Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 5/1 leq. 32
  • U ne U Tla e Lefella Bokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ne U Tla e Lefella Bokae?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 5/1 leq. 32

U ne U Tla e Lefella Bokae?

NA U tseba ntho leha e le efe ea bohlokoa hona hoo ka boithatelo u ka telang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u nang le eona e le hore u ka iphumanela eona? Jesu o ne a e tseba, ’me o ile a bua ka eona ho balateli ba hae.

O itse: “’Muso oa maholimo hape o joale ka mohoebi ea batlang liperela tse ntle. Hobane a fumane perela ea bohlokoa, a ea, a bapatsa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, ’me a ithekela eona.”—Mattheu 13:45, 46.

Mohoebi eo o ne a rata ho tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le hore a ka iphumanela “perela,” ’Muso oa Molimo. Hobane’ng? Hobane ha ho letho lefatšeng lena e ka bapisoang le oona. ’Muso oa Molimo o tla rarolla mathata ao motho a ’nileng a sitoa ho a rarolla, joaloka ntoa, tlala, tlōlo ea molao, le khatello. (Pesaleme ea 72:4-8, 13, 14) Tlas’a ’Muso oo, esita le sebe, ho kula, le lefu li tla fela. (Tšenolo 21:4, 5) Hase ho makatsang ha kōpo ea bobeli Thapelong ea Morena (“Ntat’a Rōna”) e le, “Ho tle ’muso oa hao”!—Mattheu 6:9, 10.

U ne u tla lefa bokae ho kopanela litlhohonolofatsong tsa ’Muso oo? Bonneteng, litlhohonolofatso tseo ha li lefelloe. Empa e le hore u ka li thabela, u tlameha ho tseba hore na ’Muso ke eng, u lumele hore ke oa sebele, ’me u o nehe sebaka sa pele bophelong ba hao. Na u ka etsa seo? Ka Bibeleng ho na le boitsebiso bo tla u thusa. Lumella e mong oa Lipaki tsa Jehova ho u thusa ho ithuta ka ’Muso oa Molimo le ho fumana kamoo o ka u tsoelang molemo ka teng esita le hona joale.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela