-
Basebetsi Tšimong ea MeraraMolula-Qhooa—1989 | August 15
-
-
Mong’a ntlo, kapa mong’a tšimo ea merara, ke Jehova Molimo, ’me tšimo ea merara ke sechaba sa Iseraele. Basebetsi tšimong ea merara ke batho ba tlisoang selekaneng sa Molao; ka ho khethehileng ke Bajode bao ba phelang mehleng ea baapostola. Ke feela le basebetsi ba letsatsi lohle moo ho etsoang tumellano ea moputso. Moputso ke denare bakeng sa mosebetsi oa letsatsi. Kaha “hora ea boraro” ke 9:00 hoseng, ba bitsitsoeng ka hora ea bo3, ea bo6, le ea bo11 ba sebetsa, ka ho latellana, lihora tse 9, 6, 3, le 1 feela.
Basebetsi ba lihora tse 12, kapa ba letsatsi lohle, ba emela baeta-pele ba Bajode ba ’nileng ba tšoareha ka ho tsoelang pele tšebeletsong ea bolumeli. Ba fapane le barutuoa ba Jesu, ba ’nileng ba hiroa mesebetsing ea ho tšoasa litlhapi kapa e meng ea boipheliso, hoo e ka bang boholo ba bophelo ba bona. Ha e-ea ka ea e-ba ho fihlela ka 29 C.E. ha “mong a ntlo” a romela Jesu Kreste ho bokella bana ho ba barutuoa ba hae. Ka hona ba ile ba fetoha “ba morao,” kapa basebetsi ba tšimo ea merara ba hora ea bo11.
-
-
Basebetsi Tšimong ea MeraraMolula-Qhooa—1989 | August 15
-
-
Ho amoheloa ha denare ho etsahetse, e seng ka lefu la Jesu, empa ka Pentakonta 33 C.E., ha Kreste, “mohlahlobi oa ntlo,” a tšollela moea o halalelang ho barutuoa ba hae. Barutuoa bana ba Jesu ba ne ba tšoana le “ba morao,” kapa basebetsi ba hora ea bo11. Denare e ne e sa emele mpho ea moea o halalelang ka booona. Denare e ne e le ntho e ’ngoe bakeng sa hore barutuoa ba e sebelise mona lefatšeng. E ne e le ntho e ’ngoe e neng e bolela bophelo ba bona, bophelo ba bona bo sa feleng. E ne e le tokelo ea ho ba Moiseraele oa moea, ba tlotselitsoe ho bolela ka ’Muso oa Molimo.
-
-
Basebetsi Tšimong ea MeraraMolula-Qhooa—1989 | August 15
-
-
Na phethahatso eo ea lekholong la pele la lilemo ke eona feela phethahatso ea papiso ea Jesu? Che, baruti ba Bokreste-’mōtoana lekholong lena la bo20 la lilemo, ka lebaka la boemo ba bona le boikarabello ba bona, e bile “ba pele” ba ho hireloa mosebetsi tšimong ea Molimo ea merara ea tšoantšetso. Ba ile ba nka baboleli ba inehetseng ba kopanelang le Watch Tower Bible and Tract Society e le “ba morao” ba ho fumana kabelo leha e le efe ea bohlokoa tšebeletsong ea Molimo. Empa, ha e le hantle, ke bona bana bao baruti ba ba nyelisitseng ba ileng ba fumana denare—tlotla ea ho sebeletsa e le baemeli ba tlotsitsoeng ba ’Muso oa Molimo oa leholimo. Mattheu 19:30–20:1-16.
-