-
Hlaolela ho ba ea Nahanelang MaemoMolula-Qhooa—1994 | August 1
-
-
Ho Tenyetseha ha ho Tobanoe le Maemo a Fetohang
6. Jesu o ile a bonahatsa ho nahanela maemo joang ha a sebelisana le mosali oa Molichaba eo morali oa hae a neng a kenoe ke bademona?
6 Joaloka Jehova, Jesu o ile a ipaka e le ea potlakelang ho fetola tsela ea ho etsa lintho kapa ea ikamahanyang le maemo a macha ha a hlaha. Ka nako e ’ngoe mosali oa Molichaba o ile a mo kōpa hore a folise morali oa hae ea neng a hlasetsoe ke bademona ka matla. Qalong Jesu o ile a bontša ka litsela tse tharo tse sa tšoaneng hore o ne a sa tl’o mo thusa—ea pele, ka ho qoba ho mo araba; ea bobeli, ka ho bolela ka ho toba hore o ne a rometsoe ho Bajode, eseng ho Balichaba; ’me ea boraro, ka ho etsa setšoantšo seo ka mosa se ileng sa fetisa mohopolo o tšoanang. Leha ho le joalo, mosali enoa o ile a phehella ho sa tsotellehe sena sohle, a fana ka bopaki ba tumelo e fetang e tloaelehileng. Ha a nahana ka boemo bona bo khethehileng, Jesu o ne a ka bona hore ena e ne e se nako ea ho sebelisa molao o akaretsang; e ne e le nako ea ho tenyetseha tumellanong le melao-motheo e phahameng haholoanyane.a Kahoo, Jesu o ile a etsa sona seo ka makhetlo a mararo a ileng a bontša hore a ke ke a se etsa. O ile a folisa morali oa mosali eo!—Mattheu 15:21-28.
-
-
Hlaolela ho ba ea Nahanelang MaemoMolula-Qhooa—1994 | August 1
-
-
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ha mosali e mong a bontša tumelo e fetang e tloaelehileng, Jesu o ile a bona hore hase nako ea ho sebelisa molao o akaretsang
-