Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko
    Molula-Qhooa—2010 | January 1
    • O Ile a Lula a Tšepahala Leha a Khalemeloa

      Nakoana ka mor’a nako eo e maphatha-phathe, Jesu o ile a nka leeto le lelelele le baapostola ba hae le barutuoa ba bang ba hae ho ea ka leboea. Tlhōrō e kupelitsoeng ke lehloa ea Thaba ea Hermone, e neng e le ka leboea ho Naha e Tšepisitsoeng, ka linako tse ling e ne e bonahala leha motho a le Leoatleng la Galilea le metsi a maputsoa. Butle-butle bolelele ba thaba bo ile ba ’na ba bonahala le ho feta ha sehlopha sena se ntse se atamela se nyolosa meepa e lebang metseng e pel’a Cesarea Filipi.c Sebakeng sena se setle moo ho neng ho bonahala boholo ba karolo e ka boroa ea Naha e Tšepisitsoeng, Jesu o ile a botsa balateli ba hae potso ea bohlokoa.

      O ne a batla ho tseba: “Bongata bo re ke mang?” Re ka inahanela feela Petrose a sheba Jesu ea neng a labalabela ho fumana karabo, a boetse a lemoha kamoo Mong’a hae a leng mosa a bileng a leng bohlale haholo kateng. Jesu o ne a thahasella ho tseba hore na bamameli ba hae ba entse qeto efe ka seo ba se boneng le seo ba se utloileng. Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo araba ka ho mo bolella likhopolo tse fosahetseng tseo batho ba neng ba e-na le tsona mabapi le hore na Jesu ke mang. Empa Jesu o ne a sa batle ho tseba seo feela. O ne a batla ho tseba hore na balateli ba hae ba haufi-ufi le bona ba na le khopolo e fosahetseng kapa che. O ile a ba botsa: “Leha ho le joalo, lōna le re ke mang?”—Luka 9:18-22.

  • O ne a Tšepahala ho sa Tsotellehe Liteko
    Molula-Qhooa—2010 | January 1
    • c Ho tloha lebōpong la Leoatle la Galilea, sehlopha sena se ile sa qala leeto leo la lik’hilomithara tse 50 ho tloha sebakeng se limithara li 210 ka tlas’a bophahamo ba leoatle ho fihlela se le ka holimo ho bophahamo ba leoatle ka limithara tse 350, ba feta libaka tse botle bo hlollang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela