Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Bonang! ke na le Lōna ka Matsatsi ’Ohle”
    Molula-Qhooa—2013 | July 15
    • 16, 17. (a) Ke ntho efe ea ho qetela e tla etsahala eo Jesu a buang ka eona papisong ea hae? (b) Ke hobane’ng ha re fihlela qeto ea hore ketsahalo eo ke hona e tla phethahala?

      16 Ea bohlano, ho khanya ka ho phatsimang. Jesu o phethela boprofeta ba hae ka ho re: “Ka nako eo ba lokileng ba tla khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.” (Mat. 13:43) Seo se tla etsahala neng, hona hokae? Mantsoe ana ke hona a tla phethahala. Jesu o ne a sa bolele esale pele ka ntho e etsahalang lefatšeng hona joale empa o ne a bua ka ntho e tla etsahala leholimong nakong e tlang.f Nahana ka mabaka a mabeli a etsang hore re fihlele qeto ena.

      17 Ntlha ea pele ke hore na seo se etsahala “neng.” Jesu o ile a re: “Ka nako eo ba lokileng ba tla khanya.” Ho hlakile hore poleloana e reng “ka nako eo,” e bua ka ntho eo Jesu a sa tsoa bua ka eona, e leng ‘ho lahlela mofoka ka sebōping sa mollo.’ Seo se etsahala karolong ea ho qetela ea matšoenyeho a maholo. Kahoo, ho “khanya ka ho phatsimang” ha batlotsuoa le hona ho lokela ho etsahala nakong e tlang. Ntlha ea bobeli ke hore na seo se etsahala “hokae.” Jesu o ile a re ba lokileng ba tla ‘khanya ’musong.’ Seo se bolela’ng? Batlotsuoa bohle ba tšepahalang ba ntseng ba le lefatšeng ka mor’a hore mokhahlelo oa pele oa mahlomola a maholo o fete, ba tla be se ntse ba amohetse tiiso ea bona ea ho qetela. Ka mor’a moo, joalokaha boprofeta ba Jesu bo mabapi le matšoenyeho a maholo bo boletse, ba tla bokelleloa leholimong. (Mat. 24:31) Ha ba le moo ba tla khanya “’musong oa Ntat’a bona,” ’me nakoana ka mor’a ntoa ea Armagedone, ba tla kopanela ‘lenyalong la Konyana’ e le monyaluoa oa Jesu ea thabileng.—Tšen. 19:6-9.

  • “Bonang! ke na le Lōna ka Matsatsi ’Ohle”
    Molula-Qhooa—2013 | July 15
    • f Serapeng sa 16: Daniele 12:3 e re “ba nang le temohisiso [Bakreste ba tlotsitsoeng] ba tla khanya joaloka ho khanya ha sepakapaka.” Ha ba ntse ba le lefatšeng, ba etsa sena ka hore ba etse mosebetsi oa boboleli. Leha ho le joalo, Matheu 13:43 e bua ka nako eo ka eona ba tla beng ba khanya ka ho phatsimang ’Musong oa leholimo. Pele re ne re nahana hore mangolo ao ka bobeli a bua ka mosebetsi o le mong—e leng mosebetsi oa boboleli.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela