Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Molisa ea Tsotellang
    Molula-Qhooa—2008 | February 1
    • Ha Jesu a sebelisa bophelo ba molisa papisong ea hae, o itse: “Haeba motho ea itseng a e-ba le linku tse lekholo ’me e ’ngoe ea tsona e hlahlathela, na a ke ke a tlohela tse mashome a robong a metso e robong lithabeng ’me a tsoe ho ea batla e hlahlathelang? Haeba ho etsahala hore a e fumane, ka sebele kea le bolella, o e thabela haholo ho feta tse mashome a robong a metso e robong tse sa hlahlathelang. Ka ho tšoanang hase ntho e lakatsehang ho Ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.” (Matheu 18:12-14) A re boneng kamoo Jesu mona a hlalosang kameho e mofuthu ea Jehova bakeng sa morapeli e mong le e mong oa Hae.

  • Molisa ea Tsotellang
    Molula-Qhooa—2008 | February 1
    • Ha Jesu a hlalosa papiso ena o ile a re Molimo ha a batle ha “e mong oa ba banyenyane bana a [timela].” Pelenyana, Jesu o ne a ile a lemosa barutuoa ba hae hore ba se ke ba khopisa “e mong oa ba banyenyane bana ba behang tumelo ho [eena].” (Matheu 18:6) Joale, papiso ea Jesu e re ruta eng ka Jehova? Ke Molisa ea tsotellang nku e ’ngoe le e ’ngoe ea hae haholo, ho akarelletsa le “ba banyenyane”—bao ho batho ba ka ’nang ba bonahala e se ba bohlokoa hakaalo. Ka sebele, mahlong a Molimo morapeli e mong le e mong oa hae oa ikhetha ebile ke oa bohlokoa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela