Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Batla Eng ho Rōna Kajeno?
    Molula-Qhooa—1999 | September 15
    • 3, 4. (a) Ha e le hantle ke eng seo Jehova a se batlang ho rōna kajeno? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho latela mehato ea Jesu haufi-ufi?

      3 Selemong sa ho qetela sa tšebeletso ea Jesu, baapostola ba hae Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba tsamaea le eena ho ea thabeng e telele, mohlomong tlhōrōng ea Thaba ea Hermone. Ha ba le moo ba ile ba bona pono ea boprofeta ea Jesu a le khanyeng e babatsehang ’me ba utloa lentsoe la Molimo le re: “Enoa ke Mora oa ka, moratuoa, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.” (Matheu 17:1-5) Ha e le hantle, ke sona seo Jehova a se batlang ho rōna—ho mamela Mora oa hae le ho latela mohlala oa hae le lithuto tsa hae. (Matheu 16:24) Kahoo, moapostola Petrose o ile a ngola: “Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.”—1 Petrose 2:21.

  • Jehova o Batla Eng ho Rōna Kajeno?
    Molula-Qhooa—1999 | September 15
    • 5. Bakreste ba tlas’a molao ofe, ’me molao oo o qalile ho sebetsa neng?

      5 Ho ameha eng tabeng ea ho mamela Jesu le ho mo etsisa? Na ho bolela ho ba tlas’a molao o itseng? Pauluse o ile a ngola: ‘Ha ke tlas’a molao.’ Mona o ne a bua ka “selekane sa khale,” e leng selekane sa Molao se neng se entsoe le Baiseraele. Pauluse o ile a lumela hore o ne a le “tlas’a molao mabapi le Kreste.” (1 Bakorinthe 9:20, 21; 2 Bakorinthe 3:14) Ha ho fela selekane sa khale sa Molao, ho ile ha qala ho sebetsa “selekane se secha” se thehiloeng ‘molaong oa Kreste’ oo kajeno bahlanka bohle ba Jehova ba tlamehang ho o mamela.—Luka 22:20; Bagalata 6:2; Baheberu 8:7-13.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela