Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Haeba le Kolota Lekhetho, Lefang Lekhetho”
    Molula-Qhooa—1994 | November 15
    • Eba ea sa nyatsuoeng. Balebeli ba Bakreste ba tlameha ho ba ba “sa nyatsuoeng” e le hore ba ka tšoanelehela boemo ba bona. Ka ho tšoanang, phutheho eohle e lokela ho ba e sa nyatseheng mahlong a Molimo. (1 Timothea 3:2; bapisa le Ba-Efese 5:27.) Ka hona ba leka ka matla ho boloka botumo bo botle sechabeng, esita le tabeng ea ho lefa lekhetho. Jesu Kreste ka boeena o ile a beha mohlala o motle tabeng ena. Morutuoa oa hae Petrose o ile a botsoa hore na Jesu o lefa lekhetho la tempele, le neng le ama lidrakema tse peli feela. Ka sebele, Jesu o ne a sa tlangoa ke lekhetho lena, hobane tempele e ne e le ntlo ea Ntat’ae ’me ha ho morena ea imetsang mor’a hae ka lekhetho. Jesu o ile a bolela sona seo; leha ho le joalo, o ile a lefa lekhetho leo. Ha e le hantle, o ile a ba a sebelisa mohlolo ho fumana chelete e batlehang! Ke hobane’ng ha a ile a lefa lekhetho leo ka tšoanelo a neng a lokolohile ho lona? Joalokaha Jesu ka boeena a ile a bolela, e ne e le hore “re se ke ra ba khopisa.”—Mattheu 17:24-27.b

  • “Haeba le Kolota Lekhetho, Lefang Lekhetho”
    Molula-Qhooa—1994 | November 15
    • b Ka ho thahasellisang, Kosepele ea Mattheu ke eona feela e tlalehileng ketsahalo ena ea bophelo ba Jesu ba lefatšeng. Joalokaha pele e ne e le ’mokelli oa lekhetho ka boeena, ha ho pelaelo hore Mattheu o ile a khahloa ke boikutlo ba Jesu tabeng ena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela