletsoe hokae hona neng?

5 Buka ena e khetholla Jerusalema e le sebaka seo e ngoletsoeng ho sona ka ho bolela hore ’mokelli e ne e le morena “Jerusalema.” E tlameha ebe nako eo e bile pele ho selemo sa 1000 B.C.E., hare-hare pusong ea Salomone ea lilemo tse 40, hoba a kopanele mesebetsing e mengata e boletsoeng bukeng empa e le pele a kena borapeling ba litšoantšo. Ka nako eo o ne a tla be a fumane tsebo e batsi ea mesebetsi ea lefatše lena le ho hahamalla ha eona maruo a bonahalang. Ka nako eo o ne a tla ’ne a be mohaung oa Molimo le ho ba tlas’a tšusumetso ea Oona.

6. Ke likhanyetso life tse ’nileng tsa hlahisoa ka ho bululeloa ha Moeklesia, empa li ka hanyetsoa joang?

6 Re ka tiisa joang hore Moeklesia e ‘bululetsoe ke Molimo’? Ba bang ba ka ’na ba belaela ho bululeloa ha eona hobane ha ho moo e bolelang lebitso la Molimo, Jehova. Leha ho le joalo, ka sebele e buella borapeli ba ’nete ba Molimo, ’me ka makhetlo a mangata e sebelisa polelo ha·ʼElo·himʹ, “Molimo oa ’nete.” Khanyetso e ’ngoe e ka ’na ea hlaha hobane ha ho moo libuka tse ling tsa Bibele li qotsang Moeklesia ka ho toba. Leha ho le joalo, lithuto tse fanoeng le melao-motheo e ngotsoeng bukeng li lumellana ka ho felletseng le Mangolo a mang. Commentary ea Clarke, Moqolo III, maqephe 799, e re: “Buka, e bitsoang Koheleth, kapa Ecclesiastes, e ’nile ea amoheloa ka linako tsohle, ke Bajode le Kereke ea Bokreste, e le e ngotsoeng tlas’a tšusumetso ea ea Matla ’Ohle; ’me e ’nile ea nkuoa ka nepo e le karolo ea Mangolo a Halalelang a amoheloang.”

7. Ke eng mokhoeng oa bophelo oa Salomone se ileng sa mo etsa ea tšoanelehang haholo ho ngola buka ea Moeklesia?

7 “Bahlahlobisisi ba ho ngoloa ha Bibele” ba lefatše ba ’nile ba bolela hore Moeklesia ha ea ngoloa ke Salomone le hore ha se karolo ea “Lengolo lohle,” ka ho bolela hore puo ea eona le filosofi ea eona ke tsa mehla ea morao. Ba hlokomoloha letlotlo la boitsebiso boo Salomone a ka beng a bo bokelletse ka ho tsoela pele ha hae khoebong ea machaba le mesebetsing e meholo ea khoebo, le ho baeta-pele ba etang le ho kopaneng ha hae le batho ba bang ba tsoang ka ntle. (1 Mar. 4:30, 34; 9:26-28; 10:1, 23, 24) Joalokaha F. C. Cook ho Bible Commentary ea hae, Moqolo IV, leqephe 622, a ngola: “Mesebetsi ea letsatsi le letsatsi le lintho tseo morena oa Moheberu a neng a khethile ho li hahamalla e tlameha e be li ile tsa mo tlosa hōle le bophelo bo tloaelehileng ba Seheberu, mohopolo le puo.”

8. Lebaka le matla haholo la ho amoheleha ha Moeklesia e le karolo ea Mangolo a Halalelang ke lefe?

8 Leha ho le joalo, na ho hlile ho hlokahala mehloli e meng ho bontša ho amoheleha ha Moeklesia e le karolo ea Mangolo a Halalelang? Ho hlahloba buka ho tla senola e seng feela ho lumellana ha eona ka boeona empa hape le ho lumellana ha eona le Mangolo a mang kaofela, ao e hlileng e leng karolo ea eona.

LITABA TSE KA HARE TSA MOEKLESIA

9. ’Mokelli o fumana eng ka mesebetsi ea bana ba batho?

9 Ho ba lefeela ha tsela ea motho ea bophelo (1:1–3:22, NW). Mantsoe a selelekela a tsebahatsa sehlooho sa buka: “‘Lefeela la mafeela!’ ho rialo ’mokelli, ‘lefeela la mafeela! Tsohle ke lefeela!’” Ho na le molemo ofe ha batho ba fufuleloa le ho sebetsa ka thata? Meloko ea hlaha ’me e ikele, lintho lia ipheta lefatšeng, ’me ‘ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi.’ (1:2, 3, 9) ’Mokelli o ne a beile pelo ea hae ho batleng le ho hlahlobisiseng bohlale mabapi le mesebetsi e tlisang tlokotsi ea bana ba batho, empa o fumane hore bohlaleng le bothotong, ho hapeng le mosebetsing o thata, ho jeng le ho noeng, tsohle ke “lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.” O ile a ‘hloea bophelo,’ bophelo ba tlokotsi le ba ho hahamalla lintho tse bonahalang.—1:14; 2:11, 17.

10. Mpho ea Molimo ke eng, ’me ke qetello efe e hlahelang motho oa moetsalibe?

10 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le nako ea eona—e, Molimo o ‘entse hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e be ntle ka nako ea eona.’ O batla hore libōpuoa tsa oona li thabele bophelo lefatšeng. “Ke lemohile hape hoba, ere ha motho a e-ja lijo, kapa a e-noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oa hae, le teng esale neo ea Molimo.” Empa, a bomalimabe! Hobane qetello ea batho ba baetsalibe e tšoana le ea liphoofolo: “Mokhoa oo motho a shoang ka oona, le eona phoofolo e shoa joalo; moea oa bohle o mong; ha ho kamoo motho a fetanang le phoofolo, etsoe tsohle e le lefeela.”—3:1, 11-13, 19.

11. Ke keletso efe eo ’mokelli a e neang motho ea tšabang Molimo?

11 Keletso e bohlale ho ba tšabang Molimo (4:1–7:29). Salomone o thoholetsa bafu, hobane ba lokolohile ‘liketsong tsohle tse mpe tsa khatello tse etsoang tlas’a letsatsi.’ ’Me o tsoela pele ho hlalosa mesebetsi ea lefeela le e tlisang tlokotsi. Hape ka bohlale o eletsa hore “ba babeli ba feta a le mong” le hore “leqhoele le meloho e meraro ha le phakise ho khaoha.” (4:1, 2, 9, 12) O fana ka keletso e ntle mabapi le ho bokana ha batho ba Molimo: “Lebela maoto a hao ha u kena ka tlung ea Molimo; ho atamela ho mamela litaba.” U se ke ua potlakela ho bua ka pel’a Molimo; ‘mantsoe a hao e be a seng makae,’ ’me u phethe kano ea hao ho Molimo. “Tšaba Molimo.” Ha mafutsana a tujoa, hopola “hobane ea phahameng holimo ho ea phahameng o teng, oa lebela, ’me Mookameli o teng ea holimo ho bona ba babeli.” O re, eo e leng mohlanka feela, o tla ba le boroko bo monate, empa morui o khathatsehile hoo a sa tsebeng ho robala. Empa, o tlile lefatšeng a le feela, ’me ha ho letho leo a le sebelelitseng ka thata leo a ka le nkang ha a tloha lefatšeng la ba phelang.—5:1, 2, 4, 7, 8, 12, 15.

12. Ho fanoa ka keletso efe ka litaba tse tebileng tsa bophelo, le ka molemo oa bohlale ho feta chelete?

12 Motho a ka ’na a fumana maruo le thoriso, empa ho tla thusa’ng haeba a ka phela “lemo tse sekete se baloang habeli” empa a sa ka a bona ho molemo? Ho molemo ho ela litaba tse tebileng tsa bophelo hloko le lefu ho e-na le ho tloaelana le maoatla “ka tlung ea thabo”; e, ho molemo ho amohela khalemelo ea ea hlalefileng, hobane joale ka ho qhoma ha “meutloa e besoang tlas’a pitsa, ho joalo le litšeho tsa maoatla.” Bohlale bo molemo haholo. “Hobane bohlale ke tširelo, joale ka ha le eona chelete e le tširelo, empa moo tsebo e fetisang ka molemo, ke hobane bohlale bo phelisa ba bo ruileng.” Ke hobane’ng, he, ha tsela ea batho e tlisa tlokotsi? “Molimo o entse batho ba lokile, empa bona ba batlile mamene-mene a mangata.”—6:6; 7:4, 6, 12, 29.

13. ’Mokelli o eletsa le ho babatsa ka eng, ’me o re’ng ka sebaka seo motho a eang ho sona?

13 Qetello ea bohle e ’ngoe (8:1–9:12). ’Mokelli oa eletsa, “boloka taelo ea morena”; empa o hlokomela hore ke ka hobane kotlo bakeng sa mosebetsi o khopo e sa lihuoa kapele ha “pelo tsa bana ba batho li ntse li tlala takatso ea ho etsa hampe.” (8:2, 11) Eena ka boeena o babatsa ho thaba, empa ho na le ntho e ’ngoe hape e tlisang tlokotsi! Mefuta eohle ea batho e tsamaea tseleng e le ’ngoe—e isang lefung! Ba phelang bona baa tseba hore ba tla shoa, “empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, . . . Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.”—9:5, 10.

14. (a) ’Mokelli o hatella bohlale bofe bo sebetsang? (b) Bofello ba taba ke bofe?

14 Bohlale bo sebetsang le tlameho ea motho (9:13–12:14). ’Mokelli o bua ka litlokotsi tse ling, tse kang ‘bothoto ho ba beiloeng . . . tulong tse phahameng.’ Hape o fana ka maele a mangata a bohlale bo sebetsang, ’me o bolela hore esita le “bongoana le bocha ke lefeela”—ntle leha ho eloa bohlale ba ’nete hloko. O re: “U mpe u hopole ’Mōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao.” Ho seng joalo, botsofali bona bo tla khutlisetsa motho lerōleng la lefatše, e le ho tšehetsa mantsoe a ’mokelli: “Lefeela la mafeela, . . . tsohle ke lefeela!” Eena ka boeena o ile a ruta batho tsebo ka linako tsohle, hobane “mantsoe a ba bohlale a joale ka litsenene,” a susumelletsa motho mesebetsing e metle, empa mabapi le bohlale ba lefatše oa lemosa: “Etsoe libuka tse ngata tse etsoang li sa fele, ’me ho ithuta ka ho tlōlisa ho khathatsa ’mele.” ’Me ’mokelli o fihlisa buka ena tlhōrong ea eona e khōlō, o akaretsa sohle seo a se buileng mabapi le lefeela le bohlale: “Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho; hobane Molimo o sa tla isa mesebetsi eohle kahlolong, le tse patiloeng kaofela, leha e le tse ntle, leha e le tse mpe.”—10:6; 11:1, 10; 12:1, 8-14.

LEBAKA LEO E LENG MOLEMO

15. Salomone o bontša phapang efe pakeng tsa mesebetsi e tlisang tlokotsi le mesebetsi e molemo?

15 Ho e-na le ho ba buka e hlokisang motho tšepo, Moeklesia e tletse ka mahakoe a benyang a bohlale ba bomolimo. Ha Salomone a thathamisa mesebetsi e mengata eo a e bitsang lefeela, ha a kopanyelletse ho hahuoa ha tempele ea Jehova Thabeng ea Moria Jerusalema, kapa borapeli bo hloekileng ba Jehova. Ha a hlalose mpho ea Molimo ea bophelo e le lefeela, empa o bontša hore morero oa eona e ne e le oa hore motho a thabe le ho etsa ho hotle. (3:12, 13; 5:18-20; 8:15) Mesebetsi e tlisang tlokotsi ke e hlokomolohang Molimo. Ntate a ka ’na a bolokela mora oa hae leruo, empa tlokotsi e ka le felisa kaofela ’me a se sale le letho. Ho molemo ho feta hoo e ne e ka ba ho fana ka lefa le sa feleng la maruo a moea. Ke tlokotsi ho ateloa ke lintho empa u sa tsebe ho li thabela. Tlokotsi e oela barui ba lefatše kaofela ha ba ‘ikela’ lefung, ba sa nka letho letsohong la bona.—5:13-15; 6:1, 2.

16. Qo·heʹleth, kapa Moeklesia, e lumellana joang le lithuto tsa Jesu?

16 Ho Mattheu 12:42, Kreste Jesu o ipitsitse “e moholo ho Salomone.” Kaha Salomone o tšoantšetsa Jesu, na re fumana mantsoe a Salomone bukeng ea Qo·heʹleth a lumellana le lithuto tsa Jesu? Re fumana likarolo tse ngata tse tšoanang! Ka mohlala, Jesu o ile a totobatsa ho pharalla ha mosebetsi oa Molimo ha a re, “Ntate o sa sebetsa le joale, le ’na kea sebetsa.” (Joh. 5:17) Hape Salomone o bua ka mesebetsi ea Molimo: “Ka bona hobane, bakeng sa mesebetsi eohle ea Molimo motho a ka sitoa ho utloisisa mosebetsi le o mong o etsoang tlas’a letsatsi; leha motho a ka ikhathatsa joang le joang, hore a batle hoo, a ke ke a ho fumana; esita leha ea bohlale a ka re, oa tseba, a ke ke a utloisisa.”—Moek. 8:17.

17. Ke likarolo life tse tšoanang tse fumanoang mantsoeng a Jesu le a Salomone?

17 Ka bobeli Jesu le Salomone ba ile ba khothalletsa barapeli ba ’nete ho bokana. (Matt. 18:20; Moek. 4:9-12; 5:1) Mantsoe a Jesu ka “bofelo ba tsamaiso ea lintho” le ka “mehla e beiloeng ea lichaba” a lumellana le mantsoe a Salomone a reng “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le nako ea eona e beiloeng, esita le nako ea tsohle tse etsoang tlas’a maholimo.”—Matt. 24:3, NW; Luka 21:24, NW; Moek. 3:1, NW.

18. Jesu le baapostola ba hae ba kopanela le Salomone ho faneng ka litemoso life?

18 Ka holim’a tsohle, Jesu le baapostola ba hae ba kopanela le Salomone ho lemosa ka lifi tsa ho rata lintho tse bonahalang. Bohlale ke tšireletso ea ’nete, hobane “bo phelisa ba bo ruileng,” ho rialo Salomone. “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa,” ho rialo Jesu. (Moek. 7:12; Matt. 6:33) Ho Moeklesia 5:10 ho ngotsoe: “Ea ratang silevera, silevera e ke ke ea mo khorisa; ea ratang ho phela ka nala, le eena a ke ke a hola ka eona. Hoo le hona ke lefeela.” Keletso e tšoanang haholo le eo ke e fanoeng ke moapostola Pauluse ho 1 Timothea 6:6-19 hore “lerato la leruo ke motso oa libe tsohle.” Ho na le litemana tse joalo tse amanang lintlheng tse ling tsa thuto ea Bibele.—Moek. 3:17—Lik. 17:31; Moek. 4:1—Jak. 5:4; Moek. 5:1, 2—Jak. 1:19; Moek. 6:12—Jak. 4:14; Moek. 7:20—Ba-Roma 3:23; Moek. 8:17—Ba-Roma 11:33.

19. Ke ka tebello efe e thabisang re ka bokanang borapeling ba Jehova kajeno?

19 Puso ea Mora ea ratoang oa Molimo, Jesu Kreste, eo nameng e neng e le setloholo sa Morena ea bohlale Salomone, e tla thea mokhatlo o mocha oa lefatšeng. (Tšen. 21:1-5) Seo Salomone a se ngotseng e le tataiso ea bafo ba hae ’musong oa hae oa sebele ke se thahasellisang ho bohle bao hona joale ba beang tšepo ea bona ’Musong oa Molimo tlas’a Kreste Jesu. Pusong ea oona batho ba tla phela ka melao-motheo e tšoanang e bohlale eo ’mokelli a ileng a e ngola ’me ba tla thabela ka ho sa feleng mpho ea Molimo ea bophelo bo thabileng. Joale ena ke nako ea ho bokelloa borapeling ba Jehova, e le hore re fumane ka botlalo thabo ea bophelo tlas’a ’Muso oa hae.—Moek. 3:12, 13; 12:13, 14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela