-
“Ba Lokileng ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi”Molula-Qhooa—2010 | March 15
-
-
2. Papisong ea Jesu ea koro le mofoka, peō e ntle e emela’ng?
2 Leha ho le joalo, papiso e ’ngoe ea Jesu e bua haholo ka ho bokelloa ha ba tla busa le Jesu ’Musong oa hae. Hangata e bitsoa papiso ea koro le mofoka ’me e tlalehiloe ho Matheu khaolo ea 13. Le hoja papisong e ’ngoe Jesu a re bolella hore peō e jaloang ke “lentsoe la ’muso,” papisong ena, o re bolella hore peō e ntle e emela ho hong ho fapaneng—e leng “bara ba ’muso.” (Mat. 13:19, 38) Bana hase bafo ba ’Muso empa ke “bara,” kapa majalefa a ’Muso.—Bar. 8:14-17; bala Bagalata 4:6, 7.
-
-
“Ba Lokileng ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi”Molula-Qhooa—2010 | March 15
-
-
4. (a) Motho ea papisong ee ke mang? (b) Jesu o ile a qala ho jala peō ee neng hona o e jetse joang?
4 Motho ea ileng a jala peō e ntle tšimong ea hae ke mang? Jesu o fana ka karabo hamorao ha a hlalosetsa barutuoa ba hae a re: “Mojali oa peō e ntle ke Mor’a motho.” (Mat. 13:37) Jesu, e leng “Mor’a motho,” o ile a lokisa tšimo hore e jaloe, nakong ea lilemo tse tharo le halofo tseo a neng a etsa tšebeletso ka tsona lefatšeng. (Mat. 8:20; 25:31; 26:64) Joale, ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele, o ile a qala ho jala peō e ntle—e leng “bara ba ’muso.” Kamoo ho bonahalang kateng, ho jala hona ho qalile ha Jesu, e le moemeli oa Jehova, a ne a qala ho tšollela moea o halalelang holim’a barutuoa, kahoo a ba tlotsa hore e be bara ba Molimo.b (Lik. 2:33) Peō e ntle e ile ea hōla hore e be koro e butsoitseng. Kahoo, sepheo sa ho jala peō e ntle e ne e le hore qetellong ho bokelloe palo e feletseng ea bao e neng e tla ba majalefa le babusi hammoho le Jesu ’Musong oa hae.
-
-
“Ba Lokileng ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi”Molula-Qhooa—2010 | March 15
-
-
5. Sera ke mang papisong ee, ’me mofoka o tšoantšetsa bo-mang?
5 Sera ke mang, hona mofoka ke bo-mang? Jesu o re bolella hore sera ke “Diabolose.” Ho hlalosoa hore mofoka ke “bara ba ea khopo.” (Mat. 13:25, 38, 39) Ha e le hantle, ho ka etsahala hore ebe mofoka oo Jesu a neng a bua ka oona e ne e le bearded darnel. Ha semela sena se chefo se sa hōla, pele se butsoa, se tšoana le koro haholo. Ke tšoantšetso e loketseng hakaakang ea Bakreste-’mōtoana, ba ipolelang hore ke bara ba ’Muso, empa ba sa behe litholoana tsa ’nete! Bakreste bana ba baikaketsi ba bolelang hore ke balateli ba Kreste, ha e le hantle ke karolo ea “peō” ea Satane Diabolose.—Gen. 3:15.
-
-
“Ba Lokileng ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi”Molula-Qhooa—2010 | March 15
-
-
7. Na koro e ’ngoe e ile ea fetoha mofoka? Hlalosa.
7 Jesu ha aa ka a re koro e ne e tla fetoha mofoka, empa o itse mofoka o ne o jetsoe har’a koro. Kahoo, papiso ena ha e bue ka Bakreste ba ’nete ba koenehelang ’nete. Ho e-na le hoo, e bontša boiteko bo etsoang ka boomo ke Satane ba ho silafatsa phutheho ea Bokreste ka hore a kenye batho ba khopo ka hare ho eona. Nakong eo ka eona moapostola oa ho qetela, e leng Johanne, a neng a se a tsofetse, bokoenehi bona bo ne bo se bo bonahala ka ho hlaka.—2 Pet. 2:1-3; 1 Joh. 2:18.
-