-
Tsela ea ho Matlafatsa Tlamo ea LenyaloMolula-Qhooa—1993 | August 15
-
-
Bafarisi ba ne ba pheha khang ea hore Moshe o ile a etsa litokisetso bakeng sa tlhalo ka ho fana ka “lengolo la hlalo.” Jesu a ba araba: “Moshe o le lumeletse ho hlala basali ba lōna ka baka la bothata ba lipelo tsa lōna; empa tšimolohong, ho no ho se joalo. ’Me ke re ho lōna: E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka la bofebe, a nyala e mong, oa feba.”—Mattheu 19:3-9.
-
-
Tsela ea ho Matlafatsa Tlamo ea LenyaloMolula-Qhooa—1993 | August 15
-
-
Tokisetso ea Molao oa Moshe
Nakong eo ho neng ho fanoa ka Molao oa Moshe, likamano pakeng tsa banyalani li ne li nyehlile ho isa bohōleng boo Jehova, ka lebaka la ho hlokomela bothata ba lipelo tsa Baiseraele, a ileng a etsa tokisetso ea tlhalo. (Deuteronoma 24:1) E ne e se morero oa Molimo hore Baiseraele ba sebelise molao ona hampe bakeng sa ho hlala basali ba bona ka baka la liphoso tse fokolang, joalokaha ho totobetse taelong ea hae ea hore ba ne ba lokela ho rata oa habo bona joalokaha ba ithata. (Levitike 19:18) Esita le ho fanoa ha lengolo la tlhalo ho ne ho sebeletsa e le tšoso hobane, e le karolo ea tšebetso ea ho ngola lengolo, monna ea batlang tlhalo o ne a tlameha ho buisana le banna ba nang le tokelo, ba neng ba tlameha ho etsa boiteko bo tiileng ba ho etsa hore poelano e be teng. Che, Molimo haa ka a fana ka molao ona bakeng sa ho fana ka tokelo leha e le efe ea hore motho a hlale mosali oa hae “ka baka la eng le eng.”—Mattheu 19:3.
Leha ho le joalo, qetellong Baiseraele ba ile ba hlokomoloha morero oa molao ona ’me ba o sebelisa hampe bakeng sa ho hlalana ka lebaka leha e le lefe le neng le lumellana le likhopolo tsa bona. Lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., ba ne ba sebetsana le basali ba bocha ba bona ka bolotsana, ba ba hlala ka mabaka a mefuta eohle. Ka tieo Jehova o ile a ba bolella hore o hloile tlhalo. (Malakia 2:14-16) E ne e le khahlanong le semelo sena moo Jesu a ileng a nyatsa tlhalo ka tsela eo Baiseraele ba neng ba e etsa nakong ea hae.
-