Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 3/1 maq. 8-9
  • Jesu o Nyatsa Bafarisi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Nyatsa Bafarisi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Nyatsa Bafarisi
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu o Khalemela Bafarisi
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Buka ea Bibele ea 32—Jonase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Jonase o Ithuta ka Mohau oa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 3/1 maq. 8-9

Jesu—Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Jesu o Nyatsa Bafarisi

JESU o bontša hore haeba ke ka matla a Satane a lelekang bademona, etlaba Satane o khaohane ho itoantša. “Sefate se setle, tholoana ea sona le eona e ntle;” o tsoela pele ka hore, “sefate se sebe tholoana ea sona le eona e mpe; hobane sefate se tsejoa ka tholoana ea sona.”

Ke booatla ho tseka hore litholoana tse molemo tsa ho leleka ha Jesu bademona ke hobane a ne a sebeletsa Satane. Haeba tholoana li le monate, sefate e ke ke ea e-ba se sebe. Ka lehlakoreng le leng, litholoana tse mpe tsa Bafarisi tsa liqoso tsa bohata le ho hloka metheo ka Jesu ke bopaki ba hore bona ka bobona ba bolile. Jesu o oa hooa, “Malinyane a marabe, le ka bolela tse molemo joang, le e-na le lonya? Hobane molomo o buisoa ke seo pelo e tletseng sona.”

Kaha mantsoe a rōna a bontša boemo ba lipelo tsa rōna, seo re se bolelang se fana ka motheo oa kahlolo. Jesu o re, “Ka letsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekisoa polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bosaoana eo ba e boletseng. Hobane u tla beoa ea lokileng ka lipolelo tsa hao, ’me ka lipolelo tsa hao u tla tsuoa.”

Ho sa tsotellehe mesebetsi eohle e matla ea Jesu, bangoli le Bafarisi baa kōpa: “Moruti, re rata re ka u bona u etsa mohlolo.” Le hoja banna bana ba tsoang Jerusalema ba sa iponela ka bobona mehlolo ea hae, liketsahalo tse bonoeng ka mahlo tse ke keng tsa hanyetsoa ka eona li teng. Kahoo Jesu o bolella baetapele ba Bajode: “Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla mohlolo; empa ha o ka ke oa neoa mohlolo, ha e se mohlolo oa moprofeta Jonase.”

Ha Jesu a hlalosa seo a se bolelang, o tsoela pele, “Hobane joaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ea hlapi e khōlō, Mor’a motho le eena o tla ba maleng a lefatše matsatsi a mararo le masiu a mararo.” Hoba hlapi e mo koenye, Jonase o hlahile joaloka hoja a tsositsoe, kahoo Jesu o bolela e sa le pele hore o tla shoa ’me ka letsatsi la boraro o tla tsosoa a phela. Hamorao ha Jesu a tsositsoe, baetapele ba Bajode ba sa ntse ba latola “mohlolo oa Jonase.”

Kahoo Jesu o re banna ba Ninive ba sokolohileng thutong ea Jonase ba tla ema kahlolong ba nyatse Bajode ba latotseng Jesu. Ka ho tšoanang, o etsa mohlala ka mofumahali oa Sheba, ea kileng a tloha lipheletsong tsa lefatše ho tla mamela bohlale ba Salomone esita le ho hlolloa ke seo a se bonang ho Salomone.” Jesu a re, “Bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.”

Joale Jesu o etsa mohlala ka monna ea ntšitsoeng moea o litšila. Leha ho le joalo, monna enoa ha a tlatse sebaka se feela ka lintho tse molemo kahoo e-ba lekhoba la meea e meng e supileng e litšila. Jesu o re, “Moloko o lonya ona o tla hlaheloa ke taba e joalo.” Sechaba sa Iseraele se hloekisitsoe ’me se latsoitse nchafatso joaloka ha ho tsoa moea o litšila ka nakoana. Empa ho latola ha sechaba baprofeta ba Molimo, ntle ho pelaelo ba khahlanong le Kreste ka boeena, ho senola boemo ba sona bo khopo hore bo tla ba boholo ho feta qalong.

Ha Jesu a ntse a bua, ’m’ae le banab’abo ba ema kantle ba batla ho bua le eena. Motho e mong a re: “’M’ao le banab’eno ke bana kantle, ba batla ho bua le uena.”

Jesu a botsa: “’Mè ke mang, ’me banab’eso ke bafe?” Ha a otlollela letsoho la hae ho barutuoa ba hae, o re: “Bonang, ’mè le banab’eso ke bana. Hobane e mong le e mong ea tla etsa thato ea Ntate ea maholimong, ke eena e leng ngoan’eso, le khaitseli ea ka, le ’mè.” Ka tsela ena Jesu o bontša hore ho sa tsotellehe lerato la hae ho ba habo, setsoalle sa hae ho barutuoa ba hae e sa ntse e le se seholo. Mattheu 12:33-50; Mareka 3:31-35; Luka 8:19-21.

◆ Bafarisi ba hlōlehile joang ho etsa sefate se monate le tholoana tse monate?

◆ “Mohlolo oa Jonase” e ne e le eng ’me o latotsoe joang?

◆ Ke joang sechaba sa Iseraele se tšoanang le monna ea ntšitsoeng moea o litšila?

◆ Jesu o hateletse joang setsoalle sa hae se haufi le barutuoa ba hae?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela