-
Lipapiso Tse Buang ka ’MusoJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Jesu o hlohonolofatsa barutuoa ba hae ka lipapiso tse ling tse tharo. Ha a qala o re: “ ’Muso oa maholimo o joaloka letlotlo le patiloeng tšimong, leo motho a ileng a le fumana ’me a le pata, ka lebaka la thabo eo a nang le eona oa ea ’me a rekise lintho tseo a nang le tsona ’me a reke tšimo eo.”—Matheu 13:44.
-
-
Lipapiso Tse Buang ka ’MusoJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Lipapisong tsena tse peli, Jesu o bua ka motho ea ikemiselitseng ho tela lintho tse itseng e le hore a fumane letlotlo la bohlokoa. Kapelenyana mohoebi o “rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona” e le hore a ka reka perela e le ’ngoe ea boleng bo phahameng. Barutuoa ba Jesu ba utloisisa mohlala ona o buang ka perela ea boleng bo phahameng. Ka ho tšoanang, monna ea fumaneng letlotlo le patiloeng tšimong, o “rekisa lintho tseo a nang le tsona” ebe oa e reka. Mehlaleng ena, batho bana ka bobeli ho na le lintho tseo ba hlileng ba li batlang tseo ba li nkang e le letlotlo. Sena se ka bapisoa le lintho tseo motho a li telang e le hore e be motsoalle oa Molimo. (Matheu 5:3) Ba bang ba mametseng lipapiso tsa Jesu baa bontša hore ba ikemiselitse ho ba metsoalle ea Molimo le hore ba fela ba batla ho ba balateli ba hae.—Matheu 4:19, 20; 19:27.
-