Jesu—Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
Ke Eng e Silafatsang Motho?
HO HANYETSOA ha Jesu ho ipha matla. Hase feela hore barutuoa ba hae ba bangata baa mo siea empa Bajode ba Judea ba batla ho ’molaea, joalokaha ba ile ba etsa ha a ne a le Jerusalema nakong ea Paseka ea 31 C.E.
Hona joale ke Paseka ea 32 C.E. Ke ho utloahalang hore, tumellanong le hore Molimo o hloka hore a kopanele, Jesu o nyoloha ho ea Pasekeng Jerusalema. Leha ho le joalo, o etsa joalo ka bohlale hobane bophelo ba hae bo kotsing. Kamor’a moo o khutlela Galilea.
Mohlomong Jesu o Kapernauma ha Bafarisi le bangoli ba tsoang Jerusalema ba tla ho eena. Ba batla mabaka a ho mo nģosa ka ho roba molao oa bolumeli. Baa botsa, “Barutuoa ba hao ba tlolela’ng mokhoa oa baholo, ha ba e-ja bohobe, ba sa hatlela?” Hona ha se ntho e hlokoang ke Molimo, empa Bafarisi ba ho nka e le tlōlo e tebileng ho se phethe moetlo ona, o neng o akarelletsa ho hlapa ho fihlela litsoeng.
Ho fapana le ho arabela qoso ea bona, Jesu o supa ho roba ha bona Molao oa Molimo ka boomo le ka bokhopo. O batla ho tseba: “Le lōna, le tlōlela’ng molao oa Molimo ka mokhoa oo le o neanang na? Hobane Molimo o laetse, oa re: Hlonepha ntat’ao le ’m’ao. Hape ho itsoe: Ea rohakang ntat’ae, leha e le ’m’ae, a bolaoe. Kanthe lōna le re: Ea reng ho ntat’ae, leha e le ’m’ae: Sa tsa ka seo nka beng ke u thusa ka sona, ke se ke se abetse Molimo, ha a na molato, leha a sa hlonephe ntat’ae le ’m’ae.”
Ka sebele, Bafarisi ba ruta hore chelete, thepa, kapa ntho leha e le efe e nehelanoeng e le mpho ho Molimo e se e le ea tempele, ’me e ke ke ea sebelisetsoa morero o mong. Empa ha e le hantle, mpho e nehelanoeng e bolokoa ke motho ea nehelaneng ka eona. Ka tsela ena mora, ka hore feela a re chelete ea hae kapa thepa ke “korbane”—mpho e nehelanoeng ho Molimo kapa tempeleng—a ka baleha boikarabelo ba hae ba ho thusa batsoali ba hae ba hōlileng, bao e ka ’nang eaba ba maemong a ho tsieleha.
A khopehile ka ho utloahalang ke ho sotha ha Bafarisi Molao oa Molimo ka bokhopo, Jesu o re: “Le fetotse molao oa Molimo lefeela ka mokhoa oo le o neanang. Baikaketsi, Esaia o na a profete tsa lōna hantle, ha a itse: Sechaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le ’na. Ba nkhumamella lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.”
Mohlomong matšoele a ne a ile a checha ho nea Bafarisi sebaka sa ho botsa Jesu. Joale, ha Bafarisi ba sitoa ho araba ha Jesu a ba nyatsa ka matla, o bitsa matšoele hore a atamele. O re: “Mamelang, le utloisise. Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho, empa se tsoang hanong ke sona se silafatsang motho.”
Hamorao ha ba kena ka tlung, barutuoa ba hae baa botsa: “Na ua tseba hobane bafarisi ba ile ba hlonama ha ba utloa polelo ea hao na?”
Jesu oa araba: “Setlama se seng le se seng se sa hlongoang ke Ntate ea maholimong, se tla fotholoa. Ba tloheleng; ke lifofu tse tsamaisang lifofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, li tla oela sekoting tse peli.”
Jesu o bonahala a maketse ha Petrose lebitsong la baapostola a kōpa tlhakisetso mabapi le se silafatsang motho. Jesu oa araba: “Na le sa hloka kelello le lōna na? Na ha le utloisise hobane tsohle tse kenang ka hanong li ea mpeng, li ntoo lahleloa mohlabeng? Empa tse tsoang hanong li tsoa pelong; ke tsona tse silafatsang motho. Hobane mehopolo e mebe, lipolao, lipōko, mafebe, likutso, liketselletso, le linyefolo, li tsoa pelong; ke tsona lintho tse silafatsang motho; empa ha e le ho ja ka matsoho a sa hatleloang, ha ho silafatse motho.”
Mona Jesu ha a khothaletse ho tlohela bohloeki bo tloaelehileng. Ha a etse khang ea hore ha ho hlokahale hore motho a hlatsoe matsoho a hae pele a lokisa lijo kapa a e-ja. Ho fapana le hoo, Jesu o nyatsa boikaketsi ba baeta-pele ba bolumeli bao ka bomene-mene ba lekang ho qoba melao ea Molimo e lokileng ka ho tsitlallela meetlong eo e seng ea Mangolo. E, ke liketso tse khopo tse silafatsang motho, ’me Jesu o bontša hore tsena li simoloha ka pelong ea motho. Johanne 7:1; Deuteronoma 16:16; Mattheu 15:1-20; Mareka 7:1-23; Exoda 20:12; 21:17; Esaia 29:13.
◆ Ke khanyetso efe eo joale Jesu a thulanang le eona?
◆ Ke qoso efe eo Bafarisi ba e etsang, empa ho latela Jesu, Bafarisi ba tlōla molao oa Molimo ka boomo joang?
◆ Jesu o senola hore ke lintho life tse silafatsang motho?