Ho se Fose le Bakreste ba Pele
THUTO ea ho se fose e amana haufi le ea “bophahamo,” kapa matla a maholo a mopapa. Ho ea ka Enciclopedia Cattolica, “litemana tsa Bibele tse tiisang bophahamo li fana ka bopaki ba h[o se fose] ha mopapa.” Ha li tšehetsa thuto ena ea ho se fose, mohloli ona oo o qotsa litemana tse latelang moo Kreste a buisanang le Petrose.
Mattheu 16:18: “U Petrose, ’me ka holim’a lejoe leo, ke tla aha kereke ea ka.”
Luka 22:32: “Empa ’na ke u rapelletse hore tumelo ea hao e tle e se ke ea fela. Joale, uena, etlere hobane u bake, u tiise banab’eno.”
Johanne 21:15-17: “Alosa likonyana tsa ka.” “Alosa linku tsa ka.” “Fepa linku tsa ka.”—Revised Standard Version, Khatiso ea K’hatholike.
Ho ea ka Kereke ea K’hatholike, litemana tse bontšitsoeng ka holimo li lokela ho bontša: pele, hore Petrose e ne e le “morena oa baapostola,” ke hore, e ne e le eena e moholo har’a bona; sa bobeli hore o ne a sa fose; sa boraro, hore o ne a tla ba le “bahlahlami” ba kopanelang le eena litokelong tsa hae, tsa boholo le ho se fose.
Leha ho le joalo, Giuseppe Alberigo, moruti oa histori ea kereke, o bua mantsoe ana a bohlokoa: “Ke ntho e tsebahalang hore, lentsoe ‘mopapa’ kapa lentsoe le bolelang ntho e le ’ngoe le ‘mopapa’ ha ho mohla le hlahellang ho NT [Testamente e Ncha]. Motho feela ea hlahellang ke Jesu oa Nazaretha; empa ha e le har’a barutuoa ’me haholo-holo har’a baapostola, ho boima haholo ho lemoha hore motheong oa mangolo, ke ofe ea hlahellang har’a bona kaofela. Petrose, Johanne, Jakobo, Pauluse, ke batho ba nang le litšobotsi tsa bohlokoa, tse fapaneng le tse ratehang. Ntle ho pelaelo, Petrose o hlahella e le e mong oa baapostola bao Kreste a neng a buisana le bona hangata, le hoja e ne e se eena feela kapa hona hore o ne a le bohlokoa ho feta ba bang.”
Ke eng seo Bakreste ba pele ba neng ba se lumela? Moprofesa Alberigo oa arabela: “Makholong a pele a lilemo, ho ne ho se na tlhaloso ea mangolo kapa bohlale ba ho sebetsana le mokhoa le liketso tsa mopapa. . . . Ho ba teng ha ‘episcopus episcoporum’ [mobishopo oa babishopo] e bile phoso ea Cyprian [mongoli oa lekholo la boraro la lilemo], joalokaha a lumetse sebokeng sa kereke sa Carthage.”
Thuto ea mopapa e qalile ho mela neng? Moprofesa Alberigo o re: “Ho ea bofelong ba lekholo la bone la lilemo, ho ipolela ha kereke ea Roma e sebetsa ka bopostola, ke hore, tšebelisano ea likereke tsa bophirimela, ho ile ha phehella haholoanyane.” Ebile “nakong ea puso ea Leo I [lekholong la bohlano la lilemo],” ho phaella Alberigo, moo ho ileng ha hōlisoa “khopolo ea ‘borena’ ba Petrose har’a baapostola, e fumanoang ho Matt. 16:18.” “Testamenteng e Ncha ha ho moo motho a fumanang bopaki ba Jesu ka bahlahlami ba Petrose kapa ba baapostola ba bang.”
Empa litemana tse kang Mattheu 16:18,
tseo baruti ba K’hatholike ba li sebelisang hangata, li tšehetsa thuto ea mopapa?
“Lejoe” la Bohlokoa la Motheo ke Mang?
“U Petrose [ka Segerike, Pe’tros], ’me holim’a lejoe lena [ka Segerike, pe’trai] ke tla haha Kereke ea ka.” Ho ea ka kereke ea K’hatholike, ho tšoana ha mantsoe ana a mabeli ho bontša hore Petrose ke lejoe la motheo la kereke ea ’nete, kapa phutheho ea Bokreste. Empa kaha Bibele e bolela ho hongata ka lejoe la tšoantšetso, ke habohlokoa ho hlahloba litemana tse ling mabapi le ho fumana kutloisiso e nepahetseng.—Mattheu 16:18, Revised Standard Version, Khatiso ea K’hatholike.
Boprofeta ba bohlokoa Mangolong a Seheberu bo se bo tsebahalitse ho tla ha lejoe la motheo la tšoantšetso le karolo e imenneng habeli eo le neng le tla ba le eona. E ne e tla ba kofuto ea pholoho ho ba nang le tumelo: “Bonang, ke bea lejoe Sione, e be motheo, lejoe le lekiloeng, lejoe la ntlha la bohlokoa, le theiloeng ka mokhoa o tiileng; ea lumelang ha a na ho baleha.” (Esaia 28:16) Ho ena le hoo, lejoe lena e ne e lokela ho ba lejoe le khopisang Baiseraele ba sa lumeleng: “Lejoe le lahliloeng ke baahi, le fetohile lejoe la ntlha, la motheo.” (Pesaleme ea 118:22) “Empa ho matlo a mabeli a Iseraele e tla ba lejoe le ba khothometsang, le lefika le ba khopang.”—Esaia 8:14.
Na e ne e le ntho e ka etsahalang hore motho feela, haholo-holo Petrose, a phethahatse karolo e imenneng habeli ea lejoe la tšoantšetso? (Mattheu 26:33-35, 69-75; Mareka 14:34-42) Ke mang eo re lokelang ho lumela ho eena hore re fumane pholoho, ho Petrose kapa ho motho e mong e moholoanyane? Baiseraele ba khopisitsoe ke mang, ke Petrose kapa Jesu? Mangolo a bontša ka ho hlakileng hore boprofeta bo amanang le lejoe la bohlokoa bo ile ba phathahatsoa, e seng ho Petrose, empa ho Mora oa Molimo, Jesu Kreste. Ke Jesu ea ileng a sebelisa boprofeta ba Esaia le ba Pesaleme ea 118 ho eena, joalokaha Mattheu 21:42-45 e bontša.
Petrose ka boeena, joalokaha re bala ho 1 Petrose 2:4-8, o ile a nahana ka Jesu, e seng ka eena, e le lejoe la motheo. Ketsahalong e fetileng, ha a buisana le baeta-pele ba bolumeli ba Bajode, o lumetse hore “Jesu Kreste oa Nazaretha” e ne e le eena “lejoe le nyatsitsoeng ke lōna lihahi, le entsoeng lejoe la ntlha la motheo.”—Liketso 4:10, 11.
Pauluse o ne a ena le mohopolo o tšoanang, joalokaha re ka bona mangolong a kang Ba-Roma 9:31-33,1 Ba-Korinthe 10:4, le Ba-Efese 2:20, ’me temana ena ea ho qetela e lumela ’nete ea hore litho tsa phutheho ea Bokreste li “theiloe holim’a motheo oa baapostola le baprofeta, oo Jesu Kreste e leng eena lejoe la ntlha la ’ona.” O boetse ke ‘hlooho ea phutheho,’ eo a e busang a le maholimong. Jesu o itse, “’Me, bonang! Ke na le lōna ka mehla eohle ho fihla bofelong ba tsamaiso ea lintho.”—Ba-Efese 1:22; 5:23; Mattheu 28:20, NW; Ba-Kolosse 1:18.
Petrose—Mopapa Kapa e Mong ea Lekanang le Bona?
Jesu o sebelisitse kofuto efe ho tsamaisa mosebetsi oa balateli ba hae ba tšepahalang ka mor’a ho nyolohela ha hae leholimong? Na o ile a khetha e mong oa bona joaloka “moruti” ea nang le matla a maholo, joaloka mopapa? Che, haa ka a hloma puso ea borena holim’a phutheho. Ho ena le hoo, o ile a beha tlhokomelo ea mohlape ho sehlopha sa basebeletsi ba tšepahalang. Qalong, phutheho ea Bokreste e ne e tsamaisoa ke sehlopha sohle sa baapostola ba 12, hammoho le baholo ba phutheho e Jerusalema.
Ebile baapostola ba 12 ba kopane, ba ileng ba etsa qeto ea ho fana ka thuso ho ba neng ba e hloka. (Liketso 6:1-6) Sehlopha sa baapostola ba 12 se boetse sa etsa qeto ea hore na ke bo mang ba neng ba lokela hop11 romelloa ho Basamaria ka mor’a hore ba amohele litaba tse molemo, ’me ho ile ha khethoa Petrose le Johanne. Ketsahalong ena, hoa bonahala hore Petrose, ho ena le hore a etse liqeto ka boeena, e bile e mong oa ba ileng ba ‘rongoa’ ke baapostola.—Liketso 8:14.
Qetellong, ebile nakong ea kopano e neng e tšoaretsoe Jerusalema hoo e ka bang ka 49 C.E. ha “baapostola le baholo” ba etsa qeto motheong oa Mangolo hore ho ne ho sa hlokahale ho bolotsa Balichaba ba fetohileng Bakreste. (Liketso 15:1-29) Ho tsoa tlalehong ea histori, ho hlakile hore e ne e se Petrose ea neng a okametse seboka, empa e ne e le Jakobo ngoan’abo Jesu. Ha e le hantle, o qetelletse ka ho bolela hore: “Qeto ea ka ha se ho tšoenya bao ba tsoang ho Balichaba ba fetohelang ho Molimo.” (Liketso 15:19, NW) Na Jakobo o ne aka tseba ho bua ka ‘qeto ea hae’ haeba Petrose, ea neng a le teng, ane a ena le matla a maholo har’a baapostola?
Moapostola Pauluse, ha a bua ka mesebetsi e fapa-fapaneng e ileng ea tlatsetsa ho hahuoeng ha phutheho, haa ka ba a bolela ka se bitsoang matla a mopapa empa ho ena le hoo o buile ka tšebeletso e kopaneng ea baapostola kaofela.—1 Ba-Korinthe 12:28; Ba-Efese 4:11, 12.
Ka lebaka la cheseho ea hae le ho nka bohato pele, ntle ho pelaelo Petrose o bile le karolo ea “bohlokoa” joalokaha Alberigo a ngola. Jesu o ile a mo fa “linotlolo tsa ’muso oa maholimo.” (Mattheu 16:19) O ile a sebelisa linotlolo tsena tsa tšoantšetso ho bulela Bajode, Basamaria, le Balichaba monyetla oa ho kena ’Musong oa maholimo. (Liketso 2:14-40; 8:14-17; 10:24-48) O ile a boela a neoa monyetla oa ho ‘tlama’ le ho ‘lokolla’ e le mosebetsi oo a ileng a kopanela ho ’ona le baapostola ba bang. (Mattheu 16:19; 18:18, 19) O ne a lokela ho alosa phutheho ea Bokreste, e leng ntho e ’ngoe eo balisa bohle ba Bakreste ba tlamehang ho e etsa.—Liketso 20:28; 1 Petrose 5:2.
Leha ho le joalo, ka baka la litšobotsi tsa bona tse babatsehang tsa Bokreste, baapostola ba bang kantle ho Petrose le bona ba ne ba “khethehile.” Pauluse o buile ka bona e le “ba lekanngoang hoba ke litšiea,” tsa phutheho, ha a bua ka “Jakobo, le Kefase [Petrose] le Johanne.” (Ba-Galata 2:2, 9, NW) Jakobo ngoan’abo Jesu o ile a phethahatsa karolo ea bohlokoa ka ho khethehileng. Joalokaha ho boletsoe pele, ke eena ea neng a okametse seboka Jerusalema, ’me ho na le litlaleho tsa fapaneng tse lumellanang le karolo ena e hlokomelehang.—Liketso 12:17; 21:18-25; Ba-Galata 2:12.
Molimo o ile oa neha barutuoa ba tšepahalang ba Jesu matla a maholoanyane, ho akarelletsa le matla a ho etsa mehlolo. Empa ha ho moo re balang hore o ile oa ba neha matla a ho etsa liketsahalo tse sa foseng. Le hoja Petrose a ne a ntse a tšepahala, o ile a ’na a etsa liphoso. O ile a nyatsoa ke Jesu, ’me ka lekhetlo le leng Pauluse o ile a mo khalemela pontšeng.—Mattheu 16:21-23; 26:31-34; Ba-Galata 2:11-14.
Ke Mangolo feela a sa foseng, hobane ke Lentsoe la Molimo. Petrose o buile ka “lentsoe la boprofeta” leo re lokelang ho le mamela joaloka lebone le khanyang. (2 Petrose 1:19-21) Haeba re tlameha ho tseba thato ea Molimo, joale re tlameha ho itšepisa ka Lentsoe la oona le ‘phelang.’ (Ba-Heberu 4:12) Ke Lentsoe la Molimo feela le fanang ka lintho tsa sebele tseo batho ba li hlokang haholo, e seng tlhaloso e sa utloahaleng ea baeta-pele ba bolumeli. Esita le mehleng ea rōna, Kreste Jesu o sebelisa sehlopha sa basebeletsi ba hae, ba etsang liphoso empa ba tšepahala, bao ka sehlopha ba bitsoang “mohlanka ea khabane ea bohlale.”—Mattheu 24:45-47.
Ke bomang ba emelang mohlanka enoa oa tšoantšetso lefatšeng kajeno? Ho ithuta Bibele ka ho nepahetseng ho ka u thusa ho ba tseba. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ke mang eo e neng e le lejoe le motheo—Kreste ea tšepahalang? Kapa Petrose,ea ileng a mo latola ka makhetlo a mararo?