Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mamelang Lentsoe la Jehova
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2019 | March
    • “MO MAMELENG”

      7. Matheu 17:​1-5 e re Jehova o ile a bua neng hape a le leholimong, hona o ile a re’ng?

      7 Bala Matheu 17:​1-5. Lekhetlo la bobeli leo ka lona lentsoe la Jehova le ileng la utloahala ho tsoa leholimong e ne e le ha Jesu “a fetoha sebopeho.” Jesu o ile a re Petrose, Jakobo le Johanne ba ee le eena ka holim’a thaba. Ha ba ntse ba le moo, ba ile ba bona pono e makatsang. Sefahleho sa Jesu se ile sa khanya ’me liaparo tsa hae tsa phatsima. Ponong eo, barutuoa ba Jesu ba ile bona Moshe le Elia ba bua le Jesu mabapi le lefu la hae le tsoho ea hae. Le hoja barutuoa bana ba bararo ba ne ba “imetsoe ke boroko,” ba ile ba bona pono ena nakong eo ba neng ba ntse ba hlaphohetsoe. (Luka 9:​29-32) Ka mor’a moo, ba ile ba koaheloa ke khanya e kholo eaba ba utloa lentsoe la Jehova le tsoa lerung. Ha Jesu a ne a kolobetsoa, Jehova o ile a bua mantsoe a bontšang hore oa mo rata ebile o mo amohetse ha a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” Empa lekhetlong lena Jehova o ile a qetella ka hore: “Mo mameleng.”

  • Mamelang Lentsoe la Jehova
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2019 | March
    • 9. Jesu o ile a re’ng ha a ne a le lefatšeng?

      9 “Mo mameleng.” Jehova o hlakisitse hore o batla hore re mamele Mora oa hae. Jesu o ile a re’ng ha a ne a le lefatšeng? O ile a bua lintho tse ngata tsa bohlokoa tseo re lokelang ho li mamela. Mohlala, o ile a ruta balateli ba hae hore na ba ka ruta batho ka ’Muso oa Molimo joang ’me ka ho pheta-pheta a ba hopotsa hore ba lule ba lebetse. (Mat. 24:​42; 28:​19, 20) O ile a re ba ikitlaetse ka matla ha ba etsa mosebetsi oa bona ’me a ba khothalletsa le hore ba se ke ba tela ha ba o etsa. (Luka 13:​24) Jesu o ile a boela a khothalletsa balateli ba hae hore ba ratane, ba lule ba momahane le hore ba mamele litaelo tsa hae. (Joh. 15:​10, 12, 13) Lintho tseo Jesu a ileng a re barutuoa ba hae ba li etse li ne li le bohlokoa. Le mehleng ena li ntse li le bohlokoa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela