Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jv khao. 13 leq. 172-leq. 187 ser. 3
  • Re Hlokomeloa ka Boitšoaro ba Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Hlokomeloa ka Boitšoaro ba Rōna
  • Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Sebōpeho sa Botho Kapa Selekane—Hofe?”
  • “Le Tšabe Bohlola”
  • Bophelo ba Lelapa bo Laoloang ke Litekanyetso tsa Bomolimo
  • Na Sethepu Sea Amoheleha?
  • Ho Thoe’ng ka Tlhalo?
  • Tlhokahalo ea Botšepehi e Pharalletse Hakae?
  • Lebaka Leo ka Lona Papali ea Chelete e Seng Bothata Har’a Tsona
  • Ho Thoe’ng ka Tšebeliso e Mpe ea Koae le Lithethefatsi?
  • Na Lino tse Tahang li Fapane?
  • Tlhompho Bakeng sa Bophelo
  • Lebaka Leo Litšelo tsa Mali li Hanoang ka Lona
  • Ha Batho ba Khetha ho Hlokomoloha Litekanyetso tsa Bibele
  • Ho Apara Botho bo Bocha
  • Ho Hloekisoa Boitšoarong​—Ho Bonahatsa Khalalelo ea Molimo
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
jv khao. 13 leq. 172-leq. 187 ser. 3

Khaolo 13

Re Hlokomeloa ka Boitšoaro ba Rōna

RE PHELA nakong eo ho eona litekanyetso tsa boitšoaro tse neng li hlomphuoa khale li lahliloeng ke batho ba bangata. Malumeli a mangata a Bokreste-’mōtoana a entse se tšoanang, ebang ke hobane a sekisetsa kapa a nahana hore linako li fapane ’me lithibelo tsa meloko e fetileng ha li sa sebetsa. Ka baka leo, Samuel Miller, mohlomphehi oa Harvard Divinity School, o itse: “Ho hang kereke ha e sa le ea bohlokoa ho batho. E amohetse mekhoa ea mehla ea rōna ’me ea e khomarela.” Phello e bile e kotsi ho ba neng ba talimile likerekeng tse joalo bakeng sa tataiso.

Ha ho bapisoa, ha e hlalosa Lipaki tsa Jehova, L’Eglise de Montréal, koranta ea beke le beke ea kereke e K’hatholike e tlas’a tsamaiso ea moarekabishopo Montreal, Canada, e itse: “Li na le litekanyetso tse tsotehang tsa boitšoaro.” Matichere a mangata, bahiri, le bahlanka ba ’muso ba lumellana le seo. Lebaka la botumo boo ke lefe?

Ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova ho akarelletsa ho hongata ho feta ho khomarela tlhophiso e itseng ea lithuto tse lumeloang le ho pakela ba bang ka litumelo tsena. Bokreste ba pele bo ne bo tsejoa e le “Tsela ena,” ’me Lipaki tsa Jehova lia hlokomela hore bolumeli ba ’nete kajeno bo tlameha ho fetoha tsela ea bophelo. (Lik. 9:2, BPN) Leha ho le joalo, joalokaha ho etsahetse linthong tse ngata Lipaki tsa kajeno ha lia ka tsa finyella ka ho panya ha leihlo kutloisiso ea seo hona ho se akarelletsang.

“Sebōpeho sa Botho Kapa Selekane—Hofe?”

Le hoja ba qalile ba e-na le keletso e utloahalang ea Mangolo ea hore hoa hlokahala ho tšoana le Kreste, khatiso eo ba bang ho Liithuti tsa Bibele ba neng ba e lebisa tabeng ea “ho hōlisa sebōpeho sa botho,” kamoo ba neng ba bolela ka teng, e ile ea fokolisa litšobotsi tse itseng tsa Bokreste ba ’nete. Ba bang ho tsona ho ile ha bonahala ba na le khopolo ea hore ho ba mosa—ho bonahala ba le mosa ’me ba le molemo ka linako tsohle, ho bua ka bonolo, ho qoba ponahatso leha e le efe ea khalefo, ho bala Mangolo ka mehla—e ne e tla ba tiiso ea ho kena ha bona leholimong. Empa ba ne ba lahlehetsoe ke pono ea hore Kreste o file balateli ba hae mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa.

Bothata bona bo ile ba tšohloa ka tieo sehloohong se reng “Sebōpeho sa Botho Kapa Selekane—Hofe?” tokollong ea May 1, 1926, ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane).a Se ile sa bontša hore boiteko ba ho hlaolela “sebōpeho se phethahetseng sa botho” ha ba ntse ba le nameng ho entse hore ba bang ba tele ka ho nyahama, empa ka nako e tšoanang, bo hlahisitse boikutlo ba “bohalaleli” ka ho ba bang ’me ha bonahala ho etsa hore ba lahleheloe ke bohlokoa ba sehlabelo sa Kreste. Ka mor’a ho hatisa tumelo maling a tšollotsoeng a Kreste, sehlooho sena se ile sa totobatsa bohlokoa ba ‘ho etsa lintho’ tšebeletsong e mafolo-folo ea Molimo bakeng sa ho fana ka bopaki ba hore motho o hahamalla tsela e khahlisang Molimo. (2 Pet. 1:5-10) Nakong eo, ha boholo ba Bokreste-’mōtoana bo ntse bo etsa boikaketsi ba hore bo khomarela litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro, khatiso ena e behoang mosebetsing e ile ea tiisa phapang pakeng tsa Lipaki tsa Jehova le Bokreste-’mōtoana. Phapang ena e ile ea bonahala le ho feta ha bohle ba ipolelang hore ke Bakreste ba lokela ho sebetsana le lintho tse amang boitšoaro tse neng li fetoha tse tloaelehileng.

“Le Tšabe Bohlola”

Tekanyetso ea Bokreste mabapi le boitšoaro ba botona le botšehali ke khale e boletsoe ka ho hlakileng ka Bibeleng. “Ho rata ha Molimo ke hore le halalele, le hore le tšabe bofebe [“bohlola,” BPN] . . . Hobane Molimo ha oa ka oa re biletsa litšileng, empa e le khalalelong. Ka baka leo, ea nyatsang tseo, ha a nyatse motho, empa o nyatsa Molimo.” (1 Ba-Thess. 4:3-8) “Lenyalo a le ke le hlomphehe har’a batho bohle, le liphate li hloke litšila; hobane Molimo o tla ahlola babōki [“lihlola,” BPN] le bafebi.” (Ba-Heb. 13:4) “Ana ha le tsebe hoba bakhopo ha ba ka ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo na? Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila [“lihlola,” BPN], . . . le bafebi, leha e le basodoma, . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Kor. 6:9, 10.

Ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane), hoo e ka bang mathoasong a November 1879 ho ile ha lebisoa tlhokomelo tekanyetsong ena bakeng sa Bakreste ba ’nete. Empa e ne e sa tšohloe khafetsa le ka ho qaqileng joalokaha eka e ne e le bothata bo boholo ho Liithuti tsa Bibele tsa pele. Leha ho le joalo, ha boikutlo ba lefatše e ntse e e-ba bo sekametseng ho etseng bōrata ka ho eketsehileng, ho ile ha lebisoa tlhokomelo e eketsehileng tlhokahalong ena, haholo-holo lilemong tsa nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Sena se ne se hlokahala hobane ba bang har’a Lipaki tsa Jehova ba ne ba amohela khopolo ea hore hafeela ba ntse ba tšoarehile bopaking, ho hlepha ho fokolang boitšoarong ba botona le botšehali e ne e le taba ea botho feela. Ke ’nete hore Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 1, 1935, o ne o boletse ka ho hlaka hore ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ha ho fane ka tšireletso ea ho kopanela boitšoarong bo bobe. Empa hase bohle ba ileng ba nka keletso eo ka ho teba. Kahoo, tokollong ea oona ea May 15, 1941, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa boela oa tšohla taba ena, ’me oa e tšohla ka ho qaqileng, tabeng e nang le sehlooho se reng “Mehla ea Noe.” O ile oa bontša hore ho hlepha ha boitšoaro ba botona le botšehali mehleng ea Noe ke le leng la mabaka ao ka ’ona Molimo a ileng a felisa lefatše la nakong eo, ’me oa bontša hore seo Molimo a ileng a se etsa nakong eo se fane ka mohlala oa seo a tla se etsa mehleng ea rōna. Ka puo e hlakileng o ile oa lemosa hore mohlanka oa Molimo ea bolokileng botšepehi a ke ke a nehela karolo ea letsatsi la hae ho etseng thato ea Morena ebe, ka mor’a lihora tse seng kae, o kopanela ‘mesebetsing ea nama.’ (Ba-Gal. 5:17-21) O ile oa lateloa ke sehlooho se seng tokollong ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 1, 1942 se ileng sa nyatsa boitšoaro bo sa lumellaneng le litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro bakeng sa batho ba masoha le ba leng lenyalong. Ho ne ho se motho ea lokelang ho fihlela qeto ea hore ho kopanela boboleling ba molaetsa oa ’Muso joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova ho fana ka tumello bakeng sa bophelo bo hlephileng. (1 Ba-Kor. 9:27) Ka mor’a nako, ho ne ho tla nkoa mehato e tiileng le ho feta bakeng sa ho sireletsa bohloeki ba boitšoaro ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng.

Ba bang bao ka nako eo ba neng ba bontša takatso ea ho ba Lipaki tsa Jehova ba ne ba eketsehile libakeng tseo ho tsona lenyalo la teko le neng le amoheleha, moo likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba lebeletsaneng li neng li lumelletsoe, kapa moo likamano tsa bonyatsi pakeng tsa batho ba sa nyalanang ka molao li neng li nkoa e le tse tloaelehileng. Banyalani ba seng bakae ba ne ba leka matsapa a ho qoba likamano tsa botona le botšehali. Batho ba bang, le hoja ba sa hlalana, ba ne ba arohana le balekane ba bona. Bakeng sa ho fana ka tataiso e hlokahalang, Molula-Qhooa, lilemong tsa bo-1950, o ile oa tšohla maemo ana kaofela, oa tšohla boikarabelo ba lenyalo, oa hatisa thibelo ea Bibele ea bohlola, ’me oa hlalosa hore na bohlola ke eng, e le hore ho se be le ho se utloisise.b—Lik. 15:19, 20; 1 Ba-Kor. 6:18.

Libakeng tseo ho tsona batho ba qalang ho kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ba neng ba sa nke ka ho teba litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro, ho ile ha lebisoa tlhokomelo e khethehileng ho sena. Ka hona, ka 1945, ha N. H. Knorr, mopresidente oa boraro oa Mokhatlo oa Watch Tower, a le Costa Rica, o ile a fana ka puo e buang ka boitšoaro ba Bokreste ’me ho eona a re: “Kaofela ha lōna ba leng mona mantsiboeeng ana ba lulang le basali empa manyalo a lōna a sa hlophisoa ka molao, kea le eletsa. E-eang Kerekeng e K’hatholike ’me le ingolise joaloka litho tsa eona, hobane ke hona moo le ka etsang lintho tse joalo teng. Empa oona ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, ’me le ke ke la etsa lintho tse joalo mona.”

Ho qala ka bo-1960, ha basodoma ba qala ho bua ka mekhoa ea bona pepenene, likereke tse ngata li ile tsa pheha khang ka taba ena, eaba li ba lumella ho ba litho. Hona joale ebile likereke tse ling li khetha basodoma joaloka baruti. Bakeng sa ho thusa batho ba tšepahalang ba nang le lipelaelo litabeng tsena, lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa boela tsa tšohla litaba tsena. Empa har’a Lipaki, ha ho mohla ho kileng ha ba le lipelaelo mabapi le kamoo bosodoma bo talingoang ka teng. Hobane’ng? Hobane ha li nke litlhokahalo tsa Bibele joalokaha eka ke likhopolo feela tjee tsa banna ba mehleng e itseng. (1 Ba-Thess. 2:13) Ka thabo li khannela basodoma lithuto tsa Bibele e le hore ba ka ithuta litlhokahalo tsa Jehova, ’me batho ba joalo ba ka ba teng libokeng tsa Lipaki ba tlil’o mamela, empa ha ho lea mong ea tsoelang pele ho etsa bosodoma eo e ka bang e mong oa Lipaki tsa Jehova.—1 Ba-Kor. 6:9-11; Juda 7.

Lilemong tsa morao tjena monyaka oa likamano tsa botona le botšehali ho bacha ba seng lenyalong o ile oa fetoha o jeleng setsi lefatšeng. Bacha ka har’a malapa a Lipaki tsa Jehova ba ile ba imeloa ke khatello ena, ’me ba bang ba ile ba qala ho amohela litsela tsa lefatše le ba potolohileng. Mokhatlo o hlophisitsoeng o ile oa sebetsana joang le boemo boo? Ho ile ha hatisoa lihlooho tse lokiselitsoeng ho thusa batsoali le bacha ho talima lintho ba ipapisitse le Mangolo ho Molula-Qhooa le Tsoha! Ho ile ha nehelanoa ka litšoantšiso tsa bophelo ba sebele likopanong bakeng sa ho thusa bohle ho falimehela litholoana tsa ho lahla litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro le melemo ea ho utloa litaelo tsa Molimo. E ’ngoe ea pele ho tsona, e ileng ea shebelloa ka 1969, e ne e e-na le sehlooho se reng “Tsela ea Motho ea Ipusang e Tletse Meutloa le Maraba.” Ho ile ha lokisetsoa libuka tse khethehileng bakeng sa ho thusa bacha ho utloisisa bohlale ba keletso ea Bibele. Libuka tsena li akarelletsa Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona (e hatisitsoeng ka 1976 [ka Senyesemane]) le Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang (e hatisitsoeng ka 1989). Baholo ba sebaka ka seng ba ile ba fana ka keletso ea botho bakeng sa ho thusa batho ka bomong le malapa. Liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova le tsona li ile tsa sireletsoa ka ho lelekoa ha bafosi ba sa bakeng.

Ho hlepha ha boitšoaro lefatšeng ha hoa lebisa ponong ea ho iketsetsa bōrata ka ho eketsehileng har’a Lipaki tsa Jehova. Ho fapana le hoo, Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se ’nile sa lebisa khatiso e eketsehileng tlhokahalong ea ho se qobe feela liketso tsa botona le botšehali tse sa lokang empa le litšusumetso le maemo a ka silafatsang litekanyetso tsa boitšoaro. Lilemong tse fetileng tse mashome a mararo, se ’nile sa fana ka thuto bakeng sa ho matlafatsa batho ka bomong khahlanong le “libe tsa ka sekhukhung” tse kang ho pholla litho tsa botona kapa botšehali le ho ba hlokomelisa kotsi ea libuka le litšoantšo tsa bootsoa, mananeo a tsoelang pele, le ’mino o hlephisang boitšoaro. Ka hona, le hoja boitšoaro ba lefatše e le bo hlephileng, ba Lipaki tsa Jehova e bile bo phahameng.

Bophelo ba Lelapa bo Laoloang ke Litekanyetso tsa Bomolimo

Ho khomarela ka tieo tekanyetso ea Bibele ea boitšoaro ba botona le botšehali ho ruisitse bophelo ba malapa a Lipaki tsa Jehova melemo e meholo. Empa ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova hase tiiso ea hore motho a ke ke a ba le mathata ka lapeng. Leha ho le joalo, Lipaki li kholisehile hore Lentsoe la Molimo le fana ka keletso e molemohali mabapi le ho rarolla mathata a joalo. Li na le litokisetso tse ngata tse entsoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng bakeng sa ho li thusa ho sebelisa keletso eo; ’me ha li e latela, ka sebele liphello e ba tse molemo.

Hoo e ka bang mathoasong a 1904, moqolo oa botšelela oa Studies in the Scriptures o ile oa fana ka tlhaloso e batsi ea boikarabelo ba lenyalo le litlamo tsa botsoali. Ho tloha nakong eo, ho ’nile ha hatisoa lihlooho tse makholo ’me ha fanoa ka lipuo tse ngata liphuthehong tsohle tsa Lipaki tsa Jehova bakeng sa ho thusa setho ka seng sa lelapa ho utloisisa karolo ea sona eo se e fuoeng ke Molimo. Thuto ena ea bophelo bo loketseng ba lelapa hase bakeng sa batho ba sa tsoa nyalana feela empa ke lenaneo le tsoelang pele le amang phutheho eohle.—Ba-Ef. 5:22–6:4; Ba-Kol. 3:18-21.

Na Sethepu Sea Amoheleha?

Le hoja mekhoa e amang lenyalo le bophelo ba lelapa e fapana ho ea ka linaha, Lipaki tsa Jehova lia hlokomela hore litekanyetso tse boletsoeng ka Bibeleng li sebetsa libakeng tsohle. Ha mosebetsi oa tsona o ntse o tsoela pele Afrika lekholong lena la bo20 la lilemo, Lipaki li ile tsa ruta, joalokaha li etsa libakeng tsohle, hore lenyalo la Bokreste le lumella molekane a le mong feela oa lenyalo. (Matt. 19:4, 5; 1 Ba-Kor. 7:2; 1 Tim. 3:2) Leha ho le joalo, ho na le ba bangata ba ileng ba amohela ho pepesa ha Bibele borapeli ba litšoantšo ’me ba amohela ka matsoho a mabeli seo Lipaki tsa Jehova li se rutang ka ’Muso oa Molimo empa ba kolobelitsoe ba sa tlohela sethepu. Bakeng sa ho lokisa boemo bona, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa January 15, 1947, o ile oa hatisa hore Bokreste ha bo lumelle sethepu, ho sa tsotellehe mekhoa ea sebaka ka seng. Lengolo le ileng la romeloa liphuthehong le ile la tsebisa bohle ba ipolelang hore ke Lipaki tsa Jehova empa ba nyetse sethepu hore ba fuoe likhoeli tse tšeletseng hore ba lumellanye litaba tsa bona tsa lenyalo le tekanyetso ea Bibele. Sena se ile sa hatisoa puong e fanoeng ke Moena Knorr ha a etetse Afrika selemong sona seo.

Nigeria, batho ba bangata ba lefatše ba ne ba bolela hore ho felisa sethepu har’a Lipaki tsa Jehova ke ho felisa mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova ka booona. ’Me ke ’nete hore hase bohle ba nyetseng sethepu bao pele e neng e le Lipaki tse kolobelitsoeng ba ileng ba etsa liphetoho tse hlokahalang ka 1947. Ka mohlala, Asuquo Akpabio, molebeli ea tsamaeang, o bolela hore Paki eo a neng a lula le eona Ifiayong e ile ea mo tsosa har’a mpa ea bosiu ’me ea kōpa hore a fetole tsebiso e entsoeng mabapi le tlhokahalo ea lenyalo la molekane a le mong. Kaha o ile a hana ho etsa joalo, motho ea mo amohetseng o ile a mo qobella hore a tsamaee har’a pula ea litloebelele bosiung boo.

Empa lerato ho Jehova le file ba bang matla a hlokahalang a ho utloa litaelo tsa hae. Ba seng bakae ho bona ke bana. Zaire, monna e mong eo e neng e le Mok’hatholike a bile a nyetse sethepu o ile a tlohela basali ba hae ba babeli e le hore e ka ba e mong oa Lipaki tsa Jehova, le hoja ho leleka mosali eo a neng a mo rata ka ho fetisisa hobane e se ‘mosali oa bocha ba hae’ e bile teko e khōlō tumelong ea hae. (Liprov. 5:18) Dahomey (eo hona joale e leng Benin) e mong eo pele e neng e le setho sa kereke ea Methodist ea neng a ntse a e-na le basali ba bahlano o ile a hlōla litšitiso tse boima haholo tsa molao e le hore a ka fumana tlhalo e hlokahalang e le hore a ka tšoaneleha bakeng sa kolobetso. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho hlokomela basali ba hae ba pele le bana, joaloka ba bang ba ileng ba leleka basali ba bona ba meqekoa. Warigbani Whittington, oa Nigeria, e ne e le mosali oa bobeli ho basali ba babeli ba monna oa hae. Ha a etsa qeto ea hore ho khahlisa Jehova, Molimo oa ’nete, ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho eena, o ile a tobana le bohale ba monna oa hae le ba lelapa la habo. Monna oa hae o ile a mo lumella ho tsamaea, hammoho le bana ba hae ba babeli, empa a se ke a mo thusa ka lichelete—esita le chelete ea lipalangoang feela. Leha ho le joalo, o itse: ‘Melemo leha e le efe ea lintho tse bonahalang eo ke e siileng morao e ke ke ea bapisoa le ho khahlisa Jehova.’

Ho Thoe’ng ka Tlhalo?

Linaheng tse ka Bophirimela sethepu ha sea ata hakaalo, empa maikutlo a mang a khahlanong le Mangolo a tloaelehile. Boikutlo bo bong bo joalo ke khopolo ea hore ho molemo ho fumana tlhalo ho e-na le ho ba le lenyalo le sa thabiseng. Lilemong tsa morao tjena ba bang ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba qala ho etsisa moea oona, ba kōpa tlhalo motheong oa mabaka a kang “ho se tšoanelane.” Lipaki li ’nile tsa sebetsana joang le boemo boo? Nako le nako mokhatlo o hlophisitsoeng o etsa phutuho e matla ea thuto mabapi le pono ea Jehova ka tlhalo bakeng sa ho thusa Lipaki tsa nako e telele hammoho le ba bang ba makholo a likete ba ntseng ba eketsoa lenaneng la tsona selemo le selemo.

Molula-Qhooa o ’nile oa lebisa tlhokomelo tataisong efe ea Bibele? Har’a tse ling, o ’nile oa lebisa tlhokomelo tataisong e latelang: Tlalehong ea Bibele ea lenyalo la batho la pele, ho hatisoa bonngoe ba monna le mosali; e re: ‘Monna o tlameha ho khomarela mosali oa hae, ’me ba tlameha ho fetoha nama e le ’ngoe.’ (Gen. 2:24, NW) Hamorao, Iseraele, Molao o ile oa thibela bofebe ’me oa ntša kotlo ea lefu bakeng sa bafe kapa bafe ba kopanelang ho bona. (Deut. 22:22-24) Tlhalo motheong oa mabaka a mang ntle ho bofebe e ne e lumelletsoe, empa joalokaha Jesu a hlalositse e ne e lumelletsoe feela ‘ka baka la bothata ba lipelo tsa bona.’ (Matt. 19:7, 8) Jehova o ne a talima mokhoa oa ho hlala molekane oa lenyalo joang e le hore motho a ka nyalana le e mong? Malakia 2:16 (NW) e re: “O hloile tlhalo.” Leha ho le joalo, o ile a lumella hore ba hlalaneng ba lule phuthehong ea Iseraele. Phuthehong eo, haeba ba amohela khalemelo ea Jehova ho batho ba hae, mohlomong ka mor’a nako lipelo tsa bona tse thata joaloka lejoe li ne li tla nkeloa sebaka ke tse bonolo, tse ka bontšang lerato la ’nete litseleng tsa hae.—Bapisa le Ezekiele 11:19, 20.

Nako le nako Molula-Qhooa o ’nile oa bolela hore ha Jesu a ne a tšohla taba ea tlhalo joalokaha e ne e le teng Iseraele ea boholo-holo, o ile a bontša hore ho lokela ho ba le tekanyetso e phahameng har’a balateli ba hae. O ile a re haeba motho ofe kapa ofe a hlala mosali oa hae haese motheong oa bohlola (por·neiʹa, “likamano tsa botona le botšehali tse sa lokang”) ’me a nyala e mong, o ne a tla be a etsa bofebe; ’me esita le haeba a sa nyale hape, o ne a tla be a etsa mosali oa hae mofebi. (Matt. 5:32; 19:9) Ka hona, Molula-Qhooa o bontšitse hore ho Bakreste tlhalo ea mofuta ofe kapa ofe ke taba e tebileng ho feta kamoo e neng e le ka teng Iseraeleng. Le hoja Mangolo a sa laele hore bohle ba hlalanang ba lelekoe ka har’a phutheho, ba bang bao le bona ba etsang bofebe ’me ba sa bake baa khaoloa ka liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova.—1 Ba-Kor. 6:9, 10.

Ho etsahetse liphetoho tse khōlō lilemong tsa morao tjena boikutlong ba lefatše ka lenyalo le bophelo ba lelapa. Ho sa tsotellehe sena, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tsoela pele ho khomarela litekanyetso tse fanoeng ke Molimo, e leng Moqapi oa lenyalo, joalokaha li boletsoe ka Bibeleng. Ha li sebelisa tataiso eo, li ’nile tsa leka matsapa a ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang ho sebetsana le maemo a boima ao ba bangata ba iphumanang ba le ho ’ona.

Ka baka leo, batho ba bangata ba amohetseng thupelo ea Bibele e tsoang ho Lipaki tsa Jehova ba ’nile ba etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba bona. Banna bao nakong e fetileng ba neng ba shapa basali ba bona, banna ba neng ba sa jare boikarabelo ba bona, banna ba neng ba fana ka tlhokomelo ea lintho tse bonahalang empa ba sa fane ka ea maikutlo le ea moea—banna ba joalo ba likete ba fetohile banna le bo-ntate ba lerato ba hlokomelang malapa a bona hantle. Basali ba neng ba ipusa ka mabifi, basali ba neng ba hlokomolohile bana ba bona ’me ba sa itlhokomele le ho hlokomela mahae a bona—basali ba bangata ba joalo ba fetohile basali ba hlomphang bohlooho le ba hahamallang tsela e etsang hore ba ratoe haholo ke banna le bana ba bona. Bacha ba sa laoleheng ba neng ba sa utloe batsoali ba bona le bao e neng e le bafetoheli sechabeng ka kakaretso, bacha ba neng ba silafatsa bophelo ba bona ka lintho tseo ba li etsang ebe ba tlisetsa batsoali ba bona masisa-pelo—ba bangata ho bona ba fetohile ba nang le morero oa bomolimo bophelong, ’me sena se ba thusitse ho fetola botho ba bona.

Ha e le hantle, ntho ea bohlokoa katlehong ea lelapa ke botšepehi e mong ho e mong. Botšepehi e boetse ke ba bohlokoa litšebelisanong tse ling.

Tlhokahalo ea Botšepehi e Pharalletse Hakae?

Lipaki tsa Jehova lia hlokomela hore ho hlokahala botšepehi linthong tsohle tseo li li etsang. E le motheo bakeng sa pono ea tsona, li supa mangolo a kang ana a latelang: Jehova ke “Molimo oa ’nete!” (Pes. 31:5) Ka lehlakoreng le leng, joalokaha Jesu a boletse, Diabolose ke “ntate oa ea leshano.” (Joh. 8:44) Ka hona, ka ho utloahalang, har’a lintho tse ling tseo Jehova a li hloileng ke “leleme le tletseng thetso.” (Liprov. 6:16, 17, BPN) Lentsoe la hae lea re bolella: “Le ke le tele leshano, ’me e mong le e mong a bolele ’nete.” (Ba-Ef. 4:25) ’Me hase feela hore Bakreste ba tlameha ho bua ’nete, empa joaloka moapostola Pauluse, ho hlokahala hore ba ‘itšoare ka botšepehi linthong tsohle.’ (Ba-Heb. 13:18, NW) Ha ho na likarolo tsa bophelo tseo ho tsona Lipaki tsa Jehova li loketseng ho sebelisa litekanyetso tse ling.

Ha Jesu a etetse lapeng la ’mokelli oa lekhetho Zakea, monna eo o ile a lumela hore mekhoa ea hae ea khoebo e ne e fosahetse, ’me o ile a nka mehato ea ho lokisa liketso tsa hae tsa bomene-mene tsa nako e fetileng. (Luka 19:8) Lilemong tsa morao tjena, e le hore ba ka ba le letsoalo le hloekileng pel’a Molimo, batho ba bang ba qalileng ho kopanela le Lipaki tsa Jehova ba nkile khato e tšoanang. Ka mohlala, Spain, lesholu le leng le tsebahalang le ile la qalisa ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Kapele-pele letsoalo la lona le ile la qala ho le khathatsa; eaba le khutlisa thepa eo le neng le e utsoitse ho mohiri oa lona oa pele le ho baahisani ba lona, eaba le isa thepa e ’ngoe sepoleseng. Ho ile ha hlokahala hore le lefisoe ’me le sebetse nako e khutšoanyane teronkong, empa hona joale le na le letsoalo le hloekileng. Engelane, ka mor’a likhoeli tse peli feela tsa ho ithuta Bibele le e mong oa Lipaki tsa Jehova, e mong eo pele e neng e le semokolara sa litaemane o ile a ikisa mapoleseng, ’me a ne a maketse; e ne e le likhoeli tse tšeletseng a ’matla. Lilemo tse peli le halofo tseo a li qetileng teronkong, o ile a ithuta Bibele ka mafolo-folo ’me a ithuta ho arolelana linnete tsa Bibele le ba bang. Ka mor’a hore a lokolloe o ile a itlhahisa hore a kolobetsoe joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova.—Ba-Ef. 4:28.

Botumo ba Lipaki tsa Jehova ka botšepehi bo tsejoa haholo. Bahiri ba ithutile hore hase feela hore Lipaki li ke ke tsa ba utsoetsa empa li ke ke tsa bua leshano kapa tsa etsa matšoephelele ha li laeloa ke bahiri ba tsona—che, esita leha li tšosoa ka hore li tla lahleheloa ke mosebetsi. Ho Lipaki tsa Jehova kamano e ntle le Molimo ke ea bohlokoa ka ho fetisisa ho feta ho amoheloa ke batho. ’Me lia hlokomela hore, ho sa tsotellehe moo li leng teng kapa seo li se etsang, “tsohle li hlobotse, li senohile mahlong a eo re nang le litaba le eena.”—Ba-Heb. 4:13; Liprov. 15:3.

Italy, koranta ea La Stampa e itse ka Lipaki tsa Jehova: “Li sebelisa seo li se bolelang . . . Litekanyetso tsa boitšoaro tsa lerato bakeng sa moahisani, ho hana bophahamo, ho hloka pefo le botšepehi ba botho (tseo ho Bakreste ba bangata e leng ‘melao ea Sontaha’ e molemo feela ha e rutoa sefaleng) li kenella tseleng ea bophelo ea ‘letsatsi le letsatsi.’” ’Me United States, Louis Cassels, mo-hlophisi oa litaba tsa bolumeli bakeng sa United Press International, Washington, D.C., o ngotse: “Lipaki li khomarela litumelo tsa tsona ka botšepehi bo boholo, esita le haeba ho etsa joalo ho tlisa tahlehelo e khōlō.”

Lebaka Leo ka Lona Papali ea Chelete e Seng Bothata Har’a Tsona

Mehleng e fetileng, ka tloaelo botšepehi bo ne bo amahanngoa le boikemisetso ba ho sebetsa ka thata. Papali ea chelete, e leng, ho becha ka chelete e itseng ho itšetlehiloe ka liphello tsa papali kapa ketsahalo e itseng, ho ne ho khelloa fatše ke sechaba ka kakaretso. Empa ha moea oa boithati le oa ho rua kapele o jaleha ka ho pharalletseng lekholong la bo20 la lilemo, papali ea chelete—e lumelletsoeng ka molao le e sa lumelloang ka molao—e ile ea ata. Ha e tšehetsoe feela ke lichaba tse fokolang moruong empa hangata e tšehetsoa ke likereke le mebuso ea lefatše e le hore ho ka eketsoa chelete. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa sebetsana joang le ho fetoha ha maikutlo a batho? Motheong oa melao-motheo ea Bibele.

Joalokaha ho ’nile ha boleloa ho lingoliloeng tsa tsona, ha ho na taelo e tobileng ka Bibeleng e reng, Le se ke la bapala papali ea chelete. Empa litholoana tsa papali ea chelete li mpe ka linako tsohle, ’me litholoana tsena tse silafetseng li ’nile tsa pepesoa ho Molula-Qhooa le Tsoha! hoo e ka bang ka lilemo tse mashome a mahlano. Ho phaella moo, limakasine tsena li ’nile tsa bontša hore ho bapala papali ea chelete ea mofuta leha e le ofe ho akarelletsa maikutlo ao Bibele e lemosang khahlanong le ’ona. Ka mohlala, lerato la chelete: “Lerato la chelete ke motso oa lintho tsa mefuta eohle tse hlahisang kotsi.” (1 Tim. 6:10, NW) Le boithati: “Ebile ka boithati u se ke ua lakatsa . . . eng kapa eng eo e leng ea oa heno.” (Deut. 5:21, NW; bapisa le 1 Ba-Korinthe 10:24.) Hape le meharo: “Khaotsang ho itsoakanya le motho ofe kapa ofe eo ho thoeng ke moena eo e leng . . . motho ea meharo.” (1 Ba-Kor. 5:11, NW) Ho phaella moo, Bibele e lemosa khahlanong le ho leka “Lehlohonolo” joalokaha eka ke matla a itseng a tlhaho a ka fanang ka mahlohonolo. (Esa. 65:11, NW) Kaha Lipaki tsa Jehova li nka litemoso tsena tsa Mangolo ka ho teba, ka tieo li qoba papali ea chelete. ’Me ho tloha ka 1976 li ’nile tsa etsa boiteko bo khethehileng ba ho qoba hore har’a tsona ho be le bafe kapa bafe bao mosebetsi oa bona oa boipheliso o ka ba khethollang ka ho hlaka e le karolo ea khoebo e sebelisang papali ea chelete.

Papali ea chelete ha ea ba bothata bo boholo hakaalo har’a Lipaki tsa Jehova. Lia tseba hore ho e-na le ho tšehetsa moea oa hore e ahela ka litšiba tsa e ’ngoe, Bibele e li khothalletsa ho itšebeletsa ka matsoho, ho hlokomela se behiloeng tlhokomelong ea tsona ka botšepehi, ho fana ka seatla se bulehileng, ho arolelana lintho le ba hlokang. (Ba-Ef. 4:28; Luka 16:10; Ba-Roma 12:13; 1 Tim. 6:18) Na ba bang bao li sebelisanang le bona ba hlokomela see? E, haholo-holo bao li sebelisanang le bona litabeng tsa khoebo. Ke ho tloaelehileng hore bahiri ba lefatše ba batle ho sebeletsoa ke Lipaki tsa Jehova e le bahiruoa hobane ba tseba ho tataisoa ha tsona ke letsoalo le botšepehi ba tsona. Baa hlokomela hore ke bolumeli ba Lipaki bo etsang hore li be seo li leng sona.

Ho Thoe’ng ka Tšebeliso e Mpe ea Koae le Lithethefatsi?

Bibele ha e bue ka koae, kapa hona ho bua ka lithethefatsi tse ling tse ngata tse sebelisoang hampe mehleng ea rōna. Empa e fana ka tataiso e ’nileng ea thusa Lipaki tsa Jehova ho khetha hore na ke tsela ea mofuta ofe ea boitšoaro e tlang ho khahlisa Molimo. Ka hona, hoo e ka bang morao koana ka 1895, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) ha o bua ka tšebeliso ea koae, o ile oa lebisa tlhokomelo ho 2 Ba-Korinthe 7:1, e reng: “Joale, baratuoa, ha re e-na le lipallo tseo, a re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re ntse re phetha khalalelo ea rōna ka ho tšaba Molimo.”

Ka lilemo tse ngata ho ’nile ha bonahala keletso eo e lekane. Empa ha lik’hamphani tsa koae li ntse li sebelisa mecha ea phatlalatso bakeng sa ho bolelisa ho tsuba, le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi “tse sa lumelloang ke molao” e ntse e e-ja setsi, ho ile ha hlokahala keletso e eketsehileng. Ho ile ha totobatsoa melao-motheo e meng ea Bibele: ho bontša tlhompho ho Jehova, Mofani oa bophelo (Lik. 17:24, 25); lerato bakeng sa moahisani (Jak. 2:8), le hore motho ea sa rateng oa habo ha a hlile ha a rate Molimo (1 Joh. 4:20); hape le ho utloa babusi ba lefatše (Tite 3:1). Ho ile ha hlalosoa hore lentsoe la Segerike phar·ma·kiʹa, leo haholo-holo le bolelang “ho thethefatsa,” le ne le sebelisoa ke bangoli ba Bibele ha ba bua ka “ho sebelisana le meea” ka baka la tšebeliso ea lithethefatsi mekhoeng ea ho sebelisana le meea.—Ba-Gal. 5:20.

Morao koo ka 1946, hangata makasine oa Consolation o ne o pepesa bomene-mene ba liphatlalatso tsa lisakarete tse bontšang batho ba lefshoang hore ba buelle melemo ea ho tsuba. Ha bopaki ba saense bo ntse bo fumaneha, mohlahlami oa Consolation, Tsoha!, le eona e ile ea phatlalatsa bopaki ba hore ho sebelisa koae ho baka kankere, lefu la pelo, tšenyo ho lesea le e-s’o tsoaloe, le kotsi ho batho ba sa tsubeng ba qobelloang ho hema moea o tletseng mosi, hammoho le bopaki ba hore bokoali boa lemalleha. Ho ’nile ha lebisoa tlhokomelo matleng a matekoane a ho thethefatsa le bopaki ba hore qetellong ho a sebelisa ho ka senya boko. Ka ho tšoanang likotsi tse tebileng tsa lithethefatsi tse ling tse ka lemalloang li ’nile tsa tšohloa nako le nako molemong oa babali ba lingoliloeng tsa Watch Tower.

Nako e telele pele mekhatlo ea ’muso e lumellana ka tekanyo eo e lokelang ho lemosa batho ka kotsi ea ho sebelisa koae, Molula-Qhooa (oa Senyesemane), tokollong ea oona ea March 1, 1935, o ile oa hlakisa hore ha ho le a mong ea tsubang koae eo e neng e ka ba setho sa basebeletsi ba ntlo-khōlō ea Watch Tower Bible and Tract Society kapa ho ba e mong oa baemeli ba eona ba khethiloeng. Ka mor’a hore bahlanka bohle ka liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova ba khethoe ke Mokhatlo (e leng tokisetso e qalileng ka 1938), Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 1, 1942, o ile oa bolela hore thibelo ea koae e boetse e sebetsa ho bahlanka bana bohle ba khethiloeng. Libakeng tse ling ho ile ha feta lilemo tse ngata pele sena se sebelisoa ka botlalo. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova tse ngata li ile tsa arabela hamolemo keletsong ea Mangolo le mohlaleng o motle oa ba etelletseng pele har’a tsona.

E le mohato o mong o habileng pele tumellanong le tšebeliso ea keletso eo ea Bibele, ho tloha ka 1973 ho ea pele ha ho le a mong ea ileng a lumelloa ho kolobetsoa ho ba ntseng ba tsuba. Likhoeling tse latelang, ba neng ba tšoarehile haholo tlhahisong ea koae kapa ba neng ba tšehetsa thekiso ea eona ba ile ba thusoa ho hlokomela hore ba ke ke ba tsoela pele ho etsa joalo ebe ba ntse ba amoheleha joaloka Lipaki tsa Jehova. Keletso ea Lentsoe la Molimo e tlameha ho sebelisoa ka ho tšoanang litšobotsing tsohle tsa bophelo. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele mabapi le tšebeliso ea koae, matekoane, le seo ho thoeng ke lithethefatsi tse thata ho sirelelitse Lipaki. Li sebelisa Mangolo, li ’nile tsa khona ho thusa batho ba likete bao bophelo ba bona bo neng bo sentsoe ke tšebeliso e mpe ea lithethefatsi.

Na Lino tse Tahang li Fapane?

Lingoliloeng tsa Watch Tower ha lia amohela khopolo ea hore tšebeliso ea lino tse tahang e tšoana le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Hobane’ng? Lia hlalosa: ’Mōpi ke eena ea tsebang kamoo a re entseng ka teng, ’me Lentsoe la hae le lumella tšebeliso e itekanetseng ea lino tse tahang. (Pes. 104:15; 1 Tim. 5:23) Empa Bibele e boetse e lemosa khahlanong le ‘ho noa ho tlōlisa,’ ’me e nyatsa botahoa ka matla.—Liprov. 23:20, 21, 29, 30; 1 Ba-Kor. 6:9, 10; Ba-Ef. 5:18.

Kaha ho noa lino tse tahang ka ho tlōlisang ho ne ho senya bophelo ba batho ba bangata, Charles Taze Russell o ne a ikutloa hore li tlameha ho tlohelloa ka ho felletseng. Leha ho le joalo, o ne a lumela hore Jesu o ile a sebelisa veine. Lekholong la bo19 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, ho ile ha ba le morusu sechabeng mabapi le ho thibeloa ha joala ka molao United States. Molula-Qhooa o ile oa tšehetsa ba neng ba leka ho loantša kotsi e bakoang ke joala, empa ha oa ka oa kopanela letšolong la bona la ho buella hore ho fetisoe melao e bo thibelang. Leha ho le joalo, makasine oo o ile oa bontša ka ho hlaka kotsi e tlisoang ke ho noa ho tlōlisa ’me hangata o ne o bolela hore ho ka ba molemo ho qoba veine le joala ka ho felletseng. Ba ikutloang hore ba ka sebelisa joala ka ho itekanetseng ba ile ba khothalletsoa ho nahana ka Ba-Roma 14:21, e reng: “Ho hotle hore ho se ke ha jeoa nama, ho se ke ha nooa veine, ho se ke ha etsoa letho, leha le le leng, le ka khopisang ngoan’eno.”

Leha ho le joalo, ka 1930, ha motsamaisi oa Selekane sa Toantšo ea Libaka tse Rekisang Lino tse Tahang United States a ea bohōleng ba ho bolela phatlalatsa hore mokhatlo oa hae “o tsoetsoe ke Molimo,” J. F. Rutherford, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, o ile a sebelisa monyetla oo bakeng sa ho fana ka lipuo seea-le-moeeng tse bontšang hore lipolelo tse joalo ke ho etselletsa Molimo. Hobane’ng? Hobane Lentsoe la Molimo ha le thibele tšebeliso ea veine ka ho felletseng; hobane lithibelo tsa molao ha li felise botahoa, boo Molimo a bo nyatsang; le hobane, ho e-na le hoo, lithibelo tsa molao li bakile hore ho etsoe tlhahiso ea bomene-mene ea joala le tšilafalo ’musong.

Ho sebelisa lino tse tahang kapa ho li tela ho talingoa e le taba ea motho ka mong har’a Lipaki tsa Jehova. Empa li khomarela tlhokahalo ea Mangolo ea hore balebeli e tlameha ho ba ba “nang le mekhoa e itekanetseng.” Poleloana eo e fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike ne·phaʹli·on, leo ha e le hantle le bolelang, ‘ho hlaphoheloa, ho ela; ho tela veine, ebang ke ho e tela ka ho felletseng kapa ho tela tšebeliso ea eona e fetelletseng.’ Bahlanka ba sebeletsang le bona e tlameha ho ba banna ba ‘sa inehelleng veine e ngata.’ (1 Tim. 3:2, 3, 8, NW) Kahoo, batho ba noang ho tlōlisa ha ba tšoanelehe bakeng sa litokelo tse khethehileng tsa tšebeletso. Kaha ba etelletseng pele har’a Lipaki tsa Jehova ba beha mohlala o motle sena se etsa hore ba bue ka bolokolohi ha ba thusa ba bang bao mohlomong ba nang le tšekamelo ea ho lemalla lino tse tahang bakeng sa ho sebetsana le khatello kapa bao, ha e le hantle, ho hlokahalang hore ba li tele ka ho felletseng e le hore ba ka lula ba hlaphohetsoe. Liphello ke life?

Ka mohlala, tlaleho ea litaba e tsoang karolong e ka boroa ho Afrika bohareng e re: “Litlalehong tsohle, libaka tseo ho tsona Lipaki tsa Jehova li leng matla haholo har’a Maafrika hona joale li batla li hloka likhathatso. Ka sebele li ’nile tsa loantša ba fehlang merusu, boloi, botahoa le pefo ea mefuta eohle.”—The Northern News (Zambia).

Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova bo fapaneng ka eona le ba lefatše ke tabeng ea—

Tlhompho Bakeng sa Bophelo

Tlhompho e joalo e tebileng e hlahisoa ke ho hlokomela hore bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo. (Pes. 36:9; Lik. 17:24, 25) E akarelletsa ho hlokomela hore esita le bophelo ba bana ba e-song ho tsoaloe ke ba bohlokoa mahlong a Molimo. (Ex. 21:22-25; Pes. 139:1, 16) E hlokomela hore “motho ka mong ho rōna o tla ikarabela ho Molimo bakeng sa tsa hae.”—Ba-Roma 14:12.

Tumellanong le melao-motheo ena ea Bibele, ka ho loketseng Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa qoba ho ntša limpa. Bakeng sa ho fana ka tataiso e loketseng ho babali ba oona, makasine oa Tsoha! o ’nile oa li thusa ho utloisisa hore bohloeki ke tlhokahalo ea bomolimo; o ’nile oa hlalosa ka ho qaqileng limakatso tsa tšebetso ea ho ikatisa hammoho le lintho tse amehang nakong ea tsoalo tse amang kelello le bophelo. Nakong ea ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ha ho ntša limpa ho ntse ho e-ja setsi, Molula-Qhooa o ile oa bontša ka ho hlaka hore mokhoa ona o khahlanong le Lentsoe la Molimo. E sa hlathe koana le koana, tokollo (ea Senyesemane) ea December 15, 1969, e itse: “Ho ntša mpa feela lebitsong la ho bolaea ngoana ea sa batloeng ho tšoana le ho felisa bophelo ba motho ka boomo.”

Lebaka Leo Litšelo tsa Mali li Hanoang ka Lona

Tlhompho e bontšoang ke Lipaki tsa Jehova bakeng sa bophelo e boetse e amme boikutlo ba tsona ka litšelo tsa mali. Ha litšelo tsa mali li fetoha tseko e tobaneng le tsona, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 1, 1945, o ile oa hlalosa ka ho qaqileng pono ea Bokreste mabapi le khalalelo ea mali.c O ile oa bontša hore mali a liphoofolo le a batho a ne a akarelletsoa thibelong ea bomolimo e ileng ea fetoha tlamo ho Noe le litloholo tsa hae tsohle. (Gen. 9:3-6) O ile oa hlalosa hore tlhokahalo ena e ile ea hatisoa hape lekholong la pele la lilemo taelong e reng Bakreste ‘ba tele mali.’ (Lik. 15:28, 29) Sehlooho sona seo se ile sa hlakisa ho tsoa ka Mangolong hore Molimo o ne o amohela tšebeliso ea mali ha ho etsoa sehlabelo feela, le hore kaha mahlabelo a liphoofolo a neng a nyeheloa tlas’a Molao oa Moshe a ne a tšoantšetsa sehlabelo sa Kreste, ho se natse tlhokahalo ea hore Bakreste ba ‘tele mali’ e ne e tla ba bopaki ba nyefolo e tebileng sehlabelong sa Jesu Kreste sa thekollo. (Lev. 17:11, 12; Ba-Heb. 9:11-14, 22) Tumellanong le kutloisiso eo ea litaba, ho qala ka 1961 bafe kapa bafe ba neng ba hlokomoloha tlhokahalo eo ea bomolimo, ba amohela litšelo tsa mali, ’me ba bontša boikutlo ba ho se bake ba ne ba khaoloa ka har’a liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova.

Qalong, lingoliloeng tsa Watch Tower li ne li sa bue ka likotsi tsa ’mele tse bakoang ke litšelo tsa mali. Hamorao, ha boitsebiso bo joalo bo fumaneha, le bona bo ile ba hatisoa—eseng e le lebaka leo ka lona Lipaki tsa Jehova li hanang litšelo tsa mali empa e le hore li ka matlafatsa kutloisiso ea tsona ea thibelo eo Molimo o e behileng tšebelisong ea mali. (Esa. 48:17) Ho finyella seo, ka 1961 ho ile ha hatisoa bukana e nang le bopaki bo hlokolosi ea Blood, Medicine and the Law of God. Ka 1977 ho ile ha hatisoa bukana e ’ngoe. Bukana ena, e nang le sehlooho se reng Jehovah’s Witnesses and the Question of Blood, le eona e ile ea hatisa hore boemo bo nkoang ke Lipaki tsa Jehova ke ba bolumeli, bo thehiloe ho seo Bibele e se buang, ’me ha boa itšetleha likotsing tse ka hlahang bophelong. Taba ena e ile ea boela ea ntlafatsoa ka 1990 bukaneng e lekanang le makasine ea Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang? Li sebelisa lingoliloeng tsena, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa etsa boiteko bo matla ba ho fumana tšebelisano-’moho ea lingaka le ho li thusa ho utloisisa boemo ba Lipaki. Leha ho le joalo, ka lilemo tse ngata basebeletsi ba bongaka ba ’nile ba bontša tlhompho e khōlō bakeng sa litšelo tsa mali.

Le hoja Lipaki tsa Jehova li bolelletse lingaka hore ha li na khanyetso ea bolumeli khahlanong le phekolo e fapaneng, ho hana litšelo tsa mali ho ne ho se bonolo. Hangata, Lipaki le malapa a tsona li ne li hatelloa ka matla hore li amohele seo ka nako eo e neng e le mokhoa o tloaelehileng oa bongaka. Puerto Rico, ka November 1976, Ana Paz de Rosario ea lilemo li 45 o ile a lumela ho buuoa ’me a hloka tlhokomelo ea ngaka empa a kōpa hore ka baka la litumelo tsa hae tsa bolumeli ho se ke ha sebelisoa mali. Leha ho le joalo, a fuoe taelo ke lekhotla, mapolesa a mahlano le baoki ba bararo ba ile ba ea kamoreng eo a robalitsoeng ho eona sepetlele ka mor’a bosiu bo boholo, ba mo kobetella betheng, ’me ba mo qobella tšelo ea mali, khahlanong le thato ea hae le monna oa hae le bana ba hae. O ile a ba le shock eaba oa shoa. Taba ena hase mokhelo, ’me litlhekefetso tse joalo ha lia etsahala Puerto Rico feela.

Denmark, batsoali ba Lipaki ba ile ba lelekisoa ke sepolesa ka 1975 hobane ba hanne ho lumela hore mora oa bona a qobelloe tšelo ea mali, ho e-na le hoo, ba batla phekolo e ’ngoe e fapaneng. Italy, ka 1982, banyalani ba bang bao ka lerato ba neng ba batlile thuso ea bongaka linaheng tse ’nè bakeng sa morali oa bona ea neng a tšoeroe ke lefu le sa phekoleheng ba ile ba ahloleloa lilemo tse 14 teronkong ka qoso ea polao ka mor’a hore ngoanana eo a shoe ha a ntse a fuoa tšelo ea mali e laetsoeng ke lekhotla.

Nako le nako, boitekong ba ho qobella litšelo tsa mali ho bana ba Lipaki tsa Jehova, mecha ea phatlalatso e tsositse bora bo boholo. Maemong a mang, ka ntle le ho mamela nyeoe e le hore batsoali ba ka ipuella, baahloli ba ’nile ba laela hore bana ba tsona ba tšeloe mali. Leha ho le joalo, maemong a fetang 40 Canada, bana ba tšetsoeng mali ba ile ba khutlisetsoa ho batsoali ba bona ba se ba shoele.

Hase lingaka le baahloli bohle ba lumellanang le mekhoa ena e hatellang. Ba seng bakae ba ile ba qalisa ho khothalletsa boikutlo bo molemo haholoanyane. Lingaka tse ling li ile tsa sebelisa tsebo ea tsona bakeng sa ho fana ka phekolo li sa sebelise mali. Phekolong ena, li ile tsa fumana phihlelo e khōlō mefuteng eohle ea ho buoa li sa sebelise mali. Hanyane ka hanyane ho ile ha bontšoa hore mefuta eohle ea ho buoa e ka etsoa ka katleho, ho batho ba baholo le masea, ntle ho litšelo tsa mali.d

E le ho thibela khohlano e sa hlokahaleng maemong a tšohanyetso, mathoasong a bo-1960 Lipaki tsa Jehova li ile tsa qalisa ho etsa maeto a khethehileng ho lingaka tsa tsona bakeng sa ho buisana ka boemo ba tsona le ho li siela lingoliloeng tse loketseng. Hamorao li ile tsa kōpa hore lifaeleng tsa tsona tsa botho tsa phekolo ea meriana ho kenngoe setatamente se ngotsoeng se bolelang hore ho hang li se ke tsa fuoa litšelo tsa mali. Ka bo-1970, li ile tsa itloaetsa ho nka karete e lemosang basebeletsi ba bongaka hore li se ke tsa fuoa litšelo tsa mali tlas’a maemo afe kapa afe. Ka mor’a ho iteanya le lingaka le babuelli ba bangata ba molao, sebōpeho sa karete ena se ile sa fetoloa e le hore e ka bonahala joaloka tokomane ea molao.

Bakeng sa ho tšehetsa Lipaki tsa Jehova boikemisetsong bona ba hore li se fuoe litšelo tsa mali, bakeng sa ho felisa ho hloka kutloisiso ha lingaka le lipetlele, le bakeng sa ho haha moea oa tšebelisano-’moho e eketsehileng pakeng tsa mekhatlo ea lingaka le bakuli ba Lipaki, ho ’nile ha thehoa Likomiti tsa Bohokahanyi le Lipetlele tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Ho tloha likomiting tse fokolang feela ka 1979, lenane la tsona le eketsehile ho fihla ho tse fetang 800 linaheng tse fetang 70. Ho koetlisitsoe baholo ba khethiloeng ’me ba fana ka tšebeletso e joalo Amerika Leboea, Bochabela bo Hōle, linaha tse khōlō tsa Pacific Boroa, Europe, le Latin America. Ho phaella ho hlaloseng boemo ba Lipaki tsa Jehova, baholo bana ba hlokomelisa basebeletsi ba sepetlele hore ho na le mekhoa e meng e sebetsang e ka sebelisoang ho e-na le litšelo tsa mali. Maemong a tšohanyetso ba thusa bakeng sa ho iteanya le lingaka tse hlokomelang mokuli pele a fetela sepetlele le lingaka tse buoang tse ’nileng tsa hlokomela Lipaki maemong a tšoanang li sa sebelise mali. Ha ho hlokahala, likomiti tsena ha lia etela basebeletsi ba sepetlele feela empa li ’nile tsa etela le baahloli ba amehileng litabeng tseo ho tsona lipetlele li batlileng taelo ea lekhotla bakeng sa litšelo tsa mali.

Ha Lipaki tsa Jehova li sa tiisetsoe hore tumelo ea tsona ea bolumeli mabapi le khalalelo ea mali e tla hlomphuoa ka mokhoa o mong, ka linako tse ling li ’nile tsa isa lingaka le lipetlele khotla. Hangata li batlile feela taelo ea thibelo kapa taelo ea lekhotla. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao-rao li ’nile tsa hlahlela qoso khahlanong le lingaka le lipetlele tse nkileng khato e hatellang. Ka 1990 Lekhotla la Maipiletso la Ontario, Canada, le ile la tšehetsa nyeoe e joalo hobane ngaka e ne e hlokomolohile karete e ka mokotlaneng oa mokuli e bolelang ka ho hlaka hore Paki eo e ke ke ea amohela litšelo tsa mali tlas’a maemo afe kapa afe. United States, ho tloha ka 1985, bonyane ho ’nile ha hlahleloa liqoso tse joalo likarolong tse sa tšoaneng tsa naha, ’me hangata baqosuoa ba ’nile ba etsa qeto ea ho lokisa litaba ka ntle ho lekhotla bakeng sa sekepele se behiloeng ho e-na le ho tobana le monyetla oa hore baahloli ba ba lefise chelete e holimo le ho feta ea qoso. Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ka ho felletseng ho utloa thibelo ea bomolimo mabapi le tšebeliso ea mali. Hase hore li batla ho isa lingaka khotla, empa li tla etsa joalo haeba ho hlokahala ho li thibela hore li qobelle Lipaki ho amohela phekolo eo li e nyatsang.

Batho ka kakaretso ba ntse ba hlokomela ka ho eketsehileng likotsi tse amehang litšelong tsa mali. Ka lehlakoreng le leng ke ka lebaka la ho tšaba AIDS. Leha ho le joalo, Lipaki li susumetsoa ke takatso e tiileng ea ho khahlisa Molimo. Ka 1987 koranta ea Sefora ea bongaka e hatisoang letsatsi le letsatsi ea Le Quotidien du Médecin e itse: “Mohlomong Lipaki tsa Jehova li nepile ka ho hana tšebeliso ea lihlahisoa tsa mali, hobane ke ’nete hore lintho tse ngata tse bakang mafu li ka bakoa ke litšelo tsa mali.”

Boemo bo nkoang ke Lipaki tsa Jehova ha boa thehoa tsebong e phahameng ea bongaka e tsoang ho tsona. Ke feela hore li na le kholiseho ea hore tsela ea Jehova e nepahetse le hore ‘a ke ke a hanela bahlanka ba hae ba tšepahalang letho le molemo.’ (Pes. 19:7, 11; 84:11) Esita le haeba Paki e ka shoa ka baka la ho lahleheloa ke mali—e leng se etsahetseng ka linako tse ling—Lipaki tsa Jehova li na le kholiseho e felletseng ea hore Molimo ha a lebale batho ba hae ba tšepahalang empa o tla ba tsosa bafung hore ba boele ba phele.—Lik. 24:15.

Ha Batho ba Khetha ho Hlokomoloha Litekanyetso tsa Bibele

Batho ba limillione ba ’nile ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, empa hase bona kaofela ba fetohileng Lipaki. Ha batho ba bang ba ithuta litekanyetso tse phahameng tse sebetsang, ba etsa qeto ea hore bona hase bophelo ba mofuta oo ba o batlang. Bohle ba kolobetsoang ba fuoa thupelo e phethahetseng ea lithuto tsa motheo tsa Bibele pele, ebe ka mor’a moo (haholo-holo ho tloha ka 1967) baholo ka phuthehong ba hlahloba lithuto tse joalo le mokolobetsuoa e mong le e mong. Ho etsoa boiteko bohle ba ho kholiseha hore ba kolobetsoang ba utloisisa ka ho hlaka seo boitšoaro ba Bokreste bo se akarelletsang eseng feela thuto. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ba bang ho bona hamorao ba lumella lerato la lefatše ho ba hohela hore ba kene phosong e te-bileng?

Hoo e ka bang mathoasong a 1904, bukeng ea The New Creation, ho ile ha lebisoa tlhokomelo tlhokahalong ea ho nka khato e loketseng bakeng sa ho qoba ho silafatsoa ha boitšoaro ka har’a phutheho. Kutloisiso eo Liithuti tsa Bibele li neng li e-na le eona nakong eo mabapi le mokhoa oa ho sebetsana le bafosi joalokaha o boletsoe ho Mattheu 18:15-17 e ile ea tšohloa. Tumellanong le sena, ka seoelo, ho ne ho e-ba le ‘liqoso tsa kereke’ tseo ho tsona ho neng ho hlahisoa bopaki ba liphoso tse tebileng ka pel’a phutheho eohle. Lilemo tse seng kae hamorao, tokollong ea oona ea May 15, 1944, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa hlahloba taba ena o ipapisitse le Bibele ka kakaretso ’me oa bontša hore litaba tse joalo tse amang phutheho li lokela ho rarolloa ke baena ba fuoeng boikarabelo ba ho hlokomela phutheho. (1 Ba-Kor. 5:1-13; bapisa le Deuteronoma 21:18-21.) O ile oa lateloa ke Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 1, 1952, tlas’a lihlooho tse ileng tsa hatisa tlhokahalo ea ho nka khato ea ho boloka mokhatlo o hlophisitsoeng o hloekile eseng feela mekhoa e loketseng ho lateloa. Khafetsa ho tloha nakong eo, taba ena e ’nile ea hlokomeloa. Empa sepheo e ’nile ea e-ba se tšoanang ka linako tsohle: (1) ho boloka mokhatlo o hlophisitsoeng o hloekile le (2) ho hatisa ka ho mofosi tlhoko ea ho bontša pako e tiileng, ka morero oa ho mo tsosolosa.

Lekholong la pele la lilemo, ho ne ho e-na le ba bang ba lahlang tumelo hore ba phele bophelo bo hlephileng. Ba bang ba ne ba khelosoa ke lithuto tsa bokoenehi. (1 Joh. 2:19) Ntho e tšoanang e ntse e tsoela pele ho etsahala har’a Lipaki tsa Jehova lekholong lena la bo20 la lilemo. Ka masoabi, morao tjena ho ’nile ha hlokahala hore bafosi ba sa bakeng ba mashome a likete ba khaoloe selemo le selemo. Baholo ba hlahelletseng ba ’nile ba kopanyelletsoa har’a bona. Litlhokahalo tse tšoanang tsa Mangolo li sebetsa ho bohle. (Jak. 3:17) Lipaki tsa Jehova lia hlokomela hore ho boloka mokhatlo o hlophisitsoeng o hloekile boitšoarong ke habohlokoa e le hore o ka tsoela pele o amoheloa ke Jehova.

Ho Apara Botho bo Bocha

Jesu o ile a khothalletsa batho hore ba se ke ba hloeka ka ntle feela empa ba hloeke le ka hare. (Luka 11:38-41) O ile a bontša hore lintho tseo re li buang le tseo re li etsang ke pontšo ea se ka pelong. (Matt. 15:18, 19) Joalokaha moapostola Pauluse a hlalositse, haeba kannete re rutoa ke Kreste, re tla ‘nchafala matleng a susumetsang likelello tsa rōna’ ’me re tla ‘apara botho bo bocha, bo bōpiloeng ho latela thato ea Molimo ka ho loka ha ’nete le botšepehi.’ (Ba-Ef. 4:17-24, NW) Ba rutoang ke Kreste ba batla ho fumana “boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a bileng le bona” e le hore ba ka nahana le ho etsa lintho joaloka eena. (Ba-Roma 15:5, NW) Boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova e le batho ka bomong bo bonahatsa hore na ha e le hantle li entse sena ho isa bohōleng bofe.

Lipaki tsa Jehova ha li bolele hore boitšoaro ba tsona ha bo na liphoso. Empa li etsa boiteko bo tiileng ba ho etsisa Kreste ha li ntse li ipapisa le tekanyetso e phahameng ea Bibele ea boitšoaro. Ha li hane hore ho na le batho ba itseng ba sebelisang litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro bophelong ba bona. Empa tabeng ea Lipaki tsa Jehova, ha li etse joalo feela motheong oa motho ka mong empa li boetse li etsa joalo e le mokhatlo o hlophisitsoeng oa machaba hoo li hlokomeloang habonolo ka baka la boitšoaro bo lumellanang le litekanyetso tsa Bibele. Li susumetsoa ke keletso e bululetsoeng e tlalehiloeng ho 1 Petrose 2:12: “Le be le motsamao o motle har’a bahedene, hore . . . ba rorise Molimo mohla o ba etelang, ha ba bontšisa mesebetsi ea lōna e metle.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa October 15, 1941, taba ena e ile ea tšohloa hape, e batla e khutsufalitsoe, tlas’a sehlooho se reng “Sebōpeho sa Botho Kapa Botšepehi—Hofe?”

b Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa April 15, 1951, o ile oa hlalosa bohlola e le “likamano tsa botona le botšehali tsa boithatelo pakeng tsa motho ea seng lenyalong le motho e motona kapa e motšehali ho fapana le eena.” Tokollo ea January 1, 1952, (ea Senyesemane) e ile ea phaella ka hore ho latela Mangolo lentsoe leo le ka boela la sebelisoa bakeng sa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ho motho ea leng lenyalong.

c Litlhaloso tsa pele tsa khalalelo ea mali li ile tsa hlaha ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 15, 1927, hammoho le Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 1, 1944, o ileng oa bua ka litšelo tsa mali ka ho toba.

d Contemporary Surgery, March 1990, maq. 45-9; The American Surgeon, June 1987, maq. 350-6; Miami Medicine, January 1981, leq. 25; New York State Journal of Medicine, October 15, 1972, maq. 2524-7; The Journal of the American Medical Association, November 27, 1981, maq. 2471-2; Cardiovascular News, February 1984, leq. 5; Circulation, September 1984.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 172]

“Li na le litekanyetso tse tsotehang tsa boitšoaro”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 174]

Na le ka mohla ho kile ha ba le lipelaelo mabapi le kamoo bosodoma bo talingoang ka teng?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 175]

Ho hlepha ha boitšoaro ba lefatše ha hoa etsa hore Lipaki li iketsetse bōrata ka ho eketsehileng

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 176]

Ba bang ba ne ba leka ho ba Lipaki ntle le ho tlohela sethepu

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 177]

Lenaneo le matla la ho ruta pono ea Jehova ka tlhalo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 178]

Liphetoho tse khōlō bophelong ba batho

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 181]

Koae—Che!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 182]

Lino tse tahang—ka ho itekanetseng, haeba motho a khetha ho li sebelisa

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 183]

Ho ikemisetsa ka tieo ho se amohele mali

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 187]

Ho khaoloa—e le ho boloka mokhatlo o hlophisitsoeng o hloekile

[Lebokose le leqepheng la 173]

‘Ho Hōlisa Sebōpeho sa Botho’—Hase ka Mehla Litholoana li neng li le Molemo

Tlaleho e tsoang Denmark: ‘Ba bangata, haholo-holo har’a metsoalle e seng e hōlile, ka boiteko bo tiileng ba ho apara botho ba Bokreste, ba ile ba loanela ho qoba ntho leha e le efe e nang le tšusumetso e nyenyane ea lefatše ’me ka tsela ena ba ne ba iketsa hore ba tšoanelehe bakeng sa ’Muso oa leholimo. Hangata, ho ne ho nkoa e le ntho e sa tšoaneleheng ho bososela nakong ea liboka, ’me baena ba bangata ba seng ba hōlile ba ne ba apara lisutu tse ntšo feela, lieta tse ntšo, lithae tse ntšo. Hangata ba ne ba khotsofalletse ho phela bophelo bo khutsitseng le bo nang le khotso Moreneng. Ba ne ba lumela hore ho lekane ho tšoara liboka ebe ba tlohela barekisi ba libuka tsa bolumeli ho etsa boboleli.’

[Lebokose le leqepheng la 179]

Seo ba Bang ba se Bonang ho Lipaki

◆ “Münchner Merkur,” koranta ea Sejeremane, e tlalehile sena mabapi le Lipaki tsa Jehova: “Ke batho ba tšepahalang ka ho fetisisa le ba lefang makhetho ka nako e loketseng Rephabliking e Kopaneng. Kutlo ea tsona melaong e bonahala tseleng eo li khannang ka eona hammoho le lenaneng la tlōlo ea molao. . . . Li utloa ba boholong (batsoali, matichere, ’muso). . . . Li tšehelitsoe ke Bibele, e leng motheo oa sohle seo li se etsang.”

◆ Majoro oa Lens, Fora, o ile a re ho Lipaki ka mor’a hore li sebelise lebala la lipapali bakeng sa ho tšoara e ’ngoe ea likopano tsa tsona: “Seo ke se ratang ke hore le boloka litšepiso le litumellano tsa lōna, ’me ka holim’a seo, le hloekile, le laolehile, ’me le hlophisehile. Ke rata mokhatlo oa lōna. Ke khahlanong le moferefere, ’me ha ke rate batho ba tsamaeang ba silafatsa le ba senyang lintho.”

◆ Buka ea “Voices From the Holocaust” e na le likhopotso tsa letsoalloa la Poland le bileng likampong tsa mahloriso tsa Auschwitz le Ravensbrück le ngotseng sena: “Ke bone batho bao e bileng ba molemo ka ho fetisisa le batho ba bileng lonya ka ho fetisisa. Sehlopha se molemo ka ho fetisisa e bile Lipaki tsa Jehova. Batho bao ke ba rōlela khaebana. . . . Ba etselitse batho ba bang lintho tse hlollang. Ba thusitse ba kulang, ba arolelana le ba bang bohobe, ba fa e mong le e mong ea haufi le bona matšeliso a moea. Majeremane a ne a ba hloile ’me ka nako e tšoanang a ba hlompha. Majeremane a ile a ba fa mosebetsi o mobe ka ho fetisisa empa ba ile ba o amohela ka matsoho a mabeli.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela